Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 1/93 leq. 2
  • Liboka tsa Tšebeletso tsa January

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Liboka tsa Tšebeletso tsa January
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Lihloohoana
  • Beke e Qalang ka January 4
  • Beke e Qalang ka January 11
  • Beke e Qalang ka January 18
  • Beke e January 25
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
km 1/93 leq. 2

Liboka tsa Tšebeletso tsa January

Beke e Qalang ka January 4

Pina 23

10 mets: Litsebiso tsa phutheho le Litsebiso tse loketseng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso.

20 mets: “Bolela Tsela ea Molimo ea Khotso le Tšireletseho.” Sehlooho se koaheloe ka lipotso le likarabo. Khothaletsa bahoeletsi hore ba sebelise mpho e boletsoeng ea khoeli tšebeletsong ea tšimo. Ka mor’a ho buisana ka serapa 7, e re mohoeletsi ea lokiselitseng hantle a bontše kamoo thuto ea Bibele e ka qalisoang ketelong ea pele kapa leetong la ho boela, ho sebelisoa pampitšana Bophelo Lefatšeng le Lecha la Khotso. Mohoeletsi: “Lumela. Kajeno re buisana le batho ka boleng ba bophelo. Na u khotsofatsoa ke seo u bonang se etsahala bophelong ba batho kajeno?” Mong’a ntlo: “Eseng hakaalo.” Mohoeletsi: “Na u nahana hore boemo bo tla ntlafala?” Mong’a ntlo: “Ha ke tsebe.” Mohoeletsi o nehelana ka pampitšana ’me o re: “Ba bang ba nahana hore se etsahalang ke phethahatso ea boprofeta ba Bibele le hore bofelo ba lefatše bo haufi. U nahana joang?” Mong’a ntlo: “Ha ke tsebe, ke nahana hore ho ka ba joalo.” Joale mohoeletsi o bua ka pampitšana ’me o hlalosa hore bofelo ba lefatše ha bo bolele ho fela ha maholimo le lefatše la sebele. Mohoeletsi o lokisetsa ketelo e ’ngoe bakeng sa ho hlahloba bopaki ba Bibele bo bontšang hore bofelo ba tsamaiso ena ea joale bo haufi.

15 mets: Litlhoko tsa phutheho, kapa puo e nang le sehlooho Boloka Pono e Leka-lekaneng ka Boithabiso, e thehiloeng ho Tsoha! ea November 8, 1992, maqephe 3-10.

Pina 139 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka January 11

Pina 162

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hopotsa baena ka litokisetso tsa tšebeletso ea tšimo bakeng sa mafelo-beke a tlang.

20 mets: Romela Bana ba Hao Sekolong ka Mehopolo ea Molimo Lipelong Tsa Bona. Puo ka moholo. Re phela lefatšeng le sekametseng ho re etsa hore re tšoane le lona. ’Me sena se ama ka ho khetheha bacha ba rōna. Ho hlokahala hore batsoali ba falimehele litlhoko le mathata a bona. (Liprov. 20:5) Batsoali ba lokela ho kenya melao le lerato la Molimo hammoho le lerato la batsoali ho bana ba bona. Pontšo: Lelapa le buisana kamoo ho ka sebelisoang bukana e lekanang le makasine ea Sekolo. Ngoana e mong o qala ho ea sekolong, ha bana ba bang ba babeli ba se ba ’nile ba kena sekolo ka lilemo tse ’maloa. Khetha ntlha e tla sebetsa maemong a ngoana ka mong. E re bana ba itlhalose ka mantsoe a bona ho motsoali ea ikentseng eka ke tichere. Tiisa hore bana ba utloisisa melao-motheo e amehang. Moholo o hopotsa batsoali hore bana ba bona ba lokela ho se kenelle thutong ea bolumeli le litloaelong tsa letsatsi le letsatsi tsa bolumeli (ho kopanyeletsa ho bala karolo Bibeleng le ho etsa thapelo). Ntate kapa ’mè o lokela ho ea le ngoana kapa bana ho hlooho ea sekolo, a nkile lengolo leo ka lona a kōpang hore ngoana a se kenyeletsoe linthong tse joalo. Likolong tse ling matichere ka ho nahanela a khethile phaposi e ’ngoe e ka thōko moo bana ba Lipaki ba ka kopanang teng ka nako ea thuto ea bolumeli. Likolo tse ling li boetse li fane ka tumello ea hore motsoali a hlokomele bana ba Lipaki ’me a ba rute Bibele. Moo ho entsoeng tokisetso ena, ka hloko baholo ba lokela ho etella pele le ho tiisa hore bahoeletsi ba tšoanelehang ba hlokomela sena. Moena ea fanang ka puo ena o khothaletsa hore ho be le thuto ea lelapa ea Bibele ’me o hatisa tlhokahalo ea hore batsoali ba be le kamano e haufi, e atamelaneng le bana ba bona.

15 mets: Ho Qoba Mathata a Tšelo ea Mali—Nako ea ho Nchafatsa Advance Medical Directive ea rōna. Moholo ea fanang ka karolo ena o aba likarete tse ncha ho bahoeletsi ba kolobelitsoeng ’me ka hloko o hlahloba lengolo la October 15, 1992, le hlalosang tšebeliso ea likarete tsena. Ha u lokisetsa, hlahloba ka ho feletseng lengolo la Mokhatlo la January 1, 1990. Ba saenang e le lipaki ba lokela ho bona ha mong’a karete a e saena. Khothaletsa bohle hore ba tlatse likarete tse ncha pele ba tloha Holong ea ’Muso. Bahoeletsi ba kolobelitsoeng ba lokela hore le ka mohla ba se ke ba tloha malapeng ba sa nka karete ea bona ea Advance Medical Directive/Release. Bana ba banyenyane ba sa kolobetsoang bao motsoali oa bona e leng Paki ba lokela hore ka linako tsohle ba nke Identity Card. Tlhahlobo e sa tsoa etsoa phuthehong e ’ngoe e bontšitse hore ho bahoeletsi ba bahlano a le mong o ne a sa nka karete ea hae, ’me ha ho bana ba neng ba nkile li Identity Card tsa bona. Ha u qetella, bala ’me u sebelise Liproverbia 22:3.

Pina 151 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka January 18

Pina 130

10 mets: Litsebiso tsa phutheho le Litaba Tsa Puso ea Molimo. Bala tlaleho ea lichelete le liteboho tsa Mokhatlo bakeng sa menehelo. Babatsa phutheho bakeng sa ho tšehetsa phutheho ka lichelete ka botšepehi haesita le mosebetsi oa Mokhatlo oa lefatše ka bophara.

20 mets: “Ho Sebelisa Likofuto Tsa Bohlokoa ka Bohlale.” Ka mor’a hore molula-setulo a etse kenyeletso e khutšoaane, ho tla ba le lipontšo tse peli tse thehiloeng boitsebisong bo boletsoeng ho lirapa 2 ho ea ho 5. Qetellong ea pontšo ea pele mong’a ntlo o amohela buka. Mohoeletsi o tšepisa hore o tla khutla ho tla araba potso, Ke hobane’ng ha Molimo a lumeletse ho utloa bohloko? Qetellong ea pontšo ea bobeli, ho qalisoa thuto ea lehae ea Bibele. Khothaletsa bohle hore ba kopanyeletse beng ba matlo moqoqong oa Bibele ha ba le tšebeletsong ea tšimo mafelo-bekeng ana.

15 mets: Lebaka Leo ka Lona Bakreste ba Lokelang ho Tela Mali. Puo ka moholo e thehiloeng tlhalosong le lihloohoaneng tsa pele tse tharo tlas’a “Mali” bukeng ea Ho Bea Mabaka, maqephe 268-70.

Pina 177 le thapelo e koalang.

Beke e January 25

Pina 128

5 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hopotsa bohle hore ba potlakele ho tlaleha tšebeletso ea bona ea tšimo qetellong ea khoeli.

10 mets: “Tokelo e Ntle ea Tšebeletso.” Puisano le bamameli. Haeba nako e lumela, buisana le mohoeletsi ea nang le tselana e tsitsitseng ea limakasine. O e fumane joang? E mo thusitse joang hore a hlaolele thahasello kapa hore ka ho hlakileng a lemohe boholo ba thahasello ea mong’a ntlo? Khothaletsa phutheho hore e be le karolo e feletseng mosebetsing oa limakasine, le hlahlobe tse ling tsa litlhahiso tse fanoeng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea October 1992, leqephe 11.

15 mets: “Na U ka Sebeletsa Jehova U le Pula-maliboho?” Puisano le bamameli. Buisana le mocha eo e leng pula-maliboho ea ka mehla kapa mohoeletsi ea ileng a nka bopula-maliboho ha e sa le mocha. Totobatsa kamoo batsoali le ba bang ba ka khothaletsang bacha hore ba finyelle pakane ea bona ea bopula-maliboho. Ipiletse ka mofuthu ho bohle ba nahanang ka ho teba ka menyetla e ka hlahang ea ho kopanela tšebeletsong ea nako e tletseng. Lokisetsa hona joale ho nka bopula-maliboho bo thusang ka April.

15 mets: “Haha Thahasello ka ho Etsa Maeto a Atlehang a ho Boela.” Puo e khutšoaane e lateloe ke pontšo ka puisano e bontšitsoeng ho serapa 3. Haeba nako e lumela, lintlha tse ling tsa sehlooho tsa nehelano, tse kang kenyeletso kapa ho hokahanya lengolo, li ka phetoa.

Pina 160 le thapelo e koalang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela