Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 1/93 leq. 4
  • Ho Sebelisa Likofuto Tsa Bohlokoa ka Bohlale

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Sebelisa Likofuto Tsa Bohlokoa ka Bohlale
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Maeto a ho Boela a Bonolo le a Atlehang
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Hokahanya Lipampitšana le Lingoliloeng tse Ling
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Sebelisa Lipampitšana ho Kenyeletsa Buka Motho e Moholo ka ho Fetisisa
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Thusa ba Bang ho Ithuta ka Mor’a Molimo, Jesu Kreste
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
km 1/93 leq. 4

Ho Sebelisa Likofuto Tsa Bohlokoa ka Bohlale

1 Ha u paka ka ntlo le ntlo, pakane ea hao e lokela ho ba ho etsa hore mong’a ntlo a kopanele puisanong e hahang, ea Mangolo ka ho sebelisa Bibele le likofuto tse ling tsa bohlokoa. (Bapisa le 2 Ba-Korinthe 6:1; 2 Timothea 2:15.) Batho ba leng tšimong ea lōna ba amehile ka eng matsatsing aa? Na ba amehile ka boemo ba moruo le ho theoha ha boleng ba bophelo ba lelapa? Na ba tšoenyehile ka ho ata ha tlōlo ea molao le ho hloka molao ho leng teng naheng ee? Likenyeletso tse ’maloa tabeng leha e le efe ea tsena li ka lebisa puisanong e ntle ea Bibele.

2 U ka re:

◼ “Linakong tsena tse tletseng phephetso, batho ba bangata ba ho fumana ho le thata ho fumana lintho tse hlokahalang bophelong. Na u nahana hore mebuso ea batho e tla rarolla mathata a rōna a lichelete ka tsela e tla khotsofatsa e mong le e mong? [Mamela karabo.] Ke fumane khopolo ena e khothatsa haholo . . . ”

3 Joale u ka bala Pesaleme ea 72:12-14 ebe u phetha puisano ka ho khetha temana e ’ngoe ho tse leng ho maqephe 378-9 bukeng ea Ho Bea Mabaka. Kapa ka mor’a ho bala lengolo le le leng, u ka bua ka serapa se ho khaolo 1 kapa 21 bukeng ea Tšireletseho Lefatšeng Lohle. U ka boetse ua lebisa thahasello ea mong’a ntlo litšoantšong tse leng likhaolong tsena. Nehelana ka buka ka monehelo oa R2,60.

4 Kapa u ka khetha ho sebelisa katamelo ena:

◼ “Batho ba bangata ba lumela hore re phela ‘mehleng ea qetello’ le hore nako e fela ka potlako bakeng sa lefatše lena. U ikutloa joang ka seo? [Emela karabo.] Na u kile ua hlokomela hore Bibele e re bolella kamoo re ka pholohang bofelo ba lefatše lee ka teng ’me ra phela lefatšeng le tla etsoa paradeise? Na nka arolelana le uena lengolo lee le khothatsang?” Bala Pesaleme ea 37:9-11. Lebisa mong’a ntlo ho khaolo 21 bukeng ea Tšireletseho Lefatšeng Lohle ebe u bala lirapa 5 le 6 ho maqephe 172-3. Bua ka setšoantšo. Ho itšetlehile ka thahasello ea mong’a ntlo le ka nako, u ka bala mangolo a eketsehileng le eena. (Bona buka ea Ho Bea Mabaka, maqephe 293-302.)

5 Bahoeletsi ba bang ba ho fumane ho atleha ho sebelisa pampitšana Bophelo Lefatšeng le Lecha la Khotso ho qalisa puisano. Ka bonolo feela ba bontša mong’a ntlo setšoantšo ebe ba ’motsa hore na ebe a ka thabela ho phela tlas’a maemo a joalo a khotso. Joale ba lebisa tlhokomelo ea mong’a ntlo serapeng se leng pampitšaneng. Ka mor’a ho buisana ka lintlha tse ’maloa ho tsoa pampitšaneng le ho bala lengolo le le leng kapa a mabeli, ba buella buka ea Tšireletseho Lefatšeng Lohle.

6 Haeba mong’a ntlo a hanne mpho ea buka, a ka sieloa pampitšana ’me ha etsoa litokisetso tsa ho khutla le ho ntšetsa puisano pele. Bahoeletsi ba bangata—ho kopanyeletsa le bacha—ba qalisa lithuto tsa Bibele ka katleho ka e ’ngoe ea lipampitšana ka ho bala serapa ebe ba batla maikutlo a mong’a ntlo ka se baliloeng.

7 Haeba u ka khona ho qalisa thuto ketelong ea pele, etsa litokisetso tse tobileng tsa ho ntšetsa puisano pele hamorao. U ka rala motheo oa ketelo e hlahlamang ka ho bolella mong’a ntlo hore ha u khutlela u ka rata ho arolelana le eena karabo ea potso e botsoang hangata: “Ke hobane’ng ha Molimo a lumella ho utloa bohloko?” Sehlooho sena se tlaase se tla bontša kamoo taba ena e ka hōlisoang ka teng leetong la ho boela.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela