Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwb19 June leq. 7
  • E-ba Bohlale ha U Khetha Boithabiso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • E-ba Bohlale ha U Khetha Boithabiso
  • Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2019
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Khetha ho Ithabisa ka Tsela e Tla Khahlisa Jehova
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Tsela ea ho Khetha Boithabiso bo Molemo
    “Le Ipoloke Leratong la Molimo”
  • U ka Fumana Boithabiso—Bo Khathollang
    Tsoha!—1997
  • U Tla Khetha Boithabiso Bofe?
    Tsoha!—1992
Bala Tse Ling
Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2019
mwb19 June leq. 7

PHELA JOALOKA MOKRESTE

E-ba Bohlale ha U Khetha Boithabiso

Ke hobane’ng ha re lokela ho ba bohlale ha re khetha boithabiso? Hobane filimi, pina, websaete, buka kapa papali ea video eo u e khethang e lula ka kelellong ea hao. Liqeto tseo u li etsang li susumetsa boitšoaro ba hao. Bohloko ke hore boithabiso bo teng hona joale, bo akarelletsa lintho tseo Jehova a li hloileng. (Pes 11:5; Gal 5:​19-21) Ka lebaka leo, Bibele e re khothalletsa ho nahana ka lintho tse hlomphang Jehova.​—Fil 4:8.

SHEBELLANG VIDEO EA KE LOKELA HO KHETHA BOITHABISO BA MOFUTA OFE? KA MOR’A MOO, ARABANG LIPOTSO TSE LATELANG:

  • Papali ea tlholisano ea bahlabani ba Baroma

    Lipapali tsa bahlabani ba Baroma ba boholo-holo li tšoana joang le lipapali ling tse teng mehleng ee?

  • Mor’abo rona oa pula-maliboho o ts’imong le mor’abo rona ea monyane

    Litho tsa phutheho li ka thusa bacha ho khetha boithabiso ka bohlale joang?

  • Lesole

    Baroma 12:9 e ka re thusa joang ha re khetha boithabiso?

  • Bacha ba Lipaki ba bapala bolo

    Sebakeng seo u lulang ho sona, ke boithabiso bofe bo hloekileng?

NA BOITHABISO BO U ETSA MOTHO EA MAFOLOFOLO KAPA EA BOTSOA?

Boithabiso bo teng hona joale, bo ruta batho ho shebella kapa ho bala lintho tseo batho ba bang ba li etsang ho e-na le hore bona ba li etse. Lifilimi, libuka le mananeo a thelevishene a bontša lintho tse bohlale tseo batho ba bang ba li etsang ho e-na le tsa hao. Le hoja re ke khetha ho ithabisa ka ho shebella batho ba bang, batho ba bangata ba bone ho le molemo hore ba ithabise ka bobona. Ka mohlala, ba bang ba rata ho letsa liletsa tsa ’mino kapa ho toroea litšoantšo. Ba bang ba ithabisa ka ho bapala, ha ba bang bona ba rata ho hahlaula lithabeng. Ho sa tsotellehe hore na re khetha boithabiso ba mofuta ofe, re lokela ho etsa “lintho tsohle bakeng sa thoriso ea Molimo.”​—1Ko 10:31.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela