Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 10/93 leq. 12
  • Lebisa Tlhokomelo Thahasellong e Fumanoeng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lebisa Tlhokomelo Thahasellong e Fumanoeng
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Nehelana ka Lipeeletso ka Ntlo le Ntlo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Khutlelang ka Thabo ho Thusa ba Thahasellang
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Maeto a ho Boela a Bonolo le a Atlehang
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Sebelisa Buka ea ho Bea Mabaka Maetong a ho Boela
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
km 10/93 leq. 12

Lebisa Tlhokomelo Thahasellong e Fumanoeng

1 Ha re fana ka limakasine tsa rōna le lingoliloeng tse ling tsa puso ea Molimo, re phatlalatsa molaetsa o boletsoeng ke Jesu Kreste. Ka hona re lokela ho etsa boiteko bo khethehileng ba ho khutlela ho bohle ba bontšang thahasello.

2 Ka linako tse ling mong’a ntlo a ka ’na a batla ho ipalla limakasine pele a etsa qeto ea hore na o batla ho etsa peeletso kapa che. Haeba o totobalitse sehlooho se itseng ho Tsoha! se ileng sa hapa thahasello ea mong’a ntlo, ntšetsa pele lintlha tse eketsehileng sehloohong seo ha u khutlela, o etse hore puisano ea lōna e likolohe lengolong la sehlooho mohlomong le serapeng se le seng kapa tse peli. Haeba ho e-na le thahasello e tsoelang pele, bontša hore Tsoha! e ruisa lelapa lohle molemo. Tokollo ka ’ngoe e tšohla lihlooho tse fapa-fapaneng tse kang tikoloho, kamoo motho a ka ntlafatsang boeena ba hae, ho sebetsana le mathata a kajeno le lipotso tse amang bacha. Hlalosa hore boitsebiso bona bo fumaneha ka ho etsa peeletso le hore o tla fumana litokollo tse 12 ka selemo ka monehelo oa R9,50.

3 Ho thoe’ng haeba mong’a ntlo a sa thahaselle sehlooho leha e le sefe tokollong ea morao-rao ea Tsoha!? Ho e-na le ho khaola puisano, u ka sebelisa monyetla ona ho ruta mong’a ntlo ho eketsehileng ka mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova ka ho sebelisa boitsebiso bo leng ho leqephe 253 bukeng ea Ho Bea Mabaka.

4 Haeba nakong e fetileng u tsamaisitse tokollo ea “Molula-Qhooa” ka ho sebelisa 2 Timothea 3:1-5 le ho totobatsa boitsebiso bo leng ho leqephe 2 makasineng, ha u khutlela u ka ’na ua re:

◼ “Puisanong ea rōna ea nakong e fetileng, re ile ra buisana ka se boleloang ke liketsahalo tsa lefatše kajeno. Ho bonahala batho ba bangata ba lahlehetsoe ke thahasello ho Molimo le litekanyetsong tsa hae tsa ho phela joalokaha li boletsoe ka Bibeleng. Sena se amme haholo boikutlo ba batho e mong ho e mong joalokaha ho hlalositsoe lengolong la 2 Timothea 3:1-5. Na u nahana hore ho na le lebaka le utloahalang la ho lebella maemo a molemonyana nakong e tlang?” Ka mor’a ho emela tlhaloso, u ka lebisa tlhokomelo ho 2 Petrose 3:13. Joale phetla maqephe 337-43 bukeng ea Ho Bea Mabaka, ’me u totobatse seo ’Muso o tla se etsetsa moloko oa batho.

5Leetong la ho boela, u ka ’na ua hlokomela hore mong’a ntlo o leqe ho etsa peeletso ea limakasine. Mohlomong u ka rata ho leka katamelo ena ho qalisa tselana ea limakasine:

◼ “Ke tla thabela ho fapohela mona le ho u tlisetsa litokollo tsa morao-rao tsa Molula-Qhooa le Tsoha! bekeng e ’ngoe le ’ngoe ea bobeli. Na u ka rata hore ke etse joalo?” Haeba mong’a ntlo a lumela, tiisa hore u ngola boitsebiso bohle le hore ka botšepehi u khutlela bekeng e ’ngoe le ’ngoe ea bobeli. Maemong a mang, ka lebaka la bohōle ba sebaka kapa mathata a mang, u ka ’na ua etsa tlhahiso ea hore u khutlele hang ka khoeli u tšoere litokollo tse tharo. Tselana ea limakasine ke tsela e babatsehang ea ho etsa hore u tšeptjoe ke batho ba nang le lipelaelo ka Lipaki tsa Jehova. Litselana tse ngata tsa makasine li felletse ka lithuto tse ntle tsa Bibele.

6 A re etseng boiteko bohle ba ho khutlela ho ba bontšang thahasello ’neteng le ho ba thusa ho kena tseleng e isang bophelong bo sa feleng.—Joh. 4:23, 24.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela