Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 2/97 leq. 2
  • Sehopotso—Ketsahalo Ea Bohlokoa Bo Boholo!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Sehopotso—Ketsahalo Ea Bohlokoa Bo Boholo!
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Letsatsi la Bohlokoa ka ho Fetisisa ka 1991
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
  • Jehova oa re Hlohonolofatsa ha re Leka Kahohle ho Ikhopotsa Lefu la Jesu
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2023
  • Ke Hobane’ng ha re ea Sehopotsong?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
  • Ho Thusa Bohle ba Bontšitseng Thahasello
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
km 2/97 leq. 2

Sehopotso—Ketsahalo Ea Bohlokoa Bo Boholo!

1 Ka Sontaha, la 23 March, ka mor’a hore letsatsi le likele, re tla keteka Sehopotso sa lefu la Kreste. (Luka 22:19) Ka sebele ena ke ketsahalo ea bohlokoa bo boholo! Ka ho boloka botšepehi ba hae ho Jehova ho fihlela lefung, Jesu o pakile hore ho ka khoneha hore motho a boloke boinehelo ba bomolimo bo phethahetseng esita le tlas’a khatello e matla haholo, ka ho etsa joalo, a phahamisa tokelo ea bobusi ba Jehova. (Baheb. 5:8) Ho phaella moo, lefu la Kreste le nehelane ka sehlabelo se phethahetseng sa motho se neng se hlokahala bakeng sa ho rekolla moloko oa batho, le nolofalletsa ba sebelisang tumelo ho phela ka ho sa feleng. (Joh. 3:16) Ka ho ba teng Sehopotsong, re ka bontša kananelo ea rōna e tsoang pelong bakeng sa lerato la Jehova le bakeng sa sehlabelo sa Jesu molemong oa rōna.

2 Bohle ba khothalletsoa ho latela lenaneo la ’malo oa Bibele bakeng sa la 18-23 March joalokaha o bontšitsoe ho Almanaka ea Lipaki Tsa Jehova ea 1997. Hape, puisano ea lelapa khaolong ea 112-16 bukeng ea Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela e tla thusa ho lebisa tlhokomelo ea rōna bekeng ea bohlokoa ka ho fetisisa historing ea batho.

3 Na u ka eketsa nako eo u tla e qeta tšebeletsong ea tšimo nakong ea Sehopotso? Bahoeletsi ba bangata ba tla sebelisa ka botlalo monyetla oa mafelo-beke a mahlano a March ho sebeletsa e le bo-pula-maliboho ba thusang. Ke hobane’ng ha u sa be e mong oa bona? Kaofela ha rōna re ka kopanela ka botlalo ho phahamiseng bohlokoa ba ho ba teng Sehopotsong. Kaha se tla ba ka Sontaha, ho tla ba bonolo haholo ho ba bangata ho ba teng. Tiisa hore u mema liithuti tsohle tsa Bibele le batho ba bang ba thahasellang hore ba kopanele le rōna. Arolelana le bona se boletsoeng leqepheng la 127, serapeng sa 18, bukeng ea Tsebo mabapi le letsatsi le le leng la selemo le tlamehang ho ketekoa ka ho khethehileng.

4 Kena ketsahalong ena ea bohlokoa ka ho fetisisa ea 1997 ka kananelo e tebileng bakeng sa sohle seo lefu la Jesu le se bolelang ho rōna. E-ba teng mantsiboeeng a la 23 March, ha Bakreste ba ’nete hohle ka botšepehi ba keteka Sehopotso.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela