Litaba Tsa Puso ea Molimo
◼ Linaha tsa Afrika Bophirimela Benin, Cameroon, Côte d’Ivoire, Ghana, Liberia, le Nigeria kaofela li ile tsa fihlela tlhōrō e ncha ea bahoeletsi ka February.
◼ Baphaphathehi ba bangata ba khutletse Liberia, ’me ho na le tlala ea sebele ea ho lapela ’nete naheng eo. Tlhōrō ea bona ea February ea bahoeletsi ba 2286 e ile ea tlaleha lithuto tsa mahae tsa Bibele tse 6277.
◼ Afrika Boroa, Likomiti tsa Kaho tsa Libaka li ’nile tsa tsamaisana le lenaneo la tsona la kaho ea Liholo tsa ’Muso. Ka lebaka leo, liholo tse latelang li ile tsa neheloa ka April: Bronkhorstspruit (Gauteng), le Eerstehoek, Maotole, Somerset le Tjakastad (Mpumalanga). Hona ho tlisa lenane la liholo tse nehetsoeng selemong sena sa tšebeletso ho 19. Likomiti tsa Kaho tsa Libaka hona joale li tšoarehile ka ho lokisetsa le ho haha liholo tse fetang 30. Ho lebohuoa ka pelo eohle mosebetsi o motle o etsoang ke likomiti tsena le basebetsi ba baithaopi ho pholletsa le naha.
◼ Sehlekehleke sa Madagascar se ile sa finyella tlhōrō e ncha ea bahoeletsi ba 9484, eo e neng e le keketseho ea karolo ea 14 lekholong ho feta karolelano ea selemo se fetileng. Le bona ba ile ba tlaleha lithuto tsa mahae tsa Bibele tse fetang 20 000 ka February.