Thabo ea ’Nete ea ho Sebeletsa Jehova
“Ho lehlohonolo [“ho thabile,” “NW”] eo Molimo oa Jakobo e leng thuso ea hae, eo tšepo ea hae e beiloeng ho Jehova, Molimo oa hae!”—PESALEME EA 146:5.
1, 2. Ho ’nile ha thoe’ng ka tlhaloso ea thabo, ’me thabo e bolela’ng ho batho ba bangata kajeno?
THABO ke eng? Bahlophisi ba libuka tse hlalosang mantsoe, bo-rafilosofi, le litsebi tsa thuto ea bolumeli ba ’nile ba leka ho e hlalosa ka lilemo tse makholo-kholo. Empa ha baa fana ka tlhaloso eo bohle ba lumellanang ka eona. Encyclopædia Britannica ea lumela: “‘Thabo’ ke le leng la mantsoe a potelletseng ka ho fetisisa.” Kamoo ho bonahalang ka teng thabo e bolela lintho tse fapaneng ho batho ba fapaneng, e itšetlehile ka pono ea bona bophelong.
2 Ho batho ba bangata thabo e itšetlehile ka ho phela hantle ’meleng, maruo a lintho tse bonahalang, le setsoalle se monate. Leha ho le joalo, ho na le batho ba nang le lintho tseo kaofela empa ba sa thaba. Ho banna le basali ba inehetseng ho Jehova Molimo, Bibele e fana ka khopolo ea thabo e fapaneng haholo le pono e tloaelehileng.
Pono e Fapaneng ka Thabo
3, 4. (a) Ke bo-mang bao Jesu a itseng ba thabile? (b) Ho ka thoe’ng mabapi le lintho tse tlisang thabo tseo Jesu a li boletseng?
3 Thutong ea hae ea Thabeng, Jesu Kreste ha a ka a re thabo e itšetlehile ka ho phela hantle ’meleng, maruo a lintho tse bonahalang, joalo-joalo. O itse batho ba thabileng kannete ke ba “elang tlhoko ea bona ea moea hloko” le ba “lapetseng le ho nyoreloa ho loka.” Se amanang le lintho tsena tse peli tse hlokahalang tse tlisang thabo ea ’nete ke polelo ea Jesu eo ho bonahalang eka ea ikhanyetsa: “Ho thabile ba hlonameng, kaha ba tla tšelisoa.” (Mattheu 5:3-6, NW) Ka ho hlakileng, Jesu o ne a sa bolele hore ha batho ba lahlehetsoe ke eo ba mo ratang ho ne ho tla itlisa hore ba thabe. Ho fapana le hoo, o ne a bua ka ba ngongorehisoang ke boemo ba bona ba boetsalibe le liphello tsa bona.
4 Moapostola Pauluse o buile ka libōpuoa tse batho tse feheloang tlas’a sebe motheong oa tšepo ea hore li tla “holloa bohlankeng ba tšenyeho.” (Ba-Roma 8:21, 22) Batho ba amohelang tokisetso ea Jehova ea ho phekola libe ka sehlabelo sa Kreste sa thekollo le ba etsang thato ea Molimo ba entsoe hore ba tšelisehe kannete ’me ba fumane thabo. (Ba-Roma 4:6-8) Thutong ea Thabeng, Jesu o boetse a re “ba nang le botho bo bonolo,” “ba mohau,” “ba hloekileng pelong,” le “ba bōpang khotso” ba thabile. O ile a fana ka tiiso ea hore le hoja batho ba joalo ba ikokobelitseng ba hlorisoa, ba ke ke ba lahleheloa ke thabo ea bona. (Mattheu 5:5-11, NW) Ke ho thahasellisang ho hlokomela hore lintho tsena tse phahameng tse tlisang thabo li beha barui le mafutsana boemong bo lekanang.
Motheo oa Thabo ea Sebele
5. Motheo oa thabo ea bahlanka ba Molimo ba inehetseng ke ofe?
5 Mohloli oa thabo ea ’nete ha oa thehoa leruong la lintho tse bonahalang. Morena Salomone ea bohlale o itse: “Lehlohonolo la Jehova le entša motho, hase mokhathala oa hae o mo ekeletsang leruo.” (Liproverbia 10:22) Ho libōpuoa tse amohelang bobusi ba Jehova ba bokahohle, thabo e ke ke ea ba teng ka ntle ho tlhohonolofatso ea Molimo. Motho ea inehetseng ea nang le tlhohonolofatso ea Jehova le ea utloang tlhohonolofatso ea hae ho eena o thabile kannete. Thabo ha e talingoa ho latela se boleloang ke Bibele, e akarelletsa boikutlo ba boiketlo, khotsofalo, le ho kholoa tšebeletsong ea Jehova.
6. E le hore batho ba Jehova ba ka thaba kannete ho hlokahala eng ho bona?
6 Thabo ea ’nete e itšetlehile ka kamano e nepahetseng le Jehova. E thehiloe holim’a lerato ho Molimo le botšepehi ho oona. Bahlanka ba Jehova ba inehetseng ba tšehetsa mantsoe a Pauluse ka lipelo tsohle: “Ha ho motho ho rōna ea iphelelang, . . . re phelela Morena, . . . re ba Morena.” (Ba-Roma 14:7, 8) Ka hona, thabo ea ’nete e ke ke ea fumanoa ntle le ho bontša kutlo ho Jehova le ho ikokobeletsa thato ea hae ka nyakallo. Jesu o itse: “Ho lehlohonolo [“ho thabile,” NW] ba utloang lentsoe la Molimo, ’me ba le boloka.”—Luka 11:28.
Lintho tse Feto-fetohang tse Tlisang Thabo
7, 8. (a) Lintho tse tlisang thabo li ka aroloa ka likarolo life? (b) Ho ka thoe’ng ka lenyalo le ho beleha bana?
7 Lintho tse boletsoeng ka holimo tse tlisang thabo li ka ’na tsa bitsoa “lintho tsa motheo,” kapa “lintho tse sa fetoheng,” hobane ka linako tsohle lia hlokahala ho bahlanka ba Jehova ba inehetseng. Ho phaella moo, ho na le lintho tseo ho ka ’nang ha thoe ke tse feto-fetohang, lintho tseo ka nako e ’ngoe li ka ’nang tsa tlisa thabo empa ka nako e ’ngoe tsa tlisa e fokolang kapa tsa se ke tsa e tlisa ho hang. Mehleng ea bapatriareka le ea pele ho Bokreste, lenyalo le ho beleha bana li ne li nkoa li hlokahala bakeng sa ho fumana thabo. Sena se bonahala boipiletsong bo matla ba Ragele ho Jakobo: “Mphe bana, ho seng joalo ke tla shoa!” (Genese 30:1, BPN) Ho ba le boikutlo bona ka bana ho ne ho lumellana le morero oa Jehova nakong eo.—Genese 13:14-16; 22:17.
8 Lenyalo le ho beleha bana li ne li nkoa e le mahlohonolo a fanoeng ke Molimo har’a batho ba Jehova ba mehleng ea boholo-holo. Leha ho le joalo, mehleng ea bona maemo ana le a mang a ne a baka tsietsi linakong tsa tlokotsi. (Bapisa Lipesaleme 127, 128 le Jeremia 6:12; 11:22; Lillo 2:19; 4:4, 5.) Ka hona, ho hlakile hore lenyalo le ho beleha bana hase lintho tse tlisang thabo e sa feleng.
Ho Fumana Thabo ka Ntle ho Lenyalo Nakong e Fetileng
9. Ke hobane’ng ha morali oa Jafeta a ile a rorisoa selemo le selemo?
9 Bahlanka ba bangata ba Molimo ba ’nile ba fumana thabo ea ’nete empa ba se lenyalong. Ka baka la ho hlompha kano ea ntat’ae, morali oa Jafeta o ile a lula e le lesoha. Ka nakoana eena le thaka tsa hae ba ile ba llela boroetsana ba hae. Empa o ile a fumana thabo e kaakang ka ho sebeletsa ka nako e tletseng tlung ea Jehova, mohlomong a sebeletsa har’a “basali ba sebetsang, ba neng ba e-tla tšebeletsong ka lihlopha, monyako oa tente ea pōkano”! (Exoda 38:8) O ile a rorisoa selemo le selemo ka baka la sena.—Baahloli 11:37-40.
10. Jehova o ile a hloka hore Jeremia a etse’ng, ’me na ho bonahala eka o ile a phela bophelo bo sa thabiseng ka baka la seo?
10 Ka baka la linako tse mahlonoko tseo moprofeta Jeremia a neng a phela ho tsona, Molimo o ile oa hloka hore a tele ho nyala le ho hōlisa bana. (Jeremia 16:1-4) Empa Jeremia o ile a latsoa bonnete ba mantsoe a Molimo: “Ho lehlohonolo motho ea itšepetseng Jehova, eo tšepo ea hae e leng Jehova.” (Jeremia 17:7) Ho pholletsa le lilemo tse fetang 40 tsa ho sebeletsa joaloka moprofeta, Jeremia o ile a sebeletsa Molimo ka botšepehi e le lesoha. Ho latela seo re se tsebang, ha ho mohla a kileng a nyala le ho ba le bana. Leha ho le joalo, ke mang ea ka belaellang hore Jeremia o ne a thabile, joaloka masala a tšepahalang a Bajode a ileng a ‘etsa litlatse tsa thabo ka baka la molemo oa Jehova’?—Jeremia 31:12.
11. Mehlala e meng ea Mangolo ea bahlanka ba tšepahalang ba Jehova ba neng ba thabile le hoja ba ne ba se na balekane ba lenyalo ke efe?
11 Batho ba bang ba bangata ba ’nile ba sebeletsa Jehova ka thabo empa ba se na balekane ba lenyalo. Mohlomong e ne e le masoha, kapa e le bahlolohali ba banna kapa ba basali. Har’a bona ke moprofeta Anna; mohlomong le Dorkase, kapa Tabitha; moapostola Pauluse; le mohlala o moholo ka ho fetisisa—Jesu Kreste.
Ho ba Lesoha Empa Motho a Thabile Kajeno
12. Bahlanka ba bang ba Jehova ba thabileng le ba inehetseng ba ’nile ba bula monyetla bakeng sa eng kajeno, hona hobane’ng?
12 Kajeno, Lipaki tsa Jehova tse likete-kete li sebeletsa Molimo ka botšepehi empa li se na balekane ba lenyalo. Tse ling li ’nile tsa khona ho amohela memo ena ea Jesu: “Ea ka bulang monyetla bakeng sa hoo [mpho ea bosoha] a ke a o bule.” Li ’nile tsa etsa sena “ka baka la ’muso oa maholimo.” (Mattheu 19:11, 12, NW) Ke hore, li ’nile tsa sebelisa tokoloho ea tsona eo li e fuoeng ke Molimo hamolemo ka ho sebelisa nako le matla a eketsehileng ho ntšetseng lithahasello tsa ’Muso pele. Ba bangata ho tsona ba sebeletsa joaloka bo-pula-maliboho, baromuoa, kapa litho tsa lelapa la Bethele ntlo-khōlōng ea lefatše ea Mokhatlo oa Watch Tower kapa ho le leng la makala a eona.
13. Ke mehlala efe e bontšang hore Mokreste a ka lula e le lesoha ’me a thabile?
13 Khaitseli e mong oa lesoha ea hōlileng ea ratehang o ile a ngola pale ea bophelo ba hae tlas’a sehlooho se reng “Lesooa le Thabetseng Bopula-maliboho.” (Molula-Qhooa, May 1, 1985, maqephe 23-6) Khaitseli e mong oa lesoha ea qetileng lilemo tse fetang 50 a sebeletsa Bethele o itse: “Ke ikutloa ke khotsofetse ka ho feletseng ka bophelo ba ka le mosebetsi oa ka. Hona joale ke tšoarehile ho feta leha e le neng pele mosebetsing oo ke o ratang haholo. Ha ke ikoahlaee ka letho. Ke ne ke tla etsa qeto ena hape.”—Molula-Qhooa, December 1, 1982, leqephe 16.
14, 15. (a) Ho latela se boletsoeng ke moapostola Pauluse, e le hore motho a ka lula e le lesoha ho hlokahala eng? (b) Ke hobane’ng ha Pauluse a re motho oa lesoha o etsa “hamolemonyana” ebile o “thabile haholoanyane”?
14 Hlokomela lentsoe leo “qeto.” Pauluse o ngotse: “Haeba mang kapa mang a lutse a tsitsitse pelong ea hae, a se na tlhokahalo ea letho, empa a laola thato ea hae ’me a entse qeto ena pelong ea hae, ea ho boloka bosoha ba hae, o tla be a etsa hantle. Ka baka leo le eena ea fanang ka bosoha ba hae lenyalong o etsa hantle, empa ea sa faneng ka bona lenyalong o tla be a etsa hamolemonyana.” (1 Ba-Korinthe 7:37, 38, NW) Ke hobane’ng ha a re o tla be a etsa “hamolemonyana”? Pauluse o hlalositse: “Ke batla hore le lokolohe matšoenyehong. Monna ea sa nyalang o tšoenyeha ka lintho tsa Morena, hore na a ka fumana kamohelo ea Morena joang. . . . Ho phaella moo, mosali ea sa nyaloang, le moroetsana, o tšoenyeha ka lintho tsa Morena . . . Empa ke bolela sena molemong oa lōna oa botho, . . . ho le susumelletsa ho se tšoanelehang le se bolelang ho hlokomela lintho tsa Morena ka mehla ntle ho tšitiso.”—1 Ba-Korinthe 7:32-35, NW.
15 Na “ho hlokomela lintho tsa Morena ka mehla ntle ho tšitiso” ka morero oa ‘ho fumana kamohelo ea Morena’ ho amana le thabo? Mohlomong Pauluse o ne a nahana joalo. Ha a bua ka mohlolohali oa Mokreste, o itse: “O lokolohile ho nyaloa ke mang kapa mang eo a mo ratang, Moreneng feela. Empa ho latela pono ea ka, o thabile haholoanyane haeba a lula a le joalo. Ka sebele ke nahana hore le ’na ke na le moea oa Molimo.”—1 Ba-Korinthe 7:39, 40, NW.
Melemo ea ho se Kene Lenyalong
16. Melemo e meng eo bahlanka ba Jehova ba seng lenyalong ba e thabelang ke efe?
16 Ebang Mokreste ke lesoha hobane a ikhethetse joalo kapa hobane a qobelloa ke maemo, ho se kene lenyalong ho tlisa melemo e mengata ea botho. Ka tloaelo batho ba masoha ba ba le nako e ngata ea ho ithuta Lentsoe la Molimo le ho thuisa ka lona. Haeba ba sebelisa boemo bona hamolemo, bomoea ba bona boa matlafala. Ba bangata ha ba se na molekane oa lenyalo eo ba ka arolelanang mathata a bona le eena, ba ithuta ho itšetleha ka Jehova haholoanyane le ho batla tataiso ea hae linthong tsohle. (Pesaleme ea 37:5) Sena se etsa hore ba be le kamano e haufi-ufi le Jehova.
17, 18. (a) Bahlanka ba Jehova ba seng lenyalong ba bulehetsoe ke menyetla efe ea tšebeletso e khōloanyane? (b) Bahlanka ba bang ba Jehova ba seng lenyalong ba ’nile ba hlalosa thabo ea bona joang?
17 Bakreste ba seng lenyalong ba ba le menyetla ea ho etsa tšebeletso e khōloanyane bakeng sa thoriso ea Jehova. Koetliso e khethehileng eo hona joale e fanoang Sekolong sa Koetliso ea Bosebeletsi e lekanyelitsoe ho baena ba masoha kapa bahlolohali. Bo-khaitseli ba masoha le bona ba lokolohile haholoanyane hore ba ka hahamalla litokelo tšebeletsong ea Molimo. Khaitseli ea hōlileng ea boletsoeng pejana o ile a ithaopela ho sebeletsa naheng e ’ngoe ea Afrika nakong eo, ha re qotsa mantsoe a hae, e neng e se e le “mosali ea fokolang ea lilemo tse ka holimo ho 50.” ’Me o ile a lula moo, esita le nakong ea thibelo, ha baromuoa bohle ba lelekoa. O sa ntsane a sebeletsa moo e le pula-maliboho, le hoja hona joale a se a le lilemo tse ka holimo ho 80. Na o thabile? Paleng ea bophelo ba hae o ile a ngola: “Ke ne ke khona ho sebelisa tokoloho e eketsehileng le mokoka o fanoang ke bosoha bakeng sa ho ipoloka ke tšoarehile tšebeletsong, ’me sena se ntliselitse thabo e khōlō. . . . Kamano ea ka le Jehova e tebile ho theosa le lilemo. Ke le mosali oa lesoha naheng ea Afrika, ke mo bone e le Mosireletsi.”
18 Mantsoe a moena e mong ea sebelelitseng ntlo-khōlō ea Mokhatlo oa Watch Tower ka lilemo tse mashome-shome le ’ona ke a ikhethang. O ne a thabile, empa ho se mohla a kileng a nyala le hoja a ne a bile a e-na le tšepo ea leholimong e se nang tebello ea lenyalo. Ha a le lilemo li 79, o ngotse: “Letsatsi le letsatsi ke kōpa Ntate oa rōna oa leholimo ea ratehang ka thapelo hore a mphe thuso le bohlale ba ho ipoloka ke phetse hantle moeeng hammoho le nameng ’me ke le matla e le hore nka tsoela pele ho etsa thato ea hae e halalelang. Lilemong tsena tse fetileng tse 49 tšebeletsong ea Jehova ka sebele ke phetse bophelo bo thabisang, bo putsang le bo hlohonolofalitsoeng. Ka mosa oa Jehova o sa tšoanelang ke lebelletse ho ntšetsa pele tšebeletso ea ka molemong oa hore a hlomphuoe ’me a tlotlisoe le molemong oa tlhohonolofatso ea batho ba hae. . . . Thabo ea Jehova e nthusa ho tsoela pele ke loana ntoa e ntle ea tumelo, ha ke ntse ke lebelletse nako eo ka eona lira tsa Jehova li tla beng li le sieo ’me lefatše lohle le tletse khanya ea hae.”—Numere 14:21; Nehemia 8:10; The Watchtower, November 15, 1968, maqephe 699-702.
Thabo ea ’Nete e Itšetlehile ka Eng?
19. Ka linako tsohle thabo ea rōna e tla itšetleha ka eng?
19 Kamano ea rōna e hlollang le Jehova, kamohelo ea hae, le tlhohonolofatso ea hae—tsena ke lintho tse tla re tlisetsa thabo ea ’nete ka ho sa feleng. Ka ho ba le pono ena e nepahetseng ka se hlahisang thabo ea sebele, esita le bahlanka ba Jehova ba keneng lenyalong baa hlokomela hore lenyalo la bona hase ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba bona. Ba utloa keletso ea moapostola Pauluse: “Seo ke se bolelang, banab’eso, ke hoba, joale, nako e khutšoanyane; e le hore ba nang le basali ba be joale ka hoja ba se na bona.” (1 Ba-Korinthe 7:29) Sena ha se bolele hore ba hlokomolohe basali ba bona. Banna ba Bakreste ba hōlileng moeeng ba etelletsa tšebeletso ea Jehova pele, ho joalo le ka basali ba bona ba tšabang Molimo, ba lerato, le ba ba tšehetsang, ba bang ba bile ba sebeletsa ka nako e tletseng e le batlatsi ba banna ba bona.—Liproverbia 31:10-12, 28; Mattheu 6:33.
20. Bakreste ba bangata ba na le boikutlo bofe bo nepahetseng ka litokelo tsa bona tsa lenyalo?
20 Baena ba nyetseng bao e leng balebeli ba tsamaeang, baithaopi ba Bethele, baholo ba phutheho—ha e le hantle, Bakreste bohle ba keneng lenyalong ba etelletsang lithahasello tsa ’Muso pele—ha ba ‘sebelise lefatše ka botlalo’; ba loanela ho matahanya litokelo tsa bona tsa lenyalo le bophelo ba bona ba tšebeletso ea boinehelo ho Jehova. (1 Ba-Korinthe 7:31) Leha ho le joalo, ba thabile. Hobane’ng? Hobane lebaka le ka sehloohong la thabo ea bona hase lenyalo la bona empa ke tšebeletso ea bona ho Jehova. ’Me banna le basali ba bangata ba tšepahalang—e, hammoho le bana ba bona—ba thabela hore ebe ho joalo.
21, 22. (a) Ho latela se boletsoeng ke Jeremia 9:23, 24, ke eng se lokelang ho re tlatsa thabo? (b) Ke lintho life tse tlisang thabo tse boletsoeng ho Liproverbia 3:13-18?
21 Moprofeta Jeremia o ngotse: “Ho itsoe ke Jehova: Ea leng bohlale a se ke a ithorisa bohlaleng ba hae, ea matla a se ke a ithorisa matleng a hae, mofumi a se ke a ithorisa lefumong la hae. Empa ea ithorisang a ke a ithorisetse hona: ha a etsa ka bohlale, a ntseba, hobane ke ’na Jehova ke etsang mohau, le kahlolo, le ho loka lefatšeng, hobane ke khahlisoa ke tseo, ho bolela Jehova.”—Jeremia 9:23, 24.
22 Ebang re masoha kapa re kene lenyalong, mohloli oa rōna o moholo ka ho fetisisa oa thabo e lokela ho ba tsebo ea rōna ka Jehova le kholiseho ea hore re na le tlhohonolofatso ea hae hobane re etsa thato ea hae. Re boetse re thabile hore ebe re khona ho lemoha se lekanyetsang lintho tsa bohlokoa, lintho tseo Jehova a khahlisoang ke tsona. Morena Salomone ea neng a nyetse sethepu ha a ka a nka lenyalo e le sona feela senotlolo sa thabo. O itse: “Ho lehlohonolo [“ho thabile,” NW] motho ea fumaneng bohlale, ea fihletseng kutloisiso; hobane khoebo ea jona e fetisa silevera, ho ata ha jona ho fetisa ha gauda. Bo fetisa liperela ka bohlokoa, tsohle tse lakatsehang ha li lekane le bona. Bo kakatletse bolelele ba litšiu letsohong le letona, le menono le boholo letsohong le letšehali. Litsela tsa bona ke litsela tse khahlehang, mebila ea bona ke khotso. Ke sefate sa bophelo ho ba bo ruileng, ba bo lotolotsang ba na le lehlohonolo [“ba thabile,” NW].”—Liproverbia 3:13-18.
23, 24. Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore bahlanka bohle ba tšepahalang ba Jehova ba tla thaba tsamaisong e ncha ea lintho?
23 E se eka bao har’a rōna ba leng lenyalong ba ka fumana thabo e sa feleng ho etseng thato ea Molimo. ’Me e se eka baena le bo-khaitseli ba rōna ba ikhethetseng ho ba masoha kapa hobane ba qobelloa ke maemo ba ka mamella liteko tsohle tsa bona ’me ba fumane thabo le boiketlo ha ba ntse ba sebeletsa Jehova hona joale le ka ho sa feleng. (Luka 18:29, 30; 2 Petrose 3:11-13) Tsamaisong e ncha ea lintho ea Molimo e tlang, ho tla phetloa “libuka.” (Tšenolo 20:12) Libuka tsena li tla ba le melao le litaelo tse ncha tse thabisang tse tla tlatsetsa thabong ea batho ba utloang.
24 Ruri, re ka kholiseha hore ‘Molimo oa rōna o thabileng’ o re boloketse lintho tse molemo le tse tsotehang tse tla re tlisetsa thabo e felletseng. (1 Timothea 1:11, NW) Molimo o tla tsoela pele ho ‘fuparolla seatla sa oona le ho khotsofatsa takatso ea lintho tsohle tse phelang.’ (Pesaleme ea 145:16) Ha ho makatse ha ho sebeletsa Jehova ho tlisa thabo ea ’nete ’me ho tla ’ne ho e tlise ka linako tsohle.
U ne U Tla Arabela Joang?
◻ Motheo oa thabo ea bahlanka ba inehetseng ba Jehova ke ofe?
◻ Mehleng ea Bibele, bahlanka ba bang ba neng ba thabile empa ba se lenyalong ke bo-mang?
◻ Ke hobane’ng ha Pauluse a ile a buella bosoha, ’me Bakreste ba bang ba fumane e le bophelo bo thabisang joang?
◻ Ka linako tsohle thabo ea rōna e tla itšetleha ka eng?
◻ Ke hobane’ng ha re lokela ho kholiseha hore batho bohle ba tšepahalang ba tla thaba tsamaisong e ncha?
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Bo-khaitseli ba bangata ba masoha ba sebeletsa Jehova ka thabo e le basebeletsi ba nako e tletseng
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Ho sebeletsa lithahasello tsa Jehova ke mohloli o ka sehloohong oa thabo