E-ba le Kenyelletso e Susumetsang
1 Molula-Qhooa le Tsoha! li thusa ho jala peō ea ’nete likelellong le lipelong tsa babali. Ka baka leo, re batla ho ba le litsela tse atlehang tsa ho etsa hore limakasine tsena li sale malapeng a batho ba tla rua molemo matlotlong a moea ao li a tšoereng.
2 Ke joang beng ba matlo ba ka susumelletsoang ho amohela le ho bala limakasine tsa rōna? Taba boholo e itšetlehile ka tsela eo re li kenyelletsang ka eona. Litlhahiso tse ntle tsa kamoo re ka lokisetsang likenyelletso tse atlehang li fumanoa bukeng ea Ho Bea Mabaka, maqephe 9-15.
3 Ha u nehelana ka Molula-Qhooa oa October 1, u ka ’na ua leka ho sebelisa tlhahiso ea boraro tlas’a sehlooho “Liketsahalo Tsa Morao-rao” ho maqephe 10-11 bukeng ea Ho Bea Mabaka.
Ka mor’a ho ipolela, u ka re:
◼ “Haeba ho ne ho ka thoe u khethe, ke bothata bofe ho a mangata a talimaneng le lefatše hona joale boo u neng u ka rata ho bo bona bo lokisoa pele?” Mamela karabo ea mong’a ntlo, ’me u lebohe kameho ea hae. Joale mohlomong u ka tsoela pele, u re: “Hlokomela hore na Bibele e fana ka eng e le tharollo ea mathata a joalo. [Bala Esaia 9:6, 7.] Kahoo tharollo ea sebele mathateng a batho e itšetlehile ka puso e lokileng ea Messia, Jesu Kreste.” Ebe u phetla ho leqephe 8 ’me u lebise tlhokomelo ho lirapa tse tharo tsa ho qetela sehloohong sa “Messia—Na ke Tšepo ea Sebele?”
4 Likenyelletso tse ling tse peli tseo u ka li sebelisang ho Molula-Qhooa oa October 1 li fumanoa ho leqephe 11 bukeng ea Ho Bea Mabaka, tlas’a sehlooho “Khiro/Matlo.” U ka bua likhopolo tsena le lipotso ka mantsoe a hao kapa u phete se boletsoeng bukeng ea Ho Bea Mabaka. Ka mor’a ho leboha karabelo ea mong’a ntlo, tsoela pele ka ho abelana le eena ntlha e thahasellisang e boletsoeng serapeng sa pele ho leqephe 4 tlas’a sehloohoana “Na Ebe ha ho Tharollo?” Ebe ha u bala Esaia 65:21-23 u totobatsa mahlohonolo ao puso ea Messia e tlang ho a tlisa.
5 Haeba u sebelisa Tsoha! ea October 8 e buang ka “U ka Hlōla Maikutlo a Fosahetseng,” u ka leka kenyelletso ea boraro tlas’a sehlooho “Bophelo/Thabo” ho leqephe 13 bukeng ea Ho Bea Mabaka. Ka mor’a ho hokela Pesaleme ea 1:1, 2, u ka lebisa tlhokomelo ntlheng e loketseng e makasineng oa Tsoha!
6 Ho ka etsahala hore u teane le beng ba matlo ba bolelang hore ba na le lingoliloeng tsa bona tsa bolumeli. U ka hlalosa hore le rōna re na le lingoliloeng tse sebelisoang ke rōna feela (tse kang Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso); leha ho le joalo, lingoliloeng tsa rōna li baloa ke batho ba limillione bao eseng Lipaki tsa Jehova.
7 Ho 1 Ba-Korinthe 3:6 Pauluse o itse: “’Na, ke hlomile, Apollose eena o noselitse, empa Molimo ke oona o melisitseng.” Haeba re batla hore Jehova a etse hore peō ea ’nete e hōle pelong tsa batho ba thahasellang, re lokela ho lebisa tlhokomeliso tabeng ea ho jala peō ena ka katleho ka ho sebelisa likenyelletso tse susumetsang.