Ho Hlokahala Barab’abo Rōna ba Eketsehileng Tšebeletsong ea Bopula-maliboho
1 Pauluse o ile a re khothaletsa hore ‘ka mehla re be le ho hongata hoo re ka ho etsang mosebetsing oa Morena.’ (1 Bakor. 15:58) Ho ba bangata, hona ho bolela ho nka tšebeletso ea bopula-maliboho. Selemong sena se fetileng sa tšebeletso, ba fetang 800 ba ile ba ekeletsoa maemong a bopula-maliboho Afrika Boroa feela!
2 Ha hajoale palo e khōloanyane ea ba sebeletsang e le bo-pula-maliboho naheng ena ke baralib’abo rōna. (Pes. 68:11) E ne e tla ba thabo e kaakang phuthehong haeba barab’abo rōna ba eketsehileng ba ka kopanela maemong a ho ba bahlanka ba nako e tletseng! (Pes. 110:3) Ke ho utloahalang hore barab’abo rōna ba bangata ba tlameha ho hlokomela boitlamo bo boima ba mosebetsi oa boipheliso le ba lelapa. Ba bang le bona ba sebetsa ka thata ho hlokomela litlhoko tsa moea tsa phutheho. Re ananela banna bana ba ikitlaetsang molemong oa ’Muso.—1 Tim. 4:10.
3 Leha ho le joalo, na ho lōna barab’abo rōna, ho na le ba eketsehileng ba ka nkang tšebeletso ea bopula-maliboho? Haeba mosali oa hao a bula maliboho, na u ka kopanela le eena? Haeba u tlohetse mosebetsi, na u ke ke ua lumela hore ha ho tsela e ’ngoe e khotsofatsang haholoanyane ho feta ea ho qeta nako ea hao tšebeletsong ea nako e tletseng? Haeba ua qetela sekolong selemong sena, na u se u nahanne ka ho teba le ka thapelo ka ho nka tšebeletso ea bopula-maliboho e le mohato o lebisang litokelong tse eketsehileng tsa tšebeletso?—Baef. 5:15-17.
4 Mor’abo rōna e mong o ile a rekisa khoebo ea hae e atlehileng ’me a sebetsa mosebetsi oa nakoana e le hore a ka bula maliboho. Ka ketello-pele ea hae e ntle, ba bararo ho bana ba hae ba bane e ile ea e-ba bo-pula-maliboho hang ha ba qeta sekolong. Oa bone o ne a chesehela ho kopanela le bona. Mora enoa oabo rōna le lelapa la hae ba hlohonolofalitsoe ka ho enneng.
5 Monyako o Moholo o Bulehile: Tšebeletso ea bopula-maliboho e ka bula “monyako o moholo o isang tšebetsong.” (1 Bakor. 16:9) Barab’abo rōna bao e leng bo-pula-maliboho ba ka ’na ba sebelisoa haholo ka phuthehong. Tšebeletso e chesehang ea tšimo e tlatsetsa boemong ba bona ba moea le ho tlatsetsa tsoelo-peleng ea bona ea puso ea Molimo. Ho bula maliboho ho ka bula tsela e isang litokelong tse eketsehileng tsa tšebeletso. Ka mor’a selemo sa pele u bula maliboho, ho na le tlhohonolofatso ea ho ba teng Sekolong sa Tšebeletso sa Bopula-maliboho. Bahlanka ba sebeletsang ba masoha le baholo ba ka ’na ba hahamalla ho ea Sekolong sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi. Banyalani ba tšoanelehang ba ka ’na ba etsa kōpo bakeng sa Sekolo sa Gileade. Barab’abo rōna qetellong ba ka tšoanelehela mosebetsi oa ho tsamaea. E, tšebeletso ea bopula-maliboho e bula monyako oa litokelo tsena tse khōloanyane tsa tšebeletso mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova.
6 Barab’abo rōna ba ka bulang monyetla bakeng sa tšebeletso ea bopula-maliboho ba kamehla ba ka ’na ba latsoa thabo e khōloanyane e tlang le ho fana ho eketsehileng.—Lik. 20:35.