Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 7/93 leq. 2
  • Litaba tsa Puso ea Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litaba tsa Puso ea Molimo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Litaba Tsa Puso ea Molimo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
  • Litaba Tsa Puso ea Molimo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
  • Litaba Tsa Puso ea Molimo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Litaba Tsa Puso ea Molimo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
km 7/93 leq. 2

Litaba tsa Puso ea Molimo

Afrika Boroa: Liholo tse ling tse peli tsa ’Muso tse hahiloeng ka potlako li ile tsa neheloa, e ’ngoe ka March 20 Zola North (Soweto), ’me e ’ngoe ka May 8 Siyathemba (Balfour). Liholo tse peli tsa ’Muso tse hahiloeng bocha, e ’ngoe Strand le e ’ngoe Rondebosch, li ile tsa neheloa mafelo-bekeng a May 8 le 9. Holo ea ’Muso Kroonstad e ile ea neheloa ka Moqebelo, May 8. Re thabela ho bona mehaho ena e mehlano, e metle e sebeletsa liphutheho tse supileng. Re lakatsa ho babatsa ka ho khetheha liphutheho tsohle tse 155 tse nang le sekoloto sa kaho ea Holo ea ’Muso bakeng sa ho romela tefo ea tsona ka botšepehi ho Mokhatlo, le liphutheho tsohle tse etsang monehelo Letloleng la Mokhatlo la Kaho ea Liholo tsa ’Muso.

Benin: Ka February ho tlalehiloe tlhōrō e ncha ea bahoeletsi ba 2 967. Ha ho bapisoa le mosebetsi o entsoeng selemong se le seng se fetileng, bahoeletsi ba eketsehile ka karolo ea 13,8 lekholong, lihora li eketsehile ka karolo ea 6,1 lekholong, limakasine tse tsamaisitsoeng li eketsehile ka karolo ea 40,6 lekholong, le lithuto tsa Bibele ka karolo ea 25,1 lekholong.

Zaire: Ho sa tsotellehe pherekano ea moruo le ea lipolotiki naheng ena, baena ba tlalehile tlhōrō e ncha ea bahoeletsi ba 71 098 ka February. E bile keketseho ea karolo ea 9 lekholong ho kakaretso ea selemo se fetileng. Ka karolelano mohoeletsi ka mong oa phutheho o sebelitse lihora tse 16,8 tšebeletsong ea tšimo. Hona joale Zaire e na le bo-pula-maliboho ba ka mehla ba fetang 6 000.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela