Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 9/15 leq. 3
  • Ruta Batho Bibele ka Bukana ea Litaba Tse Molemo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ruta Batho Bibele ka Bukana ea Litaba Tse Molemo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2015
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Kamoo re ka Sebelisang Bukana ea Litaba Tse Molemo Tse Tsoang ho Molimo!
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2013
  • U ka Khanna Thuto ka Bukana ea Litaba Tse Molemo Joang?
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2016
  • Ho Qalisa Lithuto ka Bukana ea Seo a se Hlokang
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1999
  • Itšetlehe ka Jehova Bakeng sa ho Hōlisa Lintho
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2015
km 9/15 leq. 3

Ruta Batho Bibele ka Bukana ea Litaba Tse Molemo

1. Morero oa bukana ea Litaba Tse Molemo ke ofe?

1 E ’ngoe ea lingoliloeng tsa bohlokoa tseo re ka li sebelisang ho ruta batho Bibele ke bukana ea Litaba Tse Molemo Tse Tsoang ho Molimo!, joalokaha ho boletsoe Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso ea July. Mangolo a hlahang bukaneng eo ha a qotsoa e le hore mong’a ntlo a ka a bala ka ho toba Bibeleng. Le hoja lingoliloeng tsa rōna tse ngata motho a ka ipalla tsona a le mong, empa morero oa bukana ena ke hore re e sebelise ho khanna lithuto tsa Bibele. Kahoo, e ka ba hantle hore ha re e tsamaisa, re leke ho bontša mong’a ntlo hore na thuto e khannoa joang a tle a bone hore ho ithuta Bibele ke ntho e monate.—Mat. 13:44.

2. Re ka buella bukana ea Litaba Tse Molemo joang leetong la pele?

2 Leetong la Pele: U ka ’na ua re: “Re ntse re buisana le batho ka lintho tseo ba tšoenyehileng ka tsona. Na u nahana hore maemo a lefatše a tla ke a ntlafale? [Emela karabo.] Bibele e na le litaba tse monate tseo e re tšepisang tsona. Tsena ke tse ling tsa lipotso tseo e li arabang.” E-fa mong’a ntlo bukana ’me u mo kōpe hore a khethe potso ka morao bukaneng. Ebe u mo bontša hore na thuto e khannoa joang ka serapa sa pele. Kapa u ka botsa mong’a ntlo potso e thahasellisang e hlahang thutong eo u e khethileng ’me u mo bontše hore na bukana ena e ka mo thusa joang ho fumana likarabo ka Bibeleng. Bahoeletsi ba bang ba bapalla mong’a ntlo video e hlahang ho jw.org e tsamaisanang le thuto eo haeba e le teng.

3. Hlalosa hore na thuto e ka khannoa joang ka bukana ea Litaba Tse Molemo.

3 Tsela ea ho Khanna Thuto: (1) Bala potso e ngotsoeng ka mongolo o motenya, e le hore mong’a ntlo a tle a hlokomele ntlha ea bohlokoa e serapeng seo. (2) Bala serapa. (3) Bala mangolo a mongolo o tšekaletseng ’me u botse lipotso ka masene ho thusa mong’a ntlo a bone hore na mangolo ao a arabela joang potso e botsitsoeng ka holimo. (4) Haeba ho na le serapa se seng tlas’a potso e tšoanang, pheta mohato oa 2 le 3. Bapalla mong’a ntlo video e tsamaisanang le potso eo haeba ha u e-s’o mo bontše eona. (5) Qetellong botsa potso e ka holimo hape e le hore u kholisehe hore mong’a ntlo o utloisisa seo a ithutang sona.

4. Ke eng e tla re thusa hore re sebelise bukana ee hamolemo?

4 Itloaetse ho sebelisa bukana ena ea bohlokoa. E sebelise ha monyetla o mong le o mong o hlaha. Pele ho thuto e ’ngoe le e ’ngoe, nahana ka seithuti le ka tsela e molemo eo ka eona u ka behelanang mabaka le eena u sebelisa mangolo a bontšitsoeng thutong eo. (Liprov. 15:28; Lik. 17:2, 3) Bukana ena e ka ’na ea e-ba e ’ngoe ea lingoliloeng tseo u ka ratang ho li sebelisa ha u ruta batho Bibele haeba u ka tloaela ho e sebelisa.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela