Khutlelang ka Thabo ho Thusa ba Thahasellang
1 E mong le e mong ea kopanelang mosebetsing oa ntlo le ntlo o lakatsa ho thusa batho ba thahasellang. Ka ho fana ka thuso e joalo, re ba le thabo ea sebele le khotsofalo. (Bapisa le Pesaleme ea 126:5, 6.) Sena se hloka hore re lokisetse.
2 Tokisetso e qala ka hore re ngole boitsebiso bo qaqileng tlalehong ea rōna ea ntlo le ntlo. Hlokomela taba eo ho neng ho buisanoa ka eona ketelong ea pele le kamoo mong’a ntlo a arabetseng ka teng. U ka ba ua ngola hore na ha u khutlela u tla qalisa moqoqo joang.
3 Ka mohlala, haeba u ile ua bua ka Thapelo ea Morena lekhetlong la pele ’me ua tsamaisa bukana ea “’Muso,” u ka bua tjena ka bokhutšoaane:
◼ “Ketelong ea ka e fetileng, re ile ra buisana kamoo thato ea Molimo e tlang ho etsoa ka teng lefatšeng le hore khotso e tla ba teng likarolong tsohle tsa bophelo. Ka kōpo hlokomela seo bukana eo ke ileng ka u siela eona e se bolelang leqepheng la 29 ka litlhohonolofatso tse ling tseo ’Muso oa Molimo o tlang ho li tlisetsa batho.”
4 Haeba motho a ne a na le tšekamelo ea ho se lumele ho Molimo, bua tjena:
◼ “Ha ke ne ke u etetse pejana, re ne re buisana ka ntlha eo Pauluse a buileng ka eona ho Ba-Heberu 3:4, a fana ka mabaka a utloahalang a ho lumela hore e tlameha ebe ho teng Moetsi ea bohlale oa lintho tsohle.” Bala lengolo hape ebe u bua ka se maqepheng a 4 ho ea ho 9 bukaneng Na Ruri Molimo oa re Tsotella?, u ntšetse nehelano pele moo u ileng ua e siea teng. Botsa potso ebe u bala serapa, u emele mong’a ntlo ho araba potso. Haeba ho khoneha, mo meme hore a nke bukana ea hae ’me le hlahlobe boitsebiso ’moho.
5 Haeba ketelong ea hao ea pele mong’a ntlo a ile bonahala a eme hantle, linthong tse bonahalang kapa ho tse ling feela, u ka bua ka pampitšana Na Lefatše Lee le Tla Pholoha? ebe u bala se ngotsoeng leqepheng la 6. Botsa mong’a ntlo hore na ebe o lakatsa ho phela lefatšeng le letle la paradeise. E le ho u thusa hore u bone hore na o thahasella hakae, u ka botsa maikutlo a hae setšoantšong se khothatsang kapa polelong e leng makasineng oo u o sebelisang.
6 Katamelo e tšoanang ea motheo e ka sebelisoa sehloohong seo e ka ’nang eaba u buile ka sona sa Molula-Qhooa kapa Tsoha! Bua ka sehlooho seo u ileng ua se phahamisa ketelong ea hao ea pele ebe u bolela ntlha e ’ngoe e thahasellisang hona sehloohong seo kapa tokollong e ’ngoe eo u nang le eona. Haeba ho ka etsahala, balang lengolo hammoho ebe u botsa maikutlo a mong’a ntlo. Ebe u khothaletsa mong’a ntlo ho etsa peeletso ea limakasine tsena.
7 Re batla ho ba le boikutlo bo botle ka mpho ea peeletso ka May. Ke hobane’ng ha u sa khothaletse batho ba leng tselaneng ea rōna ea makasine hore ba iketsetse peeletso ea limakasine? Moo batho ba bontšitseng thahasello ’neteng kapa ba amohetseng lingoliloeng ho rōna nakong e fetileng, le bona u ba khothaletse ho etsa peeletso.
8 Lula u hopotse pakane ea hao ea ho qalisa thuto ea Bibele. Ka tloaelo ho hlokahala ho etsoe maeto a ’maloa pele ho ka hōlisoa thahasello ho isa bohōleng boo. Bontša kameho ea hao ea botho ka mong’a ntlo ka ho khutlela kapele kamoo ho ka khonehang.
9 Litaba tse molemo tseo re li phatlalatsang li tlisa thabo e khōlo. (Luka 2:10) Ha batho ba thahasellang ba arabela boitekong ba rōna, ka sebele sena sea thabisa. (Ba-Fil. 4:1) A re kotuleng thabo e joalo ka ho khutlela ho thusa batho ba thahasellang bao re ba fumanang tšimong.