Li Sebelise U se ke Ua li Boloka
Liphuthehong tse ngata ho na le lingoliloeng tsa khale tse phaellaneng. Ho molemo hore u iphumanele tseo u ka li bolokang laebraring ea hao ea libuka tsa phutheho? E ka ’na eaba u se u khona ho fumana tse ling tsa lingoliloeng tsena tsa khale ho Watchtower Library. Leha ho le joalo, ho molemo hore u be le libuka ka botsona. Na u ithuta Bibele le motho ea hatelang pele? Mo khothalletse hore a iphumanele lingoliloeng tsena tsa khale ’me a qale ho iketsetsa laebrari. Molebeli oa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo o lokela ho etsa bonnete ba hore laebraring e Holong ea ’Muso ho na le lingoliloeng tsohle tsa khale tseo phutheho e nang le tsona setokong. Lingoliloeng tsena e ntse e le tsa bohlokoa. Ho molemo hore re li sebelise ho e-na le hore re li tlohele libukeng tsa phutheho!