Lefatše la Boithabiso le Hohelang
HOLLYWOOD! Ho sa tsotellehe hore u lula hokae lefatšeng, mohlomong lebitso leo le u hopotsa libaesekopo le boithabiso. Ka ho fapa-fapaneng e bitsoa motse-moholo oa boithabiso oa lefatše le toropo e hohelang ka ho feteletseng, ha ho motse o mong o nang le litlhaloso tse tšoanang le tsa khoebo ea libaesekopo joaloka motse ona o ka thōko ho toropo ea Los Angeles, California. Ka sebele motse ona o bonahala e le setsi sa lefatše sa boithabiso bo majaba-jaba le bo hohelang. Joalokaha mongoli e mong a itse, “botumo ba Hollywood ba ho etsa libaesekopo tsa boithabiso bo pharaletse lefatšeng lohle.”
Boithabiso—Khoebo e Khōlō
Empa hase botumo ba Hollywood feela bo pharaletseng; “Hollywood” ke khoebo e khōlō, e rekisetsang lefatše lohle thepa ea boithabiso. Ha e le hantle, ho latela makasine oa Time, thepa ea boithabiso ke eona e latelang thepa ea sepaka-paka thepeng eo United States e e rekisetsang linaha tse ling. Khoebo ea boithabiso e bokella liranta tse limillione tse likete tse ngata selemo le selemo, karolo e khōlō—e ka bang karolo ea 20 lekholong—e tsoa linaheng tse ling.
United States e fumana chelete e etsang karolo ea 35 lekholong ’marakeng oa lefatše oa thekiso ea libuka, karolo ea 50 lekholong ea chelete e bokelloang ka thekiso ea litheipi lefatšeng lohle, karolo ea 55 lekholong ea chelete ea libaesekopo le li-video tse ka rekisoang kapa tsa hirisoa, le karolo ea 75 ho isa ho 85 lekholong e etsoa ka TV.
Hollywood e lokisetsa lefatše boithabiso e le tsela ea ho leboha phaello ena e khōlō. Hase ka mehla lefatše le thabelang sena—linaha tse ’maloa li ile tsa ipelaetsa ka tšusumetso eo litloaelo tsa Maamerika li nang le eona, kaha bacha ba tsona ba tlohela meetlo le litumelo tsa sebakeng sa habo bona ba thahasella likhopolo tse tsoang Amerika tse ipiletsang. Leha ho le joalo, sena ha se bolele hore boithabiso bo tsoa United States feela. Linaha tse ngata li na le khoebo ea tsona ea boithabiso—libaesekopo, TV, litheipi, libuka, lipapali le tse ling.
Boithabiso—Bo Fumaneha Habonolo Hakaakang Kajeno
Ho sa tsotellehe hore na ke mang ea lokelang ho lokisetsa lefatše boithabiso, se hlokomelehang ka boithabiso ka bobona ke hore bo fumaneha ka tsela e bonolo haholo, kajeno bo bongata hoo re tlamehang ho sebetsana le boemo bo fapaneng ka ho felletseng, bo ka tšoantšoang le phetoho e khōlō. Ka mohlala: Haeba u ne u kile ua phela lilemong tse lekholo tse fetileng, monyetla oa hore u thabisoe ke libapali tse nang le talenta le tse koetlisitsoeng o ne o ka fumaneha hangata hakae? Esita le hoja u ne u kile ua lula linaheng tse ruileng ka ho fetisisa, ho ka etsahala hore u ile ua haelloa ke boithabiso ha ho lateloa khopolo ea moloko oa kajeno ea boithabiso. Ka mohlala, u ne u ka thatafalloa ke ho ea moketeng oa ’mino oa opera kapa k’honseteng ea symphony. Kajeno re se re mamela li-stereo tse nyenyane tse letsang mofuta o mong le o mong oa ’mino o leng teng, kapa re paqama sofeng ea lapeng, ’me ka ho khoatha konopo feela, re fumana boithabiso ba mofuta o mong le o mong oo re ka nahanang ka oona.
Linaheng tsohle tse tsoetseng pele moruong, u ka fumana bonyane TV e le ’ngoe malapeng a mangata, VCR le CD kapa sebapala-lik’hasete esita le thepa e ’ngoe ea motlakase. Bana ba bang ba hōla ba pota-potiloe ke lisete tsa TV ka lapeng e le lintho tse batlang li tloaelehile joaloka liipone. Linaheng tse batlang li futsanehile moruong, metse e mengata le libaka tsa boahelani li na le setsi sa motse sa TV moo batho ba ka bokanang teng mantsiboea hore ba ithabise. Batho ba fetohile makhoba a TV. Nako ea ho roba monakeli e tletse mefuta e mengata ea boithabiso.
Na ho na le se phoso ka seo? Na ho na le likotsi leha e le life boithabisong ba kajeno? Kapa na boithabiso ba kajeno bo mpa bo bolela letlotlo le oeleng makhoabane? Ha re hlaoleleng pono e leka-lekaneng ka lefatše la boithabiso le hohelang.