Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g92 11/8 maq. 11-12
  • Moloko oa Batho o Laba-labela Lefatše le Lecha

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Moloko oa Batho o Laba-labela Lefatše le Lecha
  • Tsoha!—1992
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Lefatše le Lecha la Mofuta Ofe?
  • Bibele e Re’ng ka Ntoa ea Nuclear?
    Lihlooho Tse Ling
  • Na Batho ba ka Tlisa Khotso le Tšireletseho Tsa Kamehla?
    Khotso ea ’Nete le Tšireletseho—U Ka Li Fumana Joang?
  • Lefatše Le Lecha—Na Le Tla Ke Le Tle?
    Tsoha!—1993
  • Ntoa ea Nyutlelie—Tšokelo e Etsoa ke Bo-mang?
    Tsoha!—2004
Bala Tse Ling
Tsoha!—1992
g92 11/8 maq. 11-12

Moloko oa Batho o Laba-labela Lefatše le Lecha

HA HO mohla batho ba kileng ba laba-labela lefatše le lecha ho feta hona joale. Lilemo tse mashome a robeli tse fetileng tsa lintoa, mefere-fere, litlala, mafu, tlōlo ea molao le tšilafalo e bile tse tšosang ka ho fetisisa. Batho ba batla ho phela lefatšeng le lecha la khotso. Karabelong ea takatso ena, baeta-pele ba lefatše ba qalile ho bua ka ho theha lefatše le joalo.

Ha ho pelaelo hore u utloile kapa hona ho bala lipuo tsa banna ba tsebahalang ba bolelang hore lefatše le lecha le haufi. Mopresidente oa U.S. George Bush puong ea hae ka September 1991 o itse: “Mantsiboeeng ana, ha ke ntse ke shebeletse tšoantšiso ea puso ea sechaba ka sechaba e ntseng e ba kobo-anela lefatšeng lohle, mohlomong—mohlomong re atametse lefatše leo le lecha ho feta leha e le neng pele.”

E le bopaki ba hore lefatše leo le lecha le haufi, baeta-pele ba lefatše ba supa ho fela ha Ntoa ea Mantsoe e pakeng tsa linaha tsa Bochabela le Bophirimela. Ka sebele, lefatše le ikutloa le imolohile haholoanyane ha mananeo a ho beha libetsa fatše a kenngoa tšebetsong. Ho fokotsoa ha libetsa tsa nuclear ho matlafatsa tšepo ea batho ba bangata bakeng sa lefatše le lecha la khotso le tšireletseho.

Ka April selemong sena, George McGhee, motlatsi oa mongoli oa naha ea ka sehloohong nakong ea puso ea mopresidente oa U.S. ea seng a shoele John F. Kennedy, o ile a re: “Hona joale re na le monyetla—ka sebele, tlhokahalo—ea ho etsa setšoantšo sa tsamaiso ea lefatše le lecha e theiloeng holim’a likhopolo tse ncha tsa tšireletseho.” O ile a phaella ka hore: “Ke lumela hore tšepo e ka bang le liphello tse molemo bakeng sa tsamaiso ea lefatše le lecha e atlehileng e itšetlehile ka ho matlafatsa tlamahano ea machaba.”

McGhee o boletse hore ho khaotsa ha Fora liteko tsa nuclear ka nakoana ho ea bofelong ba 1992 ho ile ha “susumetsa linaha tse ling tse matla taolong ea libetsa tsa nuclear ho etsa se tšoanang.” O boetse a supa mehato ea pele ea Russia “ea ho fokotsa libetsa tsa nuclear le ho ikhula boemong bo kotsi ba ho ikemisetsa ho ntšetsa pele morero oa ho sebetsana le libetsa tsa nuclear.”

Ho feta moo, sebokeng sa baeta-pele ba lefatše London ka July 1991, ba supileng ho bona ba ile ba bolela hore selekane se ileng sa etsoa ke lichaba ntoeng ea Koung ea Persia se “tiisitse hore lichaba tse sa tšoaneng li na le matla a ho sebetsa hammoho ‘ho tsosolosa khotso ea machaba le tšireletseho le ho rarolla likhohlano.’”

Ke Lefatše le Lecha la Mofuta Ofe?

Sena sohle se utloahala se khothatsa. Empa ipotse, Ke lefatše le lecha la mofuta ofe leo lichaba li laba-labelang ho le tlisa? Na ke lefatše le se nang libetsa, le se nang ntoa?

McGhee oa araba: “Amerika e tlameha ho ba le sesole se lekaneng bakeng sa ho nka karolo ntoeng e kopanetsoeng, kapa ho hlōla haeba ho ka ba le ntoa e ke keng ea qojoa.” Kahoo baeta-pele ba lefatše ha ba buelle ho behoa ha libetsa fatše ka ho felletseng, leha e le hona ho felisa ntoa, joalokaha McGhee a boletse ‘ntoa e ke ke ea qojoa.’ Mebuso ha e tšepise lefatše le lecha le se nang ntoa. Ha e le hantle, ea tseba hore e ke ke ea tlisa lefatše le joalo.

Ka mohlala, talima se seng se etsahetse. Tlas’a sehlooho sa koranta ea New York Times ea May 17, 1992, se reng, “Taolo ea Lefatše le Lecha,” moqolotsi oa litaba Anthony Lewis o ile a ngola: “Ha ke talima litšoantšo tsa thelevishene tsa libetsa tse nang le liqhomane tse oelang holim’a [Sarajevo, Bosnia le Herzegovina,] le baahi ba phelang ka tšabo, ke ile ka nahana hore tsoelo-pele ha ea hatela pele ho tloha ha libomo tsa Nazi li oela holim’a Rotterdam. Ho bile le seo ho thoeng ke taolo ea lefatše le lecha.”

Leha ho le joalo, ka ntle le ho felisa ntoa, ho na le mathata a mang a mangata a hlokang ho rarolloa e le hore ho ka tlisoa lefatše le lecha le khotsofatsang. Nahana ka tšilafalo e nanarelang moea oa rōna, naha le maoatle; mekhatlo e sa lumelloang ka molao le khoebo ea lithethefatsi e amohang batho ba limillione thepa ea bona le bophelo bo botle; ho senngoa ha meru ho sa laoleheng ho tlatsetsang khoholehong ea mobu hoo qetellong ho lebisang likhoholeng tse senyang lijalo.

Ho feta moo, ho sa ntse ho na le mafu a tšosang a letetseng phekolo a akarelletsang lefu la pelo, kankere, AIDS, leukemia le lefu la tsoekere. Ho thoe’ng ka mathata a bofutsana, batho ba hlokang mahae, likhaello tsa lijo le metsi, phepo e sa nepahalang, ho se tsebe ho bala le ho ngola le ho senyeha ha lera la ozone? Ka sebele lenane la mathata ke le sa khaotseng. Mathata ana a tebileng a tšoana le libomo tsa nako tse chehiloeng. Motho o lokela ho li cheholla hona joale pele li phatloha li etsa letoto la likoluoa tse ka etsang hore a qetelle a itimelitse ka boeena. Na motho a ka tlisa lefatše le lecha ka nako e le hore le ka etsa seo?

Mekhatlo le liboka li ’nile tsa sebetsa ka thata ho rarolla mathata a lefatše. Leha ho le joalo, mathata a ile a eketseha ha ba ha hlaha a mang a macha le a rarahaneng haholoanyane. Na ho hlōleha ha motho ho rarolla mathata ana ho bolela hore takatso ea batho ea lefatše le lecha le nang le khotso, le le nang le tšireletseho ke e se nang thuso? Re ka kholiseha hore karabo ke che! Ak’u hlokomele hore na ke hobane’ng ha re araba ka tsela ena.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela