Na U Beha Mabaka ka Mangolo?
1 Lesole le nang le phihlelo le eang ntoeng le tla itlhomella le ho itšireletsa ka ho feletseng. Setsebi se hloahloa sa mesebetsi ea matsoho se lokisetsang ho sebetsa morerong o moholo oa kaho se tla nka lisebelisoa tseo se li hlokang ho phetha mosebetsi. Mohlanka oa Jehova ea eang tšebeletsong ea tšimo o tla tšoara “sabole” ea hae ’me a e sebelise ka bohlale ka linako tsohle ha monyetla o hlaha. (Ba-Ef. 6:17, NW) Na sena ke ’nete ka uena? Ha u kopanela tšebeletsong, na u lumella Lentsoe la Molimo ho bua e le hore moea o halalelang o ka ama lipelo tsa bamameli ba hao?—Liprov. 8:1, 6.
2 Hase ka mehla boboleli bo leng bonolo. Ke ka seoelo masimong a mang batho ba leng teng lapeng, ’me hangata ba arabelang monyakong ba tšoarehile, ’me sena se fana ka monyetla o fokolang bakeng sa puisano ea Bibele e batsi. Kaha Bibele ke buka ea rōna e ka sehloohong ea ho ithuta, re ka e sebelisa joang ka ho eketsehileng tšebeletsong le ho lumella molaetsa oa eona o bululetsoeng ho susumetsa bamameli ba rōna?
3 Ha Monyetla o Mong le o Mong o Hlaha: Ntlong e ’ngoe le e ’ngoe, re rata ho sebelisa Bibele ho susumetsa mong’a ntlo. Re tlameha ho itokisetsa ho etsa sena ho sa tsotellehe khatiso eo re e tsamaisang. Haeba motho a tšoarehile ’me ho se nako e lekaneng ea ho phetla Bibele le ho bala temana e le ’ngoe kapa tse peli, na u ka qotsa lengolo kapa oa le hlalosa pele u tsamaisa sengoliloeng? Seo ka bosona se ka etsa hore motho a eme le ho mamela.—Ba-Heb. 4:12.
4 Ka mohlala, haeba u tsamaisa Tsoha! ea December 8, 1993, e nang le sehlooho se reng “Lefatše le se Nang Boloetse,” ka mor’a ho supa setšoantšo se sekoahelong, botsa potso, “Na u lumela hore boloetse bo tla ke bo fele, nakong eo ka eona bohle ba tla thabela bophelo bo botle?” Ho sa tsotellehe hore na karabo ke efe, mohlomong u tla khona ho bala ka ho tobileng ho tsoa Bibeleng ea hao kapa u hlalose lengolo le kang Esaia 33:24 kapa Tšenolo 21:4. Ka tsela ena u lumella Lentsoe la Molimo hore le ipuelle.
5 Maetong a ho Boela: Re lokela ho lokisetsa pele re etsa maeto a ho boela. Leha ho le joalo, hangata ho tla hlaha taba eo re sa e lokisetsang. Ena ke nako eo buka Ho Bea Mabaka ka Mangolo e ka ipakang e le kofuto ea bohlokoa. Ho qotsa kapa ho bala mangolo a tšehetsang taba bukeng Ho Bea Mabaka ho tla thusa batho ho bona hore re basebeletsi ba Molimo eseng barekisi ba Lentsoe.—2 Ba-Kor. 2:17.
6 Ha u khutlela moo ho seng taba e tobileng eo ho ileng ha buisanoa ka eona, mohlomong u ka phetla buka Ho Bea Mabaka sehloohong se loketseng se kang “Jesu Kreste,” “Mehla ea Qetello,” kapa “Tsoho,” ’me u sebelise se seng sa lihloohoana tsena ho qalisa puisano. Beng ba matlo ba ka kōptjoa ho bala mangolo a mang Bibeleng ea bona. Ka tsela eo Bibele e tla ipiletsa ho bona, ’me moea oa Jehova o halalelang o tla phalla haeba ba e-na le tšekamelo ea ho loka.
7 Boikarabelo ba rōna ba ho bolela litaba tse molemo le ho lemosa ba khopo ke bo tebileng. Ke molaetsa oa Jehova, hase oa rōna. Lumella Lentsoe la hae, sabole ea moea, ho u thusa.