Ho Thusa Bohle ba Bontšitseng Thahasello
1 Tumelo le lerato la rōna ho ba bang li tla re susumeletsa ka March ho thusa le ho memela Sehopotsong bohle ba bontšitseng thahasello molaetseng oa ’Muso. Ho hlokahala hore batho ba joalo ba isoe tokisetsong ea Jehova ea poloko, e itšetlehileng ka sehlabelo sa Kreste sa thekollo.—Ba-Heb. 9:28.
2 Ho hotle ho ngola lenane la batho bao u batlang ho ba memela Sehopotsong. Kopanyeletsa motho leha e le ofe ea bang teng libokeng seoelo haesita le eo pele a kileng a ithuta kapa a bontša thahasello ka litsela tse ling. U se ke ua lebala molekane ea sa lumelang le litho tse ling tsa lelapa. Ka mor’a ho ngola lenane, etsa boiteko bo khethehileng ba ho ea ho e mong le e mong ea ngotsoeng. U ka ’na ua kōpa thuso ea baholo ha u etsa liketelo tse ling.
3 U ka re’ng ketelong ea hao?
Ka mor’a tumeliso e mofuthu, u ka ’na ua re:
◼ “Nakong e fetileng, u bontšitse thahasello linthong tsa moea, ’me ke ile ka nahana hore u tla thabela ho memeloa ketsahalong ea bohlokoa. [Neha mong’a ntlo memo e hatisitsoeng ea Sehopotso.] Sehopotso sa lefu la Kreste ke eona feela ketsahalo eo Morena Jesu Kreste a laetseng balateli hore ba hae ba e hopole. Re lebeletse ho ikhopotsa ka seo Kreste a ileng a se finyella ka lefu la hae le kamoo re ka fumanang bophelo bo sa feleng ka lebaka la lona. Selemong se fetileng, ho bile teng batho ba fetang limillione tse 11 sebokeng sena se khethehileng. Nka ba motlōtlō hore le uena u be teng selemong sena.” Tiisa hore u ngola nako le sebaka seo phutheho e tla keteka Sehopotso ho sona. Hape, lokisetsa sepalangoang haeba ho hlokahala.
4 Batho ba qalang ho tla Sehopotsong ba lokela ho ikutloa ba amohelehile. Ba thuse hore ba tloaelane le bahoeletsi ba sebakeng sa lōna ’me u ba tsebise batho leha e le bafe ba thahasellang bao e ka ’nang eaba ba lula haufi le bona. Sena se tla ba khothatsa ha ba tseba hore ho na le batho ba ’maloa motseng ba thahasellang ’nete. Ba memele hore ba lule le lelapa la hao nakong ea mokete oa Sehopotso haeba ho ka khoneha.
5 Ho hlakile hore ho ba teng feela Sehopotsong ho ke ke ha tiisa hore ba tla bolokeha. Empa bakeng sa ba bangata bao u tla ba mema, e ka ba mohato oa bona oa pele ha ba bontša tumelo maling a Jesu a tšolotsoeng. Ha le khutlela hae ho tsoa sebokeng, botsa moeti hore na ebe a ka thabela ho ba teng Sebokeng sa Phatlalatsa le Thutong ea Molula-Qhooa Sontaheng sona sena. Bontša mofuthu ’me u lokele ho thusa. Mo tsebise hore u ikemiselitse ho mo thusa ka tsela leha e le efe eo u ka khonang ka eona. Ha a qala ho kopanela le rōna ka mehla, o tla hatela pele ka potlako moeeng. Re tla ba le thabo le khotsofalo e kaakang ho pholoha ‘mahlomola a maholo’ hammoho le ba bang ba bangata bao mohlomong re ba thusitseng!—Tšen. 7:9, 14.