Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 4/92 leq. 9
  • Lebokose la Lipotso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lebokose la Lipotso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tokisetso e Ncha ea Lilaebrari Tsa Liholo Tsa ’Muso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
  • Laebrari e Holong ea ’Muso e ka re Tsoela Molemo Joang?
    Ke Bo-mang ba Etsang Thato ea Jehova Kajeno?
  • Lebokose la Lipotso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
  • Haeba ea Atleha, e Sebelise!
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
km 4/92 leq. 9

Lebokose la Lipotso

◼ Na phutheho e lokela ho ba le faele ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso?

Tokollong ea June 1972 ea Tšebeletso ea ’Muso, ho ile ha bontšoa hore ke bohlale hore laeboraring ea Holo ea ’Muso ho bolokoe faele ea likhatiso tsa khoeli le khoeli tsa Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso molemong oa litšupiso. Ho ntse ho loketse ho boloka faele e joalo laeboraring ka ’ngoe Holong ea ’Muso hore e sebelisoe ke baholo le bahoeletsi.

Ha ho e-na le faele e joalo, bahoeletsi ba ka ea boitsebisong bo fetileng bo buang ka linehelano tsa tšebeletso ea tšimo, ho khanna lithuto tsa Bibele, ho etsa maeto a ho boela, joalo-joalo. Ho ka fumanoa likhopolo tse ntle tse ka sebelisoang tšebeletsong. Nako le nako, litokollo tsa morao-rao tsa Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso li supa ho litokollo tse ileng tsa hatisoa pele baena ba bang ba kopanela le phutheho. Batho ba sa tsoa kopanela ba ka rua molemo haeba ho bolokoa faele e joalo.

Baholo ba lokela ho abela molebeli oa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo kapa mohlanka ea sebeletsang ea tšoanelehang hore a etse bonnete ba hore faele e bolokoa e le nakong khoeli le khoeli. Le hoja boitsebiso bo fanoeng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso e le litlhahiso e se melao e thata-thata, e ntse e le mohloli o motle oa litšupiso ’me e lokela e be karolo ea laeborari ea Holo ea ’Muso ea phutheho ka ’ngoe. Litokollo tse fetileng tsa Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso li ke ke tsa odoroa ho Mokhatlo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela