Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 4/92 leq. 9
  • Litaba Tsa Puso ea Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litaba Tsa Puso ea Molimo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Litaba Tsa Puso ea Molimo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
  • Litaba Tsa Puso ea Molimo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
  • Litaba tsa Puso ea Molimo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Litaba tsa Puso ea Molimo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
km 4/92 leq. 9

Litaba Tsa Puso ea Molimo

Afrika Boroa: Ho khothatsa haholo ho hlokomela hore merero e 25 ea Holo ea ’Muso e ne e se e ntse e le haufi le ho fela qalong ea selemo sena. Hape, liphutheho tse ’maloa li nchafatsa liholo tsa tsona. Re khothalletsa bohle ba leng kahong ea Holo ea ’Muso hore ba etse mosebetsi ka lebelo le tšoanang.

◼ Ka January le February 1992 lihlopha tsa Sekolo sa Tšebeletso sa ’Muso li ile tsa tšoareloa baholo ba 3971 le bahlanka ba sebeletsang ba 3637. Lihlopha tsohle li ile tsa tšoaroa ka katleho ’me baena ba bangata ba ile ba bolela kananelo ea bona bakeng sa thupelo eo. Baholo ka ho khetheha ba ile ba ananela buka e hatisitsoeng bocha ea Sekolo sa Tšebeletso sa ’Muso. Mokhatlo o batla ho leboha baholo bohle le bahlanka ba sebeletsang bakeng sa menehelo ea bona ea chelete e fanoang ka seatla se bulehileng bakeng sa mosebetsi oa ’Muso.

St. Lucia: Ka November ho ile ha fihleloa tlhōrō e ncha ea bahoeletsi ba 481.

Tahiti: Ka November ho ile ha fihleloa tlhōrō e ncha ea bahoeletsi ba 1366 e leng keketseho ea 10 lekholong.

Thailand: Ka November ho ile ha tlalehoa tlhōrō e ncha ea bahoeletsi ba 1232, e leng karolo ea 6 lekholong ho feta ba ileng ba tlaleha khoeling eona eo selemong se fetileng.

Zaire: Khoeli ea October 1991 e ile ea ferekanngoa ke merusu le ho inkela lintho ka mahahapa metseng e mengata. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe mathata a moruo, baena ba ntse ba tšoarehile ka ho bolela litaba tse molemo. Lenaneo la liphallelo la thuso ea lijo le ile la sebelisoa Kinshasa ho thusa baena ba rōna; ba ananetse sena haholo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela