Tokisetso e Ncha ea Lilaebrari Tsa Liholo Tsa ’Muso
E se e le lilemo tse ngata liphutheho lefatšeng lohle li rua molemo ka ho sebelisa laebrari ea tsona ea Holo ea ’Muso, eo pele e neng e tsejoa e le laebrari ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. Nakong e fetileng, ho ile ha bonoa ho hlokahala hore phutheho e ’ngoe le e ’ngoe e be le laebrari ea eona. Leha ho le joalo, kaha hona joale Liholo Tsa ’Muso tse ngata li sebelisoa ke liphutheho tse ’maloa, ’me tse ling tsa tsona e le tse buang lipuo tse fapaneng, ho bonahala ho le molemo hore ho be le laebrari e le ’ngoe feela ea Holo ea ’Muso, e nang le lingoliloeng tsohle bakeng sa sehlopha sa puo ka ’ngoe Holong ka ’ngoe ea ’Muso. Moo ho hahiloeng Liholo Tsa ’Muso tse ’maloa setšeng se le seng, Holo ka ’ngoe e lokela ho ba le laebrari ea eona bakeng sa sehlopha sa puo ka ’ngoe se kopanelang moo.
Ho lebeletsoe hore tokisetso ena e boloke sebaka le hore e fokotse litšenyehelo. Ho feta moo, ho kopanya lilaebrari tsa liphutheho tse peli kapa tse fetang moo ho ka ’na ha ntlafatsa lilaebrari. Ha lilaebrari tsena li kopanngoa, ho ka ’na ha bolokoa likopi tse eketsehileng tsa libuka ’me tsa sebelisoa hamorao ha ho hahoa Liholo Tsa ’Muso tse ncha. Haeba Holo ea ’Muso e e-na le k’homphieutha e nang le Watchtower Library e ho CD-ROM, ba bang ba ka rua molemo o moholo kofutong ena.
Mor’abo rōna a le mong, eo ho ka bang molemo ha e le e mong oa balebeli ba Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, e ka ba mohlokomeli oa laebrari ea Holo ka ’ngoe ea ’Muso. O lokela ho tsoela pele a kenya lingoliloeng tse loketseng laebraring, a ngole ka makhethe ka har’a sekoahelo sa sengoliloeng ka seng ho bontša hore ke sa laebrari ea Holo ea ’Muso. Bonyane hanngoe ka selemo, o lokela ho hlahloba hore na lingoliloeng tsa laebrari li feletse ’me a etse bonnete ba hore li boemong bo botle. Lingoliloeng tsa lilaebrari tsena ha lia lokela ho tlosoa Holong ea ’Muso.
Bohle ba kopanelang le phutheho ba ananela laebrari ea Holo ea ’Muso haholo. E se eka re ka bontša hore re ananela tokisetso ena ka ho e hlokomela le ho e sebelisa ho batlisisa “tsebo ea Molimo.”—Liprov. 2:5.