Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 6/92 leq. 7
  • Litsebiso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litsebiso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
km 6/92 leq. 7

Litsebiso

◼ Mpho ea buka ka June: Moloko oa Batho o Batla Molimo ka monehelo oa R4,00. July: E ’ngoe ea libukana tsena tse lekanang le makasine: Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng!, “Bonang, Ntho Tsohle ke li Etsa tse Ncha,” Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong?, Lebitso la Molimo Le tla ’Ne le be Teng Ka ho sa Feleng, kapa ’Muso o Tla Tlisa Paradeise ka monehelo oa lisente tse 80 e le ’ngoe. August: Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela ka monehelo oa R8,00. September: U Ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng ka monehelo oa R8,00. Libuka tse nyenyane ke R4,00.

◼ Molebeli ea okamelang kapa e mong ea khethiloeng ke eena o lokela ho hlahloba lichelete tsa phutheho ka June 1 kapa kapele kamoo ho ka khonehang ka mor’a moo. Tsebisang phutheho ha sena se se se entsoe.

◼ Ho balebeli ba okamelang: Re le mema hore le romelle Mokhatlo liphihlelo leha e le life tse ikhethang tseo phutheho ea lōna e bileng le tsona har’a selemo, ho akarelletsa le liphihlelo tsa tšebeletso ea bopula-maliboho bo thusang le tsa letsatsi le khethehileng la limakasine, April 11, 1992. Re batla ho khetha tse molemohali tšimong ea rōna bakeng sa tlaleho ea selemo le selemo. Ka kōpo le se ke la li romella ka mor’a July 1, 1992.

◼ Phetoho atereseng ea Mokhatlo ea poso: Nakong e tlang aterese e nepahetseng ea poso ea Mokhatlo e tla ba: Private Bag X2067, Krugersdorp, 1740. U tla hlokomela hore ho ekelitsoe “X” ka pele ho nomoro ea Private Bag. Ka kōpo hopolang phetoho ena ha le romella mangolo ho Mokhatlo.

◼ Ka kōpo hlokomelang: Ka linako tse ling bahoeletsi ba teana le batho ba buang puo e ’ngoe seterateng ba ka ’nang ba nka limakasine kapa ba bontša thahasello ’neteng. Haeba ho khoneha, re u khothalletsa hore uena ka bouena u latelle thahasello e joalo e le hore u bone haeba ka sebele motho eo a thahasella kapa che. Ka mor’a moo u ka fetisetsa boitsebiso boo phuthehong e haufi le motho eo. Haeba ho hlokahala hore boitsebiso boo bo romeloe ho Mokhatlo, ka kōpo fana ka makolopetso a felletseng mabapi le lebitso la motho eo, hore na o nkile lingoliloeng life, le hore na le buisane ho ea bohōleng bofe. Boitsebiso bona bo lokela ho nehoa molebeli oa tšebeletso ea tla hlahloba makolopetso ao pele a a fetisetsa ho Mokhatlo.

◼ Re fumane tumello ho Sehlopha se Busang hore re khethe bo-pula-maliboho ba khethehileng ba nakoana ba 50 bakeng sa Afrika Boroa, ba 6 bakeng sa Botswana, ba 6 bakeng sa Lesotho, ba 6 bakeng sa Swaziland, le ba 10 bakeng sa karolo e ka boroa ea Mozambique. Nakong ea phutuho ea likhoeli tse tharo ea tšimo e sa abuoang (August-October) bo-pula-maliboho bana ba tla romeloa libakeng tseo ho sa atisoeng ho fihloa ho tsona ka litaba tse molemo.

◼ Likhatiso tse Ncha tse Fumanehang:

Senyesemane: Sing Praises to Jehovah—Large Print (Mantsoe feela. Ena ke buka e lekanang le makasine e nang le maqephe a 320 a nang le taba e ngotsoeng feela; ha ho na linoto, e ngotsoe joaloka Watchtower ea mongolo o moholo. Phutheho le batho bohle: R11,00; bo-pula-maliboho: R8,50). Sepotoketsi: Insight on the Scriptures, Moqolo 2 (phutheho le batho bohle: R15,00; bo-pula-maliboho: R12,00); meqolo ea Watchtower 1970 le 1971 (phutheho, batho bohle le bo-pula-maliboho: R17,00).

◼ Lik’hasete tsa Video Tse Fumanehang Hape Afrika Boroa:

Senyesemane: Jehovah’s Witnesses—The Organization Behind the Name.

◼ Mokhatlo o tla boela o hatisa meqolo ea Watchtower ka Senyesemane bakeng sa lilemo tsa 1980 ho ea ho 1985. Hona joale liphutheho li ka odora moqolo oa 1980. Ka kōpo le se ke la kenya liodoro tsa lōna bakeng sa 1981 ho ea ho 1985 ho fihlela ho etsoa tsebiso ea hore e ea fumaneha ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela