Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 2/02 leq. 7
  • Batho ba Thabileng ka ho Fetisisa Lefatšeng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Batho ba Thabileng ka ho Fetisisa Lefatšeng
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Thaba ba Sebeletsang “Molimo ea Thabileng”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
  • Ke Eng e ka U Thusang Hore U Thabe?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
  • Kamoo re ka Fumanang Thabo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Thabo ea ’Nete ea ho Sebeletsa Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
km 2/02 leq. 7

Batho ba Thabileng ka ho Fetisisa Lefatšeng

1 “Ho thaba batho bao Molimo oa bona e leng Jehova!” (Pes. 144:15) Mantsoe ao a hlalosa Lipaki tsa Jehova e le batho ba thabileng ka ho fetisisa lefatšeng. Ha ho na thabo e fetang e tlisoang ke ho sebeletsa Molimo a le mong feela oa ’nete ea phelang, Jehova. Kaha ke “Molimo ea thabileng,” ba mo rapelang ba bonahatsa thabo ea hae. (1 Tim. 1:11) Tse ling tsa litšobotsi tsa borapeli ba rōna tse etsang hore re thabe hakaale ke life?

2 Mabaka a ho Thaba: Jesu o ile a re tiisetsa hore thabo e tlisoa ke ho ‘ela hloko tlhoko ea rōna ea moea.’ (Mat. 5:3) Ho ithuta Bibele re sa khaotse le ho ba teng libokeng tsohle tsa Bokreste ho khotsofatsa tlhoko eo. Ho ithuta ’nete ea Lentsoe la Molimo ho re lokolotse mashanong a bolumeli le liphosong tsa bona. (Joh. 8:32) Mangolo a boetse a re rutile tsela e molemohali ea ho phela. (Esa. 48:17) Ka lebaka leo, re thabela botsoalle ba Bokreste bo molemo ha re le hammoho le barab’abo rōna ba thabileng.—1 Bathes. 2:19, 20; 1 Pet. 2:17.

3 Re fumana khotsofalo e khōlō ka ho boloka litekanyetso tse phahameng tsa Molimo, hobane rea tseba hore sena sea re sireletsa ’me se thabisa Jehova. (Liprov. 27:11) Moqolotsi e mong oa litaba tsa likoranta o itse: “Ho sa tsotellehe litekanyetso tsohle tsa tsona tse thata-thata, Lipaki tsa Jehova li bonahala li thabile. Ke tse fapaneng. Ba banyenyane hammoho le ba baholo [ba leng har’a tsona] ba shebahala ba e-na le thabo e sa tloaelehang ba bile ba tsitsitse hantle.” Re ka thusa ba bang joang ho kopanela thabong ea rōna?

4 Thusa ba Bang Hore ba Thabe: Lefatše le tletse masoabi, ’me batho ka kakaretso ha ba na tšepo ka bokamoso. Leha ho le joalo, re na le tebello e khanyang, re tseba hore ka letsatsi le leng masoabi ’ohle a tla fela. (Tšen. 21:3, 4) Ka lebaka leo, re kopanela tšebeletsong ka cheseho, re batla batho ba lipelo li tšepahalang bao re ka ba bolellang ka tšepo ea rōna le ka seo re se lumelang mabapi le Jehova.—Ezek. 9:4.

5 Morali’abo rōna oa pula-maliboho o itse: “Ha ho letho le khotsofatsang ho feta ho thusa batho ho tseba Jehova le ’nete ea hae.” A re etseng sohle seo re ka se khonang ho khothalletsa ba eketsehileng ho lumela ho ithuta Bibele. Ho sebeletsa Jehova le ho itella ho thusa ba bang ho mo sebeletsa, ho tlisa thabo e fetisisang.—Lik. 20:35.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela