Bolela Tsela ea Molimo ea Khotso le Tšireletseho
1 Batho ba ’nile ba etsa litlhahiso tse ngata bakeng sa khotso le tšireletseho, empa ha ho le e ’ngoe ea tsona e finyellang litlhoko tsa sebele tsa batho lefatšeng ka bophara. Le hoja lehloeo la bolumeli, la morabe, le la bochaba, ha le kopane le lipakane tsa bopolotiki le meharo, li bonahala eka ke litšitiso bakeng sa ho etsa lefatše le sireletsehileng le le nang le khotso, Bakreste ba ’nete baa tseba hore litšitiso tsa sebele ke Satane Diabolose le ho hana ha motho ho ikokobeletsa Jehova Molimo.—Pes. 127:1; Jer. 8:9; 1 Joh. 5:19.
2 Ka January, re tla leka ho thusa baahelani ba rōna ho hlokomela hore tsela eo Molimo a e sebelisang bakeng sa khotso le tšireletseho ke eona feela tsela le hore Jehova o na le tharollo e sa feleng mathateng a batho.
3 Re Sebelisa Mpho: Re ka abela ba bang molaetsa ona o hahang ka ho sebelisa mpho e boletsoeng ea January, Tšireletseho Lefatšeng Lohle Tlas’a “Morena oa Khotso” ka monehelo oa R2,60. (Ka kōpo hlokomela: Ka lipuo tse ling ho tla buelloa buka e sa tšoaneng. Ka kōpo sheba ho litsebiso tsa puo eo u e batlang ho fumana hore na ho tla buelloa libuka life.)
4 Kajeno batho ba limillione ba tepeletse maikutlo, ’me ba laba-labela nako eo ba tla fola ’me ho be le khotso ea ’nete, tšireletseho, le khutso. Buka ea Tšireletseho Lefatšeng Lohle e ka ba mohloli oa sebele oa khothatso ho ba bangata. Khotso ea ’nete le tšireletseho li ka tsoa mohloling o le mong feela, Jehova Molimo. Kaha Jehova ke eena feela mohloli oa khotso ea ’nete, ho hlokahala hore batho ba “nyolohele thabeng ea Jehova” ’me ba rutoe ka litsela tsa hae. (Mik. 4:2, 3) Khatiso ena e tla thusa batho ba lipelo li tšepahalang hore ba ithute kamoo Jehova, ka ‘Morena oa hae oa Khotso,’ a tlang ho tlisa khotso e sa feleng le tšireletseho ka teng lefatšeng lena.
5 Batho ba bangata ba tšepahalang ba boetse ba amehile ka bokamoso ba lefatše. Buka ea Tšireletseho Lefatšeng Lohle e tla ba thusa hore ba bone kamoo ba ka thabelang khotso ea ’nete le tšireletseho paradeiseng e tsosolositsoeng hona mona lefatšeng. Tlas’a “Morena oa Khotso” batho ba bontšang kutlo ba tla khutlisetsoa phethehong ’me ba thabele tokelo ea ho phela hammoho ka khotso e le baena le likhaitseli.
6 Khatiso ena e ntle e bolella babali ba eona ka puso ea “Morena oa Khotso” ’me e tla ba thusa ho bona hore na ba tlameha ho etsa eng ho itokiseletsa puso eo. Khatisong ena ho tšohloa boprofeta bo thabisang ’me bo hlalositsoe. Ke hobane’ng ha re sa ikhopotse leqephe la eona la litaba tse kahare, le likhaolo tsa buka ee tse tla ipiletsa ho batho ba leng tšimong ea rōna?
7 Qalisa Lithuto Tsa Bibele: Re lokela ho buella thuto ea Bibele nako le nako ha re tsamaisa buka. Re boetse re khothalelitsoe ho qalisa lithuto ka pampitšana, bukana e lekanang le makasine, kapa ka makasine. Haeba u fumana hore mong’a ntlo o se a ntse a na le e ’ngoe ea likhatiso tsa rōna, ka masene ithaopele ho ’montša kamoo e ka sebelisoang ka teng thutong ea Bibele. Lipampitšana le libukana tse lekanang le makasine ke likofuto tse ntle ka ho fetisisa tseo re ka li sebelisang ha batho ba sa khone ho iphumanela libuka tsa rōna.
8 Tšireletseho ea sebele e ka tlisoa feela ke ’Mōpi, Jehova Molimo. Re batla ho thusa ba bangata kamoo ho ka khonehang hore ba bule lipelo le likelello tsa bona bakeng sa ’nete ea Lentsoe la Molimo ’me ba amohele tšepo eo le re tšoaretseng eona. E se eka re ka sebelisa hamolemo lithuso tseo re nang le tsona ho bolela tsela ea Molimo ea khotso le tšireletseho.—Esa. 2:3, 4.