Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 1/93 leq. 1
  • Na U ka Sebeletsa U le Pula-maliboho?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U ka Sebeletsa U le Pula-maliboho?
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tšebeletso ea Bopula-maliboho—Na e U Loketse?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
  • Bo-pula-maliboho Ba Fana ka Mahlohonolo Ebile Baa Amohela
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Ho Hlokahala Barab’abo Rōna ba Eketsehileng Tšebeletsong ea Bopula-maliboho
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • Mahlohonolo a Tšebeletso ea Bopula-maliboho
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
km 1/93 leq. 1

Na U ka Sebeletsa U le Pula-maliboho?

1 Kopanong ea Setereke e sa tsoa feta ea “Bajari ba Leseli,” sebui se ile sa botsa: “Na u ka bula maliboho? Na u tla bula maliboho?” Se ile sa bolela hore lipotso tsena li loketse hobane Armageddone e haufi haholo, ’me sena se etsa hore mosebetsi oa boboleli o potlake ho feta leha e le neng pele.—1 Ba-Kor. 7:29a.

2 Ntle ho pelaelo bopula-maliboho ke mosebetsi o boima. O hloka ho itaea le ho hlophisa lintho hantle. Leha ho le joalo, mosebetsi oa rōna tšebeletsong “e ke ke ea e-ba oa lefeela.” (1 Ba-Kor. 15:58) Na ho ka boleloa seo ka mesebetsi e meng eo re ka khethang ho e phehella ’me e nka nako ea rōna e ngata le matla? Ho rata Jehova ho susumeletsa Bakreste hore ba chesehe tšebeletsong ea hae, ’me ho chesehela tšebeletso ea Jehova ho kentse ba bangata mosebetsing oa bopula-maliboho.—1 Joh. 5:3; Tšen. 4:11.

3 Bahlanka ba bangata ba Jehova ba bacha ba sa tsoa qeta sekolong se phahameng ba nahana ka ho teba ka bopula-maliboho. Sena se loketse ka hohle-hohle. Ke mosebetsi ofe o ka bang bohlokoa ho feta tšebeletso ea nako e tletseng? (Matt. 6:33) Litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo li tlameha ho boleloa; ona ke mosebetsi oa Jehova, ’me ke tokelo e khōlō hakaakang ho tšoareha mosebetsing oo ho tloha bocheng ho ea pele!—Matt. 24:14.

4 Na lōna batsoali le khothaletsa bana ba lōna hore ba kenele tšebeletso ea nako e tletseng? Na bana ba lōna ba utloisisa ka ho hlakileng hore le batla hore ba sebelise lipelo tsa bona tsohle, sephefumolohi, kelello, le matla mosebetsing oo o putsang? (Mar. 12:30) Bahoeletsi ba bangata ba bacha ba itokiseletsa bopula-maliboho ba ka mehla ka ho ba bo-pula-maliboho ba thusang ha ho hlaha monyetla o mong le o mong nakong ea ha ba ntse ba kena sekolo. Ka sebele boitelo bo joalo ho Jehova bo futhumatsa pelo ea hae!—Liprov. 27:11.

5 Ke ’nete hore, ha se e mong le e mong eo maemo a hae a mo lumellang hore a kenele tšebeletso ea bopula-maliboho. Leha ho le joalo, ebang u lenyalong kapa u lesoha, u hōlile kapa u mocha, na u nahanne ka ho teba le ka thapelo ka ho sebeletsa Jehova u le mosebeletsi oa litaba tse molemo oa pula-maliboho? (Ba-Kol. 3:23) Banyalani ba bangata ba bacha ba sebeletsa ho atolosa tšebeletso ea bona e le hore a le mong kapa ka bobeli ba ka bula maliboho.

6 Haeba ha u boemong ba ho nka bopula-maliboho ba ka mehla hona joale, na u ka sebeletsa u le pula-maliboho ea thusang? Ho ka etsahala hore bahoeletsi ba bangata phuthehong ea lōna ba rerile ho etsa seo ka April. Na u ka ikopanya le bona? Le hoja bahlanka bohle ba tšepahalang ba Jehova ba fumana litlhohonolofatso tse ngata, ho na le litlhohonolofatso tse eketsehileng tse emetseng ba leng boemong ba ho qeta nako e eketsehileng tšebeletsong ea ’Muso ba batla ba kang linku.—Lik. 20:35.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela