-
Lefatše la Boithabiso le HohelangTsoha!—1992 | November 8
-
-
Lefatše la Boithabiso le Hohelang
HOLLYWOOD! Ho sa tsotellehe hore u lula hokae lefatšeng, mohlomong lebitso leo le u hopotsa libaesekopo le boithabiso. Ka ho fapa-fapaneng e bitsoa motse-moholo oa boithabiso oa lefatše le toropo e hohelang ka ho feteletseng, ha ho motse o mong o nang le litlhaloso tse tšoanang le tsa khoebo ea libaesekopo joaloka motse ona o ka thōko ho toropo ea Los Angeles, California. Ka sebele motse ona o bonahala e le setsi sa lefatše sa boithabiso bo majaba-jaba le bo hohelang. Joalokaha mongoli e mong a itse, “botumo ba Hollywood ba ho etsa libaesekopo tsa boithabiso bo pharaletse lefatšeng lohle.”
Boithabiso—Khoebo e Khōlō
Empa hase botumo ba Hollywood feela bo pharaletseng; “Hollywood” ke khoebo e khōlō, e rekisetsang lefatše lohle thepa ea boithabiso. Ha e le hantle, ho latela makasine oa Time, thepa ea boithabiso ke eona e latelang thepa ea sepaka-paka thepeng eo United States e e rekisetsang linaha tse ling. Khoebo ea boithabiso e bokella liranta tse limillione tse likete tse ngata selemo le selemo, karolo e khōlō—e ka bang karolo ea 20 lekholong—e tsoa linaheng tse ling.
United States e fumana chelete e etsang karolo ea 35 lekholong ’marakeng oa lefatše oa thekiso ea libuka, karolo ea 50 lekholong ea chelete e bokelloang ka thekiso ea litheipi lefatšeng lohle, karolo ea 55 lekholong ea chelete ea libaesekopo le li-video tse ka rekisoang kapa tsa hirisoa, le karolo ea 75 ho isa ho 85 lekholong e etsoa ka TV.
Hollywood e lokisetsa lefatše boithabiso e le tsela ea ho leboha phaello ena e khōlō. Hase ka mehla lefatše le thabelang sena—linaha tse ’maloa li ile tsa ipelaetsa ka tšusumetso eo litloaelo tsa Maamerika li nang le eona, kaha bacha ba tsona ba tlohela meetlo le litumelo tsa sebakeng sa habo bona ba thahasella likhopolo tse tsoang Amerika tse ipiletsang. Leha ho le joalo, sena ha se bolele hore boithabiso bo tsoa United States feela. Linaha tse ngata li na le khoebo ea tsona ea boithabiso—libaesekopo, TV, litheipi, libuka, lipapali le tse ling.
Boithabiso—Bo Fumaneha Habonolo Hakaakang Kajeno
Ho sa tsotellehe hore na ke mang ea lokelang ho lokisetsa lefatše boithabiso, se hlokomelehang ka boithabiso ka bobona ke hore bo fumaneha ka tsela e bonolo haholo, kajeno bo bongata hoo re tlamehang ho sebetsana le boemo bo fapaneng ka ho felletseng, bo ka tšoantšoang le phetoho e khōlō. Ka mohlala: Haeba u ne u kile ua phela lilemong tse lekholo tse fetileng, monyetla oa hore u thabisoe ke libapali tse nang le talenta le tse koetlisitsoeng o ne o ka fumaneha hangata hakae? Esita le hoja u ne u kile ua lula linaheng tse ruileng ka ho fetisisa, ho ka etsahala hore u ile ua haelloa ke boithabiso ha ho lateloa khopolo ea moloko oa kajeno ea boithabiso. Ka mohlala, u ne u ka thatafalloa ke ho ea moketeng oa ’mino oa opera kapa k’honseteng ea symphony. Kajeno re se re mamela li-stereo tse nyenyane tse letsang mofuta o mong le o mong oa ’mino o leng teng, kapa re paqama sofeng ea lapeng, ’me ka ho khoatha konopo feela, re fumana boithabiso ba mofuta o mong le o mong oo re ka nahanang ka oona.
Linaheng tsohle tse tsoetseng pele moruong, u ka fumana bonyane TV e le ’ngoe malapeng a mangata, VCR le CD kapa sebapala-lik’hasete esita le thepa e ’ngoe ea motlakase. Bana ba bang ba hōla ba pota-potiloe ke lisete tsa TV ka lapeng e le lintho tse batlang li tloaelehile joaloka liipone. Linaheng tse batlang li futsanehile moruong, metse e mengata le libaka tsa boahelani li na le setsi sa motse sa TV moo batho ba ka bokanang teng mantsiboea hore ba ithabise. Batho ba fetohile makhoba a TV. Nako ea ho roba monakeli e tletse mefuta e mengata ea boithabiso.
Na ho na le se phoso ka seo? Na ho na le likotsi leha e le life boithabisong ba kajeno? Kapa na boithabiso ba kajeno bo mpa bo bolela letlotlo le oeleng makhoabane? Ha re hlaoleleng pono e leka-lekaneng ka lefatše la boithabiso le hohelang.
-
-
Pono e Leka-lekaneng ka BoithabisoTsoha!—1992 | November 8
-
-
Pono e Leka-lekaneng ka Boithabiso
“Bophelo ba ho sebetsa ka ntle ho boikhathollo ke bophelo bo tepelletsang.” Kajeno polelo ena ke e tloaelehileng hoo ho leng bonolo ho lebala kamoo e leng ’nete ka teng. Ha e le hantle, “bophelo ba ho sebetsa ka ntle ho boikhathollo” bo ka ba le liphello tse mpe haholo ho motho ho feta feela ho mo tepeletsa. Sena se ka fetola motho lekhoba la mosebetsi, a se a sa etse ntho leha e le efe e ’ngoe.
Ka mohlala, nahana ka bothata bo ileng ba hlaha Japane, e leng naha e tsebahalang ka tumelo ea hore mosebetsi o na le phello e molemo boitšoarong. Hangata basebetsi ba lebeletsoe hore ba sebetse nako e eketsehileng ka mor’a lihora tse tloaelehileng tsa mosebetsi mantsiboea a mang le a mang le ka mafelo-beke. Makasine oa Canada oa Maclean’s, o hlokometse hore mosebetsi ea itekanetseng oa Japane o qeta lihora tse 2 088 mosebetsing ka selemo ha li bapisoa le lihora tse 1 654 tseo mosebetsi ea itekanetseng oa Canada a li qetang mosebetsing. Leha ho le joalo, makasine oo o ile oa hlokomela: “Lifeme tsa Japane li tlameha ho sebetsana le bothata bo fapaneng: basebetsi ba hlokofatsoang ke karoshi, kapa ba bolaoang ke ho sebetsa ka ho fetelletseng. Likoranta li ile tsa tlaleha ka mafu a banna ba leng lilemong tsa bo-40 ba ileng ba bolaoa ke lefu la pelo kapa stroke ka mor’a ho sebetsa matsatsi a 100 ka ntle le ho fumana letsatsi la phomolo.” Lekala la basebetsi la Japane le ile la tlameha ho simolla letšolo la phatlalatso e tletseng lipolelo tse hohelang tse phehellang batho hore ba sebelise matsatsi a mafelo-beke bakeng sa ho phomola. Ke phapang e kaakang ha ho bapisoa le linaha tse ling tsa Bophirimela moo batho ba tlamehang ho phehelloa hore ba sebetse beke kaofela!
Melemo ea Boikhathollo
Leha ho le joalo, ka ho loketseng ka kakaretso litsebi li hlokomela hore bokhoba ba mosebetsi ke lefu eseng ntho e molemo. Ho hlokahala hore motho a ikhatholle—eseng feela ha a sa le monyenyane; batho ba baholo le bana ba na le tlhoko e tšoanang. Hobane’ng? Ke molemo ofe oo batho ba o fumanang boikhathollong, kapa papaling? Bukeng e ’ngoe ho ne ho na le lethathamo la lintho tsena: “Ho bua ka bolokolohi, le botsoalle, ho ameha ha kelello le ’mele kapa bobeli ba tsona, bophelo bo botle ’meleng, phapang kemisong ea mosebetsi e rarahaneng, ho phomola le ho ikhatholla, nako ea ho leka ho etsa ntho e ’ngoe e ncha le ho kopana le batho ba bacha, ho haha setsoalle, ho kopanya lelapa, ho tseba tlhaho le ho e utloisisa, . . . le ho ikutloa hamolemo ka ntle le ho batlisisa lebaka. Lintho tsena tsohle li har’a melemo eo batho ba e fumanang nakong ea bona ea boikhathollo.”
Liithuti tsa kahisano li ngotse libuka tse ngata ka taba ea boikhathollo le papali, ’me li lumela hore boikhathollo ke ntho ea bohlokoa ho motho le ho sechaba. Ka sebele, ha ho motho ea utloisisang sebōpeho sa motho hamolemo ho feta ’Mōpi oa motho. O ikutloa joang ka taba ee?
Ho fapana le seo batho ba bang ba se nahanang, Bibele ha e khahlanong le boithabiso le boikhathollo. E re bolella hore Jehova ke Molimo o thabileng ’me o lebeletse hore bahlanka ba hae le bona ba thabe. (Pesaleme ea 144:15b; 1 Timothea 1:11, NW) Ho Moeklesia 3:1-4, re ithuta hore “ntho e ’ngoe le e ’ngoe e na le sebaka sa eona . . . e teng nako le ea ho tšeha” le nako ea ho “hobela.” Mona lentsoe la Seheberu bakeng sa “tšeha” le amana le mantsoe a hlalosang “ho bapala.” Eona buka eo ea Bibele e re bolella hore “ho motho ha ho ntho e molemo ho feta hore a je le ho noa le ho etsa hore sephefumolohi sa hae se bone molemo ka baka la mosebetsi oa hae o boima.”—Moeklesia 2:24, NW.
Kajeno e ’ngoe ea litsela tse tloaelehileng tsa ho thabela nako ea boiketlo ke ho etsetsoa boithabiso le ho khatholoha le ho thabela litalenta tsa ba bang. Seo le sona hase ntho e ncha ka ho felletseng. Bibele e bontša hore ka lilemo tse likete-kete batho ba ’nile ba fumana thabo ka ho shebella ba bang ha ba tantša, ba bina, ba letsa liletsa tsa ’mino kapa ba hlōlisana lipapaling.
E le tsela ea ho ikhatholla, boithabiso bo ka ba molemo haholo ho rōna. Ke mang ea sa thabisoeng ke semathi se koetlisitsoeng, motjeko oa ballerina le ho ba le tebello e matla, boikutlo bo monate ba ho ba baesekopong e hahang kapa molumo o monate oa ’mino o nang le morethetho o monate o salang o luma ka kelellong kamor’a nako e telele ’mino o se o khaolitse? Ha ho pelaelo hore ba bangata ho rōna re ile ra phomotsa likelello ka ho bala buka e monate, le ho phetla maqephe a eona ka pelenyana ha re ntse re hohetsoe ke pale e monate e phetiloeng hamolemo.
Boithabiso bo joalo bo ka re khatholla, ’me bo ka etsa ho eketsehileng. Bo ka boela ba re hlasimolla ba ama lipelo tsa rōna, ba re qabola—esita le ho re ruisa tsebo e eketsehileng. Ka mohlala, libuka li ka re ruta ho hongata ka sebōpeho sa motho. Libuka tsa Shakespeare ke mohlala o hlakileng oa seo.
Likotsi tsa Boithabiso
Leha ho le joalo, hore re be le pono e leka-lekaneng ka boithabiso ba kajeno, re tlameha ho hlokomela likotsi tsa bona le melemo ea bona. Ho na le ho hongata ho boletsoeng ka tšusumetso e senyang ea boithabiso, empa ka kakaretso likotsi tsa bona li ka aroloa likarolo tse peli tse khōlō: tekanyo le boleng, tekanyo ea boithabiso bo fumanehang le seo bo se tšoereng. A re qaleng ka ho hlahloba boleng.
Re phela nakong ea lefifi eo Bibele e e bitsang ‘mehla ea qetello eo ho leng thata ho sebetsana le eona.’ (2 Timothea 3:1, NW) Ha ho makatse hore ebe boithabiso ba kajeno bo bontša seo mehla ea rōna e leng sona, hangata litšobotsing tsa eona tse mpe ka ho fetisisa. Pefo, boitšoaro bo bobe, le maikutlo a batho a mabe—a kang bochaba—a kenella boithabisong bo tloaelehileng, a bo silafatsa ka litekanyo tse fapaneng. Ho hong ho feteletseng ke hore seo e neng e lokela ho ba boithabiso se se se fetohile bootsoa le litšila. Hlokomela mehlala ena e ’maloa.
Libaesekopo: Ho e ’ngoe ea likhau tse phahameng ka ho fetisisa tsa Hollywood, moputso oa Oscar, banna ba bararo ba ileng ba abeloa meputso karolong ea “botšoantši bo molemohali” selemong sena ba ne ba phetha karolo ea babolai ba kulang kelellong bao kaofela ba bolaeang ka ho hlakileng ho screen. Ho tlalehoa hore motšoantši e mong o ile a shemola nama e khōlō ea sefahleho sa mosali ha a ntse a mo beta. Ntho e ’ngoe e kentseng chelete e ngata haholo selemong sena e bile baesekopo e bitsoang Basic Instinct. Ho utloahala sehlooho sena se beha taba ka mokhoa o bonolo ho latela liphuputso. Baesekopo ena e simolla ka pontšo e hlakileng ea likamano tsa botona le botšehali moo mosali a hlabang moratuoa oa hae ea tlamiloeng sekolokoto ka tsenene ka makhetlo a mangata a bile a itšela hohle ka mali a hae.
’Mino: ’Mino oa rap le oa rock o morethetho o boima o ile oa nyatsuoa ka ho eketsehileng ka baka la mathata a tšoanang a mantsoe a oona. Lirekotong tsa ’mino oa rap le rock ho fumanoe lipina tse thoholetsang boitšoaro bo hlephileng ba likamano tsa botona le botšehali le ho hleka-hlekoa ha basali, pefo le lehloeo khahlanong le merabe e fapaneng le mapolesa, esita le borapeli ba Satane. Libakeng tse ling, lirekoto tse nang le boitsebiso bo joalo bo hlakileng li tlameha ho ba le mabitso a hlokomelisang. Empa joalokaha ho tlalehoa hore sebini sa ’mino oa rap se tsejoang e le Ice-T se lumetse, se kenya mantsoe a tšosang lipineng tsa sona hore feela li fumane lebitso le joalo; sena se tiisa hore li tla hohela batho ba ratang litaba. Naleli ea ’mino oa rock Prince o ile a bina lipina tse thoholetsang likamano tsa botona le botšehali pakeng tsa motho le ngoan’abo. Hangata, li-video tsa ’mino li etsa hore boitšoaro bo bobe bo bonoe ke batho ba eketsehileng. Video ea naleli ea ’mino oa pop ea Madonna, Justify My Love e ile ea hapa moputso ka baka la ho bontša tsela ea ho ithabisa ka ho itlhokofatsa kapa ho hlokofatsa ba bang le liketso tsa bosodoma. Esita le seteishene sa TV sa U.S. sa MTV, se tummeng ka ho hasa li-video tsa boitšoaro bo bobe ka bolokolohi se ile sa hana ho hasa video ena.
Libuka: Hlokomela mehlala e ’maloa e nkiloeng litlhahlobong tsa morao-rao tsa libuka. American Psycho e fana ka makolopetso a liketso tse sehlōhō tsa motho ea tsoelang pele ho bolaea ea etsang lintho tse mpe ka ho fetisisa, ho akarelletsa le ho ja nama ea batho bao a ba hlaselang. Vox e likoloha moqoqong oa nako e telele oa thelefono oo ho oona monna le mosali bao ho seng mohla ba kileng ba kopana ba tsosetsanang takatso ea likamano tsa botona le botšehali ka puo e tsosang takatso. Raptor le eona e latela mohlala o mobe oa litharasi, batho bao e mong le e mong oa bona a nang le setho sa botona le sa botšehali, tse peli tsa lekholong la botšelela la lilemo tse hoebang ka likamano tsa botona le botšehali. Hangata libuka tse buang ka lerato li thoholetsa bohlola le bofebe. Libuka tsa metlae tseo ka nako e ’ngoe li neng li se kotsi ho bana, hona joale li atisa ho ba le litšoantšo tsa likamano tsa botona le botšehali, pefo le lihlooho tse kang tsa litaba tsa bonohe.
Lipapali: Boipiletso ba ho thibela papali ea litebele ka molao bo ntse bo tsoela pele. Ho sa tsotellehe bopaki bo tsoelang pele ba hore setebele se seng le se seng se kakalatsang ralitebele se ntša boko kotsi ka tsela eo bo ke keng ba lokisoa, chelete e ngata le bashebelli ba limillione ba tsoela pele ho hohela batho hore ba kene ka lesakaneng la litebele bakeng sa ho loana. Ha e le hantle bo-ralitebele ba makholo-kholo ba ’nile ba otleloa lefu ka tsela ena.
Leha ho le joalo, lipapali tse ling li na le manane a mafu a phahameng haholoanyane. Ho bala ka pefo e ileng ea qhoma mabaleng a lipapali kapa har’a bashebelli ho tloaelehile. Merusu e hlohlellelitsoeng ke bochaba kapa “moea oa ho tšepahala lihlopheng tse itseng” o bolaile batho ba makholo mabaleng a lipapali lefatšeng lohle. Papali ea batho ba loanang le lipoho, eo koranta ea Jeremane ea beke le beke Die Zeit e e bitsitseng “papali e hlaha haholo hore ebe e ile ea tšoarella ho fihlela mehleng ea joale,” e sa tsoa ratoa haholo Spain le Fora e ka boroa. Ka mor’a hore poho e hlabe motho ea loanang le lipoho ea tummeng ea lilemo li 21 José Cubero pelong, hamorao mohale enoa ea shoeleng o ile a kenngoa ka lekeseng le ileng la potisoa lesakana la moo batho le lipoho ba loanelang teng la Madrid bakeng sa hore batšehetsi ba 15 000 ba mo etsetse litlatse. Video ea lefu la hae e ile ea bontšoa thelevisheneng ea Spain khafetsa.
Ke ’nete hore ana ke maemo a feteletseng ’me ha a bolele hore boithabiso bohle bo leng likarolong tsena bo bobe. Empa ho ba le pono e leka-lekaneng ka boithabiso ho tlameha ho re hlokomelisa hore maemo ana a feteletseng a teng ebile a tloaelehile. Hobane’ng? Ha e le hantle, na u hlokometse hore se neng se bonahala se feteletse lilemong tse ’maloa tse fetileng hona joale ha se sa nyarosa batho? Butle-butle batho ba bangata ba ntse ba amohela lintho tse feteletseng; batho baa li tloaela. Uena u tla tloaela eng?
Taba ea Tekanyo
Leha ho le joalo, esita le hoja boithabiso bohle bo ne bo hloekile ka ho felletseng, ho sa ntse ho na le taba ea tekanyo. Khoebo ea boithabiso e etsa boithabiso ka tekanyo e khōlō. Ka mohlala, United States, ho ile ha hatisoa libuka tse fapaneng tse ka holimo ho 110 000 ka 1991 feela. Haeba u ne u ka qeta ho bala buka e le ’ngoe ka letsatsi, ho ne ho tla u nka lilemo tse fetang 300 ho bala libuka tse hatisitsoeng ka selemo! Khoebo ea U.S. ea libaesekopo e etsa libaesekopo tse fetang 400 ka selemo ’me linaha tse ngata li amohela libaesekopo tsena le ho etsa libaesekopo tsa tsona. Khoebo ea India e etsa libaesekopo tse makholo-kholo tsa Hindi selemo le selemo. Ke mang ea ka balang lirekoto tsa ’mino, li-compact disc le litheipi tse etsoang selemo le selemo? Ho boetse ho na le TV.
Linaheng tse ling tse tsoetseng pele ho na le liteishene tse ngata tse fumanehang thelevisheneng—liteishene tse ling tsa thelevishene tse lefelloang ka ho khetheha, liteishene tsa satellite tsa khaso ea ka mehla. Sena se bolela hore boithabiso bo sa khaotseng bo ka kena ka lapeng ka lihora tse 24 ka letsatsi. Lipapali, ’mino, litšoantšiso, lipale, litšomo tsa saense, lipuisano, libaesekopo, li fumaneha habonolo ka ho khoatha konopo ea thelevishene feela. Ka baka la VCR libaesekopo tse likete-kete lia fumaneha hammoho le li-video tse se nang palo tse hlalosang kamoo lintho li ka etsoang ka teng, li-video tsa ’mino, esita le litheipi tsa thuto tse buang ka tlhaho, histori le saense.
Empa nako ea boithabiso bona bohle e tsoa hokae? Theknoloji e ka ’na ea khona ho re tlisetsa mohlolo oa boithabiso ba kapele—nahana kamoo Mozart a tla makala ka teng ho utloa e ’ngoe ea lipina tsa hae ho stereo se senyenyane! Leha ho le joalo, theknoloji ha e tsebe ho etsa nako eo boithabiso bona kaofela bo e hlokang. Ha e le hantle, linaheng tse ling moo theknoloji e tsoetseng pele haholo, ho bile le tšekamelo ea ho ba le nako e fokolang ea boikhathollo, ho e-na le ho ba le e eketsehileng.
Kahoo haeba re bo lumella, boithabiso bo ka ja nako ea rōna ea boikhathollo habonolo. Re lokela ho hopola hore boithabiso ke feela mofuta o mong oa boikhathollo, hangata ke mofuta o sa hlokeng hore motho a sebelise matla a mangata. Ba bangata ho rōna re boetse re hloka ho tsoela ka ntle ho tikoloho ea lelapa le ho etsa ntho e ’ngoe e hlokang hore re sebelise matla, re nke karolo nthong e itseng ho e-na le ho lula fatše le ho etsetsoa boithabiso. Re ka otlolla maoto, ra thabela ho ba hammoho le metsoalle e molemo, ra bapala lipapali.
Haeba ke phoso ho lumella boithabiso ho ja nako ea rōna ea boikhathollo kaofela, ho hobe hakaakang ho bo lumella hore bo je nako e lokelang ho sebelisetsoa lintho tsa bohlokoa tseo re tlamehang ho li etsa, tse kang litšebeletso tseo re tlamehang ho li etsetsa ’Mōpi oa rōna, malapa a rōna, metsoalle ea rōna le mosebetsi oa rōna oo re tlamehang ho o etsa! Joale, ke habohlokoa haholo ho ba le pono e leka-lekaneng ka boithabiso! Ke joang re ka lekanyetsang hore na ke boithabiso bofe bo leng bobe bakeng sa rōna, hona bo bongata haholo ke bo bokae?
[Litšoantšo tse leqepheng la 7]
Boithabiso bo seng bokae bo ka ama lipelo tsa rōna le ho re ruisa tsebo
-
-
U Tla Khetha Boithabiso Bofe?Tsoha!—1992 | November 8
-
-
U Tla Khetha Boithabiso Bofe?
HO BA le pono e leka-lekaneng ka boithabiso ke ntho e ’ngoe. Ho bontša ho leka-lekana boithabisong boo re bo khethang ke ntho e ’ngoe e fapaneng. Ho bonolo haholo ho bona hore boithabiso bo na le sebaka sa bona se loketseng, empa bo bongata ba bona ke bo se nang molemo le bo senyang nako. Ho sa ntse ho le joalo, letsatsi le letsatsi re na le liqeto tseo re lokelang ho li etsa—’me ha se ka mehla li leng bonolo.
Joalokaha re se re bone, khoebo ea boithabiso ha e etse hore ho etsa qeto ho be bonolo. Ho na le mefuta e mengata e rarahaneng eo ho ka khethoang ho eona, empa ka lilemo tse likete, Bibele e ile ea neha batho ba lipelo li tšepahalang tataiso eo ba e hlokang. Theknoloji ea mehleng ea kajeno ha ea etsa hore melao-motheo ea Bibele e be e se nang thuso; ka ho fapaneng, ke ea bohlokoa haholoanyane le e hlokahalang ho feta leha e le neng mehleng ena e hlasetsoeng ke likhathatso. Kahoo a re ke re hlokomeleng kamoo re ka sebelisang melao-motheo e joalo libakeng tse peli tse kotsi tsa boithabiso—seo bo se tšoereng le nako eo bo e nkang.
Litataiso tsa Bibele ke Life?
Mocha oa ipolaea, ’me ho fumanoa hore o ne a amehile ka ho tebileng ’minong oa rock o nang le morethetho o boima o khothalletsang batho hore ba ipolaee. Ngoanana ea lilemo li 14 o khakhatha ’mè oa hae ho fihlela a shoa, ’me ho bonahala hore le eena o ne a amehile ka ho tebileng ’minong o nang le morethetho o boima. Moshemane ea lilemo li 15 o bolaea mosali, ’me ’muelli oa hae oa molao o bolela hore o ne a susumelitsoe ke libaesekopo tse bontšang pefo e hlokofatsang e etsoang ka morero oa ho tšosa. Baesekopo e bontšang pefo ea likenke ea qalisa, ’me ho ba le lintoa tse mabifi pakeng tsa likenke tsa bacha ba leng ka har’a holo le ba leng moleng oa ho kena ka holong ea baesekopo.
Ho hlakile hore seo mofuta oa boithabiso boo re bo khethang o se tšoereng se na le phello e itseng ho rōna. Litsebi tse ling li ka hanyetsa litlaleho tse boletsoeng ka holimo ka ho bolela hore ke bopaki bo theiloeng liketsahalong tse etsahetseng mona le mane ’me ka hona e se bopaki bo kholisang. Leha ho le joalo, melao-motheo ea Bibele e toba bothata. Ka mohlala, nahana ka mantsoe ana a bohlale: “Ea tsamaeang le ba bohlale o tla hlalefa, empa ea tloaelaneng le maoatla o tla senyeha.” (Liproverbia 13:20) Na boithabiso ha bo tšoane le seo hantle—ho tsamaea kapa ho tloaelana le maoatla, kapa ba hlokang boitšoaro? Ka ho tšoanang, 1 Ba-Korinthe 15:33 e re: “Le se ke la lahleha: litloaelano tse mpe li bolisa mekhoa e metle.” Taba e hlakileng mona hase taba feela ea litsebi tse nang le likhopolo tse sa tšoaneng tse phehisanang ka lipalo-palo. Ke molao o bonolo oa tlhaho. Haeba re kopana le batho ba itšoereng hampe khafetsa, mekhoa ea rōna e tla ameha ka tsela e kotsi.
Melao-motheo e joalo ke e thusang le tabeng ea ho etsa lipapali, libaesekopo, TV le linaleli tsa ’mino melimo e rapeloang ea litšoantšo. Le hoja hangata linaleli li thoholetsa pefo kapa boitšoaro bo bobe, lipontšong tsa tsona le bophelong ba tsona, batšehetsi ba tsona—haholo-holo bacha—ba sa ntse ba bonahala ba li rapela. Haufinyane koranta The European e ile ea hlokomela: “Litsebi tsa kahisano li bontša hore lenane le eketsehang sechabeng la linaleli tsa pop mohlomong le phetha karolo eo ka nako e ’ngoe e neng e phethoa ke bolumeli bophelong ba bacha ba bangata.” Empa hlokomela seo Pesaleme ea 146:3 e se bolelang: “Le se ke la itšepela marena, leha e le bana ba batho ba sitoang ho pholosa motho!” Liproverbia 3:31 e re: “U se ke ua honohela motho oa pefo, kapa hona ho khetha leha e le efe ea litsela tsa hae.”—NW.
Molao-motheo o mong oa sehlooho ke ona: Nakong eo Bakreste ba etsang liqeto, ha baa tlameha ho nahana feela ka phello ea tsona ho bona ka bobona empa hape ka phello ea tsona ho ba bang ka phuthehong ea Bokreste, ho akarelletsa le bao matsoalo a bona a amehang habonolo. (1 Ba-Korinthe 10:23-33) Ka lehlakoreng le molemo, melao-motheo ea Bibele e re thusa ho beha litekanyetso tsa boithabiso boo ka ho loketseng re ka bo khethang. Moapostola Pauluse o ile a eletsa: “Ha e le ka ho hong, banab’eso, tsohle tsee e leng tsa ’nete, tsohle tse hlomphehang, tsohle tse lokileng, tsohle tse hloekileng, tsohle tse ratehang, tsohle tse botumo bo botle, tsohle tseo bokhabane bo bong le poko e ’ngoe e leng teng ho tsona, le ke le hopole tsona.”—Ba-Filippi 4:8.
Melao-motheo ena e ile ea tataisa batho ba Molimo ka makholo a lilemo. Bakreste ba neng ba le Roma ea boholo-holo ba ne ba sa hloke molao o lokolisang ntho e ’ngoe le e ’ngoe o bolelang hore lipapali tse bontšang batho ba loanang le liphoofolo, hammoho le lipolao tsa tsona le bobatana bo feteletseng hase boithabiso bo loketseng. Ba ne ba mpa ba sebelisa melao-motheo e joalo e tšoanang le e boletsoeng ka holimo bakeng sa ho sireletsa bona, malapa a bona le liphutheho tsa bona.
Tsela ea ho Khetha
Bakreste ba sebele ba etsa se tšoanang kajeno. Ha ba khetha boithabiso, ba qala ka ho hlahloba seo bo se tšoereng tabeng ea boitšoaro. Joang? Ka mohlala, pele ba reka rekoto, ba sheba sekoahelo sa eona. ’Mino o khothaletsoang moo o joang? Na o phahamisa litekanyetso tse hlephileng? Lehloeo? Borabele? Pefo? Likamano tsa botona le botšehali le khoheli ea tsona? Ka linako tse ling mantsoe a lipina a ka fumaneha bakeng sa hore a hlahlojoe. Ka ho tšoanang, likoahelo tsa libuka li na le kakaretso ea tse ka hare ho tsona ’me ka linako tse ling lintlha tse seka-sekang libuka lia fumaneha. Hape likoranteng ho na le karolo e seka-sekang libaesekopo le limakasine. Linaha tse ling li na le lefapha le hlahlobang libaesekopo le ka fanang ka tataiso e molemo. Ho hlakile hore haeba lefatše la kajeno le hlephileng boitšoarong le fumana boithabiso bo bong e le bo khothaletsang likamano tsa botona le botšehali ka tsela e totobetseng haholo, bo tletseng boitšoaro bo bobe kapa pefo, ho thata ho nahana hore Mokreste a ka theola litekanyetso tsa hae le hore ka boomo a nahane ka bona le ho bo kenya pelong ea hae.
Ka lehlarokeng le leng, Morena Solomone ea bohlale o kile a re: “Se itokafatse ho feta tekanyo, kapa ua itlhalefisa ho feta tekanyo; ebe u ipolaela’ng ka ho etsa joalo?” (Moeklesia 7:16, BPN) Ho itokafatsa ke leraba leo ho leng bonolo hore motho a ka oela ho lona tabeng ea boithabiso. Re ka ikutloa re kholisehile ka khetho eo re e entseng ka ho hlahloba melao-motheo ea Bibele ka hloko le ka thapelo. Leha ho le joalo, re ka ’na ra fumana hore ba bang ba phelang ka melao-motheo e tšoanang ba etsa qeto e fapaneng. U se lumelle seo ho u amoha thabo ea hao. E mong le e mong o tlameha ho ba le boikarabelo mabapi le khetho ea hae.—Ba-Galata 6:4.
Bo Bongata Haholo ke bo Bokae?
Tsamaiso ea lefatše ea ho lekanyetsa lintho tsa bohlokoa ke e sa leka-lekanang ka tsela e feteletseng mabapi le ho eteletsa boithabiso pele. Ka mohlala, sehlooho sa haufinyane sa makasine oa khoebo Parks & Recreation se senolang maikutlo a bahlophisi le bahatisi ba oona se ile sa re boikhathollo ke “ntho ea bohlokoa bophelong.” Ka ho tšoanang, haufinyane The New York Times Magazine e boletse tjena ka bosiu ba Moqebelo, e leng nako e tloaelehileng ea boikhathollo: “Haeba u ka kopanya [Meqebelo ena], ho na le matsatsi a mangata haholo har’a beke bophelong ba rōna ho feta masiu a Moqebelo, empa bosiu ba Moqebelo ke bona bo etsang hore bophelo bo be le seo bo se bolelang.” Litsebi tse ling tsa kahisano li pheha khang ka hore esita le lichabeng tse ruileng ka ho fetisisa lefatšeng, hona joale sechaba se theiloe boikhathollong moo bolumeli ka bobona e leng boikhathollo ba mofuta o mong.
Bakreste ha ba makatsoe ke lintho tsena tse eteletsoang pele tse khopamisitsoeng. Ke khale Bibele e boletse esale pele hore “mehleng ena ea bofelo” e thata ho sebetsana le eona, batho e ne e tla ba “baithati, . . . ba ratang menate ea nama, e seng Molimo.” (2 Timothea 3:1-4, NW) Empa melao-motheo ea Bibele e re thusa ho beha lintho tse tlang pele sebakeng sa tsona se loketseng. Joalokaha Jesu a boletse, “u tlameha ho rata Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka sephefumolohi sa hao sohle le ka monahano ’ohle oa hao le ka matla a hao ’ohle.” (Mareka 12:30, NW) Kahoo, ho batho ba Molimo, lerato la bona ho eena ke ntho e tlang pele bophelong ba bona. Ba ke ke ba beha boithabiso sebakeng sa tšebeletso ea bona ea Bokreste, e tlang pele bophelong ba bona. Esita le mosebetsi oa bona oa boipheliso o tšehetsa mosebetsi oo oa bohlokoa.—Mattheu 6:33.
Kahoo tabeng ea boithabiso, Mokreste o lokela ho bala litšenyehelo, a lekanyetse hore na ke nako e kae eo boithabiso bo tla e nka ha e bapisoa le nako e tšoanelang boithabiso boo. (Luka 14:28) Haeba ho phehella boithabiso ba mofuta leha e le ofe ho tla bolela ho hlokomoloha lintho tsa bohlokoa, tse kang thuto ea botho ea Bibele kapa ea lelapa, nako ea ho ba le balumeli-’moho, tšebeletso ea Bokreste kapa lintho tsa bohlokoa tse tlamehang ho etsoa ka lapeng, joale hase ba bohlokoa.
Seo Boithabiso Boo U bo Khethang bo se Senolang ka Uena
Tekanyo ea nako eo re e qetang boithabisong e tla senola ho hongata ka lintho tseo re li etelletsang pele bophelong, joalokaha seo boithabiso boo re bo khethang bo se tšoereng se tla senola ho hongata ka boitšoaro ba rōna le ho tiea ha boinehelo ba rōna. Seo re se khethang se tla bolella batho sechabeng hore na re batho ba mofuta ofe, litekanyetso tseo re li tšehetsang. Seo re se khethang se tla bolella metsoalle ea rōna, lelapa la rōna le phutheho ea habo rōna hore na ebe re batho ba leka-lekaneng kapa ba sa tenyetseheng, ba tiileng kapa baikaketsi, ba lokileng kapa ba itokafatsang.
Etsa hore liqeto tsa hao li emele tumelo le litekanyetso tsa hao le tsa lelapa la hao, kaha u eme ka pel’a ’Mōpi ea hlahlobang lipelo le menahano ea rōna kaofela. Ba-Heberu 4:13 (BPN) e re: “Ha ho sebōpuoa se ka patehang pel’a hae; tsohle li pepeneneng, li bonahala mahlong a hae, eena eo re tla ikarabella ho eena.” Ke Molimo feela ea ka bonang karabo ea potso ena: Na ka sebele re tla tataisoa ke melao-motheo ea hae litšobotsing tsohle tsa bophelo?
-