Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g92 11/8 maq. 8-10
  • U Tla Khetha Boithabiso Bofe?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U Tla Khetha Boithabiso Bofe?
  • Tsoha!—1992
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Litataiso tsa Bibele ke Life?
  • Tsela ea ho Khetha
  • Bo Bongata Haholo ke bo Bokae?
  • Seo Boithabiso Boo U bo Khethang bo se Senolang ka Uena
  • Tsela ea ho Khetha Boithabiso bo Molemo
    “Le Ipoloke Leratong la Molimo”
  • Khetha ho Ithabisa ka Tsela e Tla Khahlisa Jehova
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • E-ba Bohlale ha U Khetha Boithabiso
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2019
  • U ka Fumana Boithabiso—Bo Khathollang
    Tsoha!—1997
Bala Tse Ling
Tsoha!—1992
g92 11/8 maq. 8-10

U Tla Khetha Boithabiso Bofe?

HO BA le pono e leka-lekaneng ka boithabiso ke ntho e ’ngoe. Ho bontša ho leka-lekana boithabisong boo re bo khethang ke ntho e ’ngoe e fapaneng. Ho bonolo haholo ho bona hore boithabiso bo na le sebaka sa bona se loketseng, empa bo bongata ba bona ke bo se nang molemo le bo senyang nako. Ho sa ntse ho le joalo, letsatsi le letsatsi re na le liqeto tseo re lokelang ho li etsa—’me ha se ka mehla li leng bonolo.

Joalokaha re se re bone, khoebo ea boithabiso ha e etse hore ho etsa qeto ho be bonolo. Ho na le mefuta e mengata e rarahaneng eo ho ka khethoang ho eona, empa ka lilemo tse likete, Bibele e ile ea neha batho ba lipelo li tšepahalang tataiso eo ba e hlokang. Theknoloji ea mehleng ea kajeno ha ea etsa hore melao-motheo ea Bibele e be e se nang thuso; ka ho fapaneng, ke ea bohlokoa haholoanyane le e hlokahalang ho feta leha e le neng mehleng ena e hlasetsoeng ke likhathatso. Kahoo a re ke re hlokomeleng kamoo re ka sebelisang melao-motheo e joalo libakeng tse peli tse kotsi tsa boithabiso—seo bo se tšoereng le nako eo bo e nkang.

Litataiso tsa Bibele ke Life?

Mocha oa ipolaea, ’me ho fumanoa hore o ne a amehile ka ho tebileng ’minong oa rock o nang le morethetho o boima o khothalletsang batho hore ba ipolaee. Ngoanana ea lilemo li 14 o khakhatha ’mè oa hae ho fihlela a shoa, ’me ho bonahala hore le eena o ne a amehile ka ho tebileng ’minong o nang le morethetho o boima. Moshemane ea lilemo li 15 o bolaea mosali, ’me ’muelli oa hae oa molao o bolela hore o ne a susumelitsoe ke libaesekopo tse bontšang pefo e hlokofatsang e etsoang ka morero oa ho tšosa. Baesekopo e bontšang pefo ea likenke ea qalisa, ’me ho ba le lintoa tse mabifi pakeng tsa likenke tsa bacha ba leng ka har’a holo le ba leng moleng oa ho kena ka holong ea baesekopo.

Ho hlakile hore seo mofuta oa boithabiso boo re bo khethang o se tšoereng se na le phello e itseng ho rōna. Litsebi tse ling li ka hanyetsa litlaleho tse boletsoeng ka holimo ka ho bolela hore ke bopaki bo theiloeng liketsahalong tse etsahetseng mona le mane ’me ka hona e se bopaki bo kholisang. Leha ho le joalo, melao-motheo ea Bibele e toba bothata. Ka mohlala, nahana ka mantsoe ana a bohlale: “Ea tsamaeang le ba bohlale o tla hlalefa, empa ea tloaelaneng le maoatla o tla senyeha.” (Liproverbia 13:20) Na boithabiso ha bo tšoane le seo hantle—ho tsamaea kapa ho tloaelana le maoatla, kapa ba hlokang boitšoaro? Ka ho tšoanang, 1 Ba-Korinthe 15:33 e re: “Le se ke la lahleha: litloaelano tse mpe li bolisa mekhoa e metle.” Taba e hlakileng mona hase taba feela ea litsebi tse nang le likhopolo tse sa tšoaneng tse phehisanang ka lipalo-palo. Ke molao o bonolo oa tlhaho. Haeba re kopana le batho ba itšoereng hampe khafetsa, mekhoa ea rōna e tla ameha ka tsela e kotsi.

Melao-motheo e joalo ke e thusang le tabeng ea ho etsa lipapali, libaesekopo, TV le linaleli tsa ’mino melimo e rapeloang ea litšoantšo. Le hoja hangata linaleli li thoholetsa pefo kapa boitšoaro bo bobe, lipontšong tsa tsona le bophelong ba tsona, batšehetsi ba tsona—haholo-holo bacha—ba sa ntse ba bonahala ba li rapela. Haufinyane koranta The European e ile ea hlokomela: “Litsebi tsa kahisano li bontša hore lenane le eketsehang sechabeng la linaleli tsa pop mohlomong le phetha karolo eo ka nako e ’ngoe e neng e phethoa ke bolumeli bophelong ba bacha ba bangata.” Empa hlokomela seo Pesaleme ea 146:3 e se bolelang: “Le se ke la itšepela marena, leha e le bana ba batho ba sitoang ho pholosa motho!” Liproverbia 3:31 e re: “U se ke ua honohela motho oa pefo, kapa hona ho khetha leha e le efe ea litsela tsa hae.”—NW.

Molao-motheo o mong oa sehlooho ke ona: Nakong eo Bakreste ba etsang liqeto, ha baa tlameha ho nahana feela ka phello ea tsona ho bona ka bobona empa hape ka phello ea tsona ho ba bang ka phuthehong ea Bokreste, ho akarelletsa le bao matsoalo a bona a amehang habonolo. (1 Ba-Korinthe 10:23-33) Ka lehlakoreng le molemo, melao-motheo ea Bibele e re thusa ho beha litekanyetso tsa boithabiso boo ka ho loketseng re ka bo khethang. Moapostola Pauluse o ile a eletsa: “Ha e le ka ho hong, banab’eso, tsohle tsee e leng tsa ’nete, tsohle tse hlomphehang, tsohle tse lokileng, tsohle tse hloekileng, tsohle tse ratehang, tsohle tse botumo bo botle, tsohle tseo bokhabane bo bong le poko e ’ngoe e leng teng ho tsona, le ke le hopole tsona.”—Ba-Filippi 4:8.

Melao-motheo ena e ile ea tataisa batho ba Molimo ka makholo a lilemo. Bakreste ba neng ba le Roma ea boholo-holo ba ne ba sa hloke molao o lokolisang ntho e ’ngoe le e ’ngoe o bolelang hore lipapali tse bontšang batho ba loanang le liphoofolo, hammoho le lipolao tsa tsona le bobatana bo feteletseng hase boithabiso bo loketseng. Ba ne ba mpa ba sebelisa melao-motheo e joalo e tšoanang le e boletsoeng ka holimo bakeng sa ho sireletsa bona, malapa a bona le liphutheho tsa bona.

Tsela ea ho Khetha

Bakreste ba sebele ba etsa se tšoanang kajeno. Ha ba khetha boithabiso, ba qala ka ho hlahloba seo bo se tšoereng tabeng ea boitšoaro. Joang? Ka mohlala, pele ba reka rekoto, ba sheba sekoahelo sa eona. ’Mino o khothaletsoang moo o joang? Na o phahamisa litekanyetso tse hlephileng? Lehloeo? Borabele? Pefo? Likamano tsa botona le botšehali le khoheli ea tsona? Ka linako tse ling mantsoe a lipina a ka fumaneha bakeng sa hore a hlahlojoe. Ka ho tšoanang, likoahelo tsa libuka li na le kakaretso ea tse ka hare ho tsona ’me ka linako tse ling lintlha tse seka-sekang libuka lia fumaneha. Hape likoranteng ho na le karolo e seka-sekang libaesekopo le limakasine. Linaha tse ling li na le lefapha le hlahlobang libaesekopo le ka fanang ka tataiso e molemo. Ho hlakile hore haeba lefatše la kajeno le hlephileng boitšoarong le fumana boithabiso bo bong e le bo khothaletsang likamano tsa botona le botšehali ka tsela e totobetseng haholo, bo tletseng boitšoaro bo bobe kapa pefo, ho thata ho nahana hore Mokreste a ka theola litekanyetso tsa hae le hore ka boomo a nahane ka bona le ho bo kenya pelong ea hae.

Ka lehlarokeng le leng, Morena Solomone ea bohlale o kile a re: “Se itokafatse ho feta tekanyo, kapa ua itlhalefisa ho feta tekanyo; ebe u ipolaela’ng ka ho etsa joalo?” (Moeklesia 7:16, BPN) Ho itokafatsa ke leraba leo ho leng bonolo hore motho a ka oela ho lona tabeng ea boithabiso. Re ka ikutloa re kholisehile ka khetho eo re e entseng ka ho hlahloba melao-motheo ea Bibele ka hloko le ka thapelo. Leha ho le joalo, re ka ’na ra fumana hore ba bang ba phelang ka melao-motheo e tšoanang ba etsa qeto e fapaneng. U se lumelle seo ho u amoha thabo ea hao. E mong le e mong o tlameha ho ba le boikarabelo mabapi le khetho ea hae.—Ba-Galata 6:4.

Bo Bongata Haholo ke bo Bokae?

Tsamaiso ea lefatše ea ho lekanyetsa lintho tsa bohlokoa ke e sa leka-lekanang ka tsela e feteletseng mabapi le ho eteletsa boithabiso pele. Ka mohlala, sehlooho sa haufinyane sa makasine oa khoebo Parks & Recreation se senolang maikutlo a bahlophisi le bahatisi ba oona se ile sa re boikhathollo ke “ntho ea bohlokoa bophelong.” Ka ho tšoanang, haufinyane The New York Times Magazine e boletse tjena ka bosiu ba Moqebelo, e leng nako e tloaelehileng ea boikhathollo: “Haeba u ka kopanya [Meqebelo ena], ho na le matsatsi a mangata haholo har’a beke bophelong ba rōna ho feta masiu a Moqebelo, empa bosiu ba Moqebelo ke bona bo etsang hore bophelo bo be le seo bo se bolelang.” Litsebi tse ling tsa kahisano li pheha khang ka hore esita le lichabeng tse ruileng ka ho fetisisa lefatšeng, hona joale sechaba se theiloe boikhathollong moo bolumeli ka bobona e leng boikhathollo ba mofuta o mong.

Bakreste ha ba makatsoe ke lintho tsena tse eteletsoang pele tse khopamisitsoeng. Ke khale Bibele e boletse esale pele hore “mehleng ena ea bofelo” e thata ho sebetsana le eona, batho e ne e tla ba “baithati, . . . ba ratang menate ea nama, e seng Molimo.” (2 Timothea 3:1-4, NW) Empa melao-motheo ea Bibele e re thusa ho beha lintho tse tlang pele sebakeng sa tsona se loketseng. Joalokaha Jesu a boletse, “u tlameha ho rata Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka sephefumolohi sa hao sohle le ka monahano ’ohle oa hao le ka matla a hao ’ohle.” (Mareka 12:30, NW) Kahoo, ho batho ba Molimo, lerato la bona ho eena ke ntho e tlang pele bophelong ba bona. Ba ke ke ba beha boithabiso sebakeng sa tšebeletso ea bona ea Bokreste, e tlang pele bophelong ba bona. Esita le mosebetsi oa bona oa boipheliso o tšehetsa mosebetsi oo oa bohlokoa.—Mattheu 6:33.

Kahoo tabeng ea boithabiso, Mokreste o lokela ho bala litšenyehelo, a lekanyetse hore na ke nako e kae eo boithabiso bo tla e nka ha e bapisoa le nako e tšoanelang boithabiso boo. (Luka 14:28) Haeba ho phehella boithabiso ba mofuta leha e le ofe ho tla bolela ho hlokomoloha lintho tsa bohlokoa, tse kang thuto ea botho ea Bibele kapa ea lelapa, nako ea ho ba le balumeli-’moho, tšebeletso ea Bokreste kapa lintho tsa bohlokoa tse tlamehang ho etsoa ka lapeng, joale hase ba bohlokoa.

Seo Boithabiso Boo U bo Khethang bo se Senolang ka Uena

Tekanyo ea nako eo re e qetang boithabisong e tla senola ho hongata ka lintho tseo re li etelletsang pele bophelong, joalokaha seo boithabiso boo re bo khethang bo se tšoereng se tla senola ho hongata ka boitšoaro ba rōna le ho tiea ha boinehelo ba rōna. Seo re se khethang se tla bolella batho sechabeng hore na re batho ba mofuta ofe, litekanyetso tseo re li tšehetsang. Seo re se khethang se tla bolella metsoalle ea rōna, lelapa la rōna le phutheho ea habo rōna hore na ebe re batho ba leka-lekaneng kapa ba sa tenyetseheng, ba tiileng kapa baikaketsi, ba lokileng kapa ba itokafatsang.

Etsa hore liqeto tsa hao li emele tumelo le litekanyetso tsa hao le tsa lelapa la hao, kaha u eme ka pel’a ’Mōpi ea hlahlobang lipelo le menahano ea rōna kaofela. Ba-Heberu 4:13 (BPN) e re: “Ha ho sebōpuoa se ka patehang pel’a hae; tsohle li pepeneneng, li bonahala mahlong a hae, eena eo re tla ikarabella ho eena.” Ke Molimo feela ea ka bonang karabo ea potso ena: Na ka sebele re tla tataisoa ke melao-motheo ea hae litšobotsing tsohle tsa bophelo?

[Setšoantšo se leqepheng la 8]

Boithabiso boo u bo khethang bo senola ho hongata ka uena le lelapa la hao

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Na u hlokolosi haholo ka seo u se shebellang, seo u se mamelang le seo u se balang?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela