Feto-fetola Taba ea Hao ha U le Tšebeletsong
1 Ho ’nile ha boleloa hore ho feto-fetola lintho ho natefisa bophelo. Hangata, ho sebetsa taba ka tsela e fapaneng ho ka e etsa hore e thahasellise haholoanyane. Sena sea etsahala le tšebeletsong ea rōna. Haeba re sa ele lintho hloko, linehelano tsa rōna tsa ntlo le ntlo li ka fetoha tse etsoang feela ka tloaelo. Ho pheta likenyeletso tse tšoanang ho ka fetoha ho tenang ho rōna le ho beng ka matlo. Ka baka leo, feto-fetoha tšebeletsong ea hao. Empa u ka finyella see joang?
2 Ho e-na le ho re, ‘Lumela. Re etela baahisane ba rōna ka litaba tse molemo tsa ’Muso,’ ke hobane’ng ha u sa nahane ka litsela tsa ho feto-fetola likenyeletso tsa hao? Buka ea Ho Bea Mabaka e na le letlotlo la boitsebiso ka likenyeletso. Maqepheng 9-15, ho na le likenyeletso bakeng sa lihlooho tse fapaneng tse 18. ’Me ho na le likenyeletso tse peli, tse tharo, kapa tse eketsehileng tse ka etsoang bakeng sa lihlooho tse ngata.
3 Haeba u sebelisa bukana e lekanang le makasine “Na Ruri Molimo oa re Tsotella?,” kenyeletso ena ho tsoa karolong ea “Bophelo/Thabo” leqepheng 13 e ka thusa:
◼ “Re buisana le batho ba hlileng ba amehileng ka boleng ba bophelo kajeno. Ba bangata baa ipotsa, Na ho ka etsahala hore re phele bophelo bo thabileng e le kannete? Bukana ena e fana ka pono e khothatsang le e etsang hore motho a nahane.” Phetla bukana ho leqephe 25, ’me u bale ntlha e le ’ngoe kapa tse peli tse khōlō lirapeng 15 le 16.
4 Bahoeletsi ba bang ba ’Muso—haholo-holo ba banyenyane le ba sa tsoa kopanela, ho kopanyeletsa le ba seng ba hōlile—ba ka ba le katamelo e thahasellisang ha ba le matlong ka ho sebelisa lipampitšana.
Mohoeletsi ea mocha lilemong a ka sebelisa pampitšana “Na Lefatše Lee le Tla Pholoha?” ebe o re:
◼ “Ke u tšoaretse molaetsa o mokhutšoaane ka bokamoso ba lefatše lena. Ke rata ho u fa pampitšana ena e nang le sehlooho Na Lefatše Lee le Tla Pholoha?” Joale mohoeletsi ea hōlileng ea tsamaeang le mohoeletsi ea mocha lilemong a ka etsa qeto ea hore na a ekeletse ka litlhaloso, kapa a buelle sengoliloeng, ho itšetlehile ka tsela eo mong’a ntlo a arabetseng ka eona.
5 Haeba mong’a ntlo a bontša thahasello, mohoeletsi ea hōlileng a ka re:
◼ “Hlokomela litšoantšo tsena tse peli, se seng ke sa sefofane se lihang libomo nakong ea ntoa ha se seng e le sa ngoana ea lapileng tlala ea boja-likata. [Phetla leqepheng 5.] Sheba litšoantšo tsena tsa tšisinyeho ea lefatše le monna ea kulang ea robetseng sepetlele. [Etsa khefu.] Bibele e bontša hore haufinyane lintho tse joalo tse tšabehang li tla fela.” Ebe o bala Tšenolo 21:4, 5 le Pesaleme ea 46:8, 9.
6 Ha u buella buka ea Tlhōrō ea Tšenolo, ke hobane’ng ha u sa totobatse pono e nang le tšepo ka bokamoso e boletsoeng ho Tšenolo 21:3, 4? Ebe u bala serapa 7 ho leqephe 303 bukeng. Botsa mong’a ntlo haeba e tla be e le ho utloahalang ho lumela hore Molimo o tla phethahatsa litšepiso tsena. Puisano e khutšoaane ea boprofeta ba Bibele bo seng bo phethahetse e lokela ho kholisa mong’a ntlo ka matla a Molimo a ho hlohonolofatsa moloko oa motho.
7 Bahoeletsi bohle ba ’Muso ba batla ho nka karolo ho ntšetseng pele lithahasello tsa puso ea Molimo, ho jala peō ea ’nete moo ho ka khonehang le ho hlaolela thahasello e bontšitsoeng. Ha re se re phethile karolo ea rōna, ka thabo re ka siea khōlo leha e ka ba efe ea nakong e tlang tlhokomelong ea Jehova. Re na le litaba tse molemo ka ho fetisisa tseo re ka li arolelang baahisane ba rōna. Ka ho lula re itokisitse ka linako tsohle, re ka feto-fetoha ha re nehelana ka molaetsa oa ’Muso ’me ra bontša temoho ha re nehelana ka likhatiso tsa rōna.