Pina ea 151
A Re Boleleng Litaba Tsena tsa ’Muso
1. Re bolele litaba tsa ’Muso oa Kreste Jesu.
Re bolele litaba tsa ’Muso!
Re be matla le sebete ha re bua ka ’Muso.
Re bolele litaba tsa ’Muso!
Bolelang litaba tsa ’Muso matlung le litseleng;
Bolelang litaba ka libuka lichabeng;
Ka masene le ka mosa, le cheseho re bueeng.
Re bolele litaba tsa ’Muso!
2. Re bolele litaba tsa mokete oa Jehova.
Re bolele litaba tsa ’Muso!
Hore ho tla ba le mokete oa ba ratang toka.
Re bolele litaba tsa ’Muso!
Bolelang kamoo lijo li tla ba teng ka bongata.
Bolelang ka moo ba lapileng ba tla feptjoa.
Le bolele taba tse tla khahla batho kaofela.
Re bolele litaba tsa ’Muso!
3. Re bolele taba tsa thabo ea ’Muso e leng teng.
Re bolele litaba tsa ’Muso!
Hore ho ba ratang Jehova ha ho ea hlonameng.
Re bolele litaba tsa ’Muso!
Bolelang ka thuso e teng ka mona ka phuthehong
Le kamoo ba bang ba ka thusoang ho ba khotsong.
Bolelang nyakallo e fumanehang tšebeletsong.
Re bolele litaba tsa ’Muso!