Litaba tsa Puso ea Molimo
Afrika Boroa: Ho ea bofelong ba 1992 Liholo tse latelang tsa ’Muso li ile tsa phethoa: KaNyamazane Central (haufi le Nelspruit), Katlehong (haufi le Alberton—liholo tsena tse hahiloeng ka jareteng e le ’ngoe li hahiloe ka mafelo-beke a mararo ka October ’me li tla sebeletsa liphutheho tse ’nè), Meyerton (holo e ’ngoe e hahiloeng ka potlako), le Cala le Lugangeni tse leng Transkei.
Selemong sa 1992, Liholo tsa ’Muso tse 34 li ile tsa neheloa ho Jehova. Ena ke palo e phahameng ka ho fetisisa ea selemo se le seng Afrika Boroa. Re leboha bohle bakeng sa tšehetso ea bona e entsoeng ka seatla se bulehileng tabeng ena. E se eka re ka boloka mohato ona o motle ’me re lule re itšetlehile ka Jehova ho sohle seo re se etsang.
Australia: Ka August ho ile ha finyelloa tlhōrō e ncha ea bahoeletsi ba 57 272, e leng ho ileng ha koala selemo sa tšebeletso ka bahoeletsi ba 1 541 ho feta tlhōrō ea bona e fetileng. Ho ile ha tlalehoa palo e khōlō ka ho fetisisa ea lithuto tse 31 712.
Cyprus: August e bile le tlhōrō ea borobeli ea bahoeletsi bakeng sa selemo sa tšebeletso ’me ho ile ha tlaleha ba 1 433. Ena e bile keketseho ea 9 lekholong ho feta kakaretso ea selemong se fetileng.
Dominican Republic: Kaha ho ile ha tlaleha ba 15 418 ka August, ba bile le keketseho ea 20 lekholong ea bahoeletsi ho feta selemong se fetileng sa tšebeletso. Bahoeletsi ba fetang karolo ea 20 lekholong ba tšebeletsong ea nako e tletseng.
Ghana: Ka August ho ile ha finyelloa keketseho ea 18 lekholong ea bahoeletsi ho feta kakaretso ea selemong se fetileng ka hore ba 37 676 ba tlalehe tšebeletso ea tšimo.
Puerto Rico: Ka August ho tlalehiloe tlhōrō e ncha ea bahoeletsi ba 25 315.
Togo: Ka August ho ile ha finyelloa keketseho ea 28 lekholong ea bahoeletsi ho feta kakaretso ea selemo se fetileng. Selemo sa tšebeletso se felile ho tlaleha bahoeletsi ba 7 100. Ho bile le ba bacha ba 728 ba ileng ba kolobetsoa selemong seo.