Haha Thahasello ka ho Etsa Maeto a Atlehileng a ho Boela
1 Puo ka ’ngoe e lokiselitsoeng hantle e kopanyeletsa kenyeletso e tsosang thahasello, ’mele oa puo o nang le boitsebiso, le qetello e susumetsang. Kenyeletso e hapa tlhokomelo ea bamameli, empa puo ha ea fella ha e se na ’mele oa puo le qetello. Molao-motheo o tšoanang oa sebetsa le tšebeletsong ea rōna. Ho loketse ho tsosa thahasello ea mong’a ntlo ketelong ea pele, empa re tlameha ho ’na re haha holim’a thahasello eo ea pele ka ho etsa maeto a atlehileng a ho boela.
2 Ke hobane’ng ha Molimo a lumeletse ho utloa bohloko? Ena ke potso e tebileng hakaakang! Na ha u lumele hore taba ee e likelellong tsa batho ba bangata kajeno? Ke ka hona sehloohong se ka holimo, ho ileng ha etsoa tlhahiso ea hore u phahamise potso ena qetellong ea ketelo ea pele ka sepheo sa ho e araba ha u etsa leeto la ho boela.
3 U ka re:
◼ “Lumela. Lekhetlong le fetileng ha re ne re bua, ho ile ha kenella taba ea hore Molimo o lumeletse ho utloa bohloko, ’me ke ile ka tšepisa hore ke tla khutla ke u tšoaretse boitsebiso bo bong. Batho ba bangata ba ikutloa hore haeba ka sebele Molimo a hlile a re tsotella, o ne a tla felisa ho utloa bohloko. Mohlomong u kile ua ikutloa ka tsela e tšoanang. [Emela hore mong’a ntlo a arabe.] Bibele e re tiisetsa hore e hlile Molimo oa tsotella. [Bala 1 Johanne 4:8.] Molimo o na le mabaka a utloahalang a ho lumella hore ebe ho utloa bohloko ho bile teng ho fihlela joale. Le leng la mabaka ao le hlalositsoe ho 2 Petrose 3:9. [E bale.] Mabaka a mang a boletsoe bukaneng ena e lekanang le makasine.” Ebe u phetla ho leqephe 15 la bukana ea “Bonang, Ntho Tsohle ke li Etsa tse Ncha!” u bue ka ntlha e thahasellisang.
4 Batho ba bang ba ka thahasella ho fumana tlhaloso e batsi haholoanyane, ’me ho ka hlokahala maeto a ’maloa a ho boela pele ba ka khotsofatsoa ke karabo ka ho feletseng. Libuka tse ngata tsa Mokhatlo tse maqephe a 192 tse tla buelloa ka January li kopanyeletsa khaolo e ka sebelisoang e le motheo oa puisano e eketsehileng tabeng eo ho buisanoang ka eona.
5 Ha u phetha puisano, phahamisa potso e ’ngoe ’me u bolelle mong’a ntlo hore u tla thabela ho abelana le eena boitsebiso bo bong bo thahasellisang ha u khutlela. Batho ba bangata ba ka thabela ho tseba hore na ho etsahala eng ka motho ha a shoa. Ke hobane’ng ha u sa lokisetse hore le buisane ka taba eo ka nako e loketseng?
6 Ho tla u thusa ho hopola melao-motheo e meraro. Tenyetseha. E ka ’na eaba mong’a ntlo ha a tloaela ho behella nako ka thōko bakeng sa puisano ea Bibele. Khutsufatsa taba. U se ke ua lula nako e telele kapa ua koahela lintlha tse ngata ka lekhetlo la pele. Maemong a mangata, batho ba tla arabela hantle ketelong ea hao haeba u koahela lintlha tse ’maloa feela ka nako e khutšoaane. Bontša mofuthu le botsoalle. Bontša mong’a ntlo hore u hlile u na le thahasello ea botho ho eena.
7 Pakane ea rōna ke ho kenyeletsa mong’a ntlo puisanong ea Bibele. Joale re batla ho qalisa thuto ea lehae ea Bibele e behang litholoana re sebelisa khatiso e loketseng, joaloka buka ea Phela ka ho sa Feleng. Thabo ena e ka ba ea hao haeba ka mamello u haha holim’a thahasello ea pele ka ho etsa maeto a ho boela a atlehileng.