Ho Kopanela ka Katleho Tšebeletsong ea Rōna e Bolokang Bophelo
1 Moapostola Pauluse o ile a lokisa nehelano ea hae ea litaba tse molemo e le hore “ka mekhoa eohle a boloke ba bang.” (1 Ba-Kor. 9:19-23, NW) Ka ho tšoanang, re tla atleha haholoanyane tšebeletsong ea rōna haeba re falimehela ho lemoha lintho tseo mong’a ntlo a li thahasellang ’me re ikemiselitse ho fetola puisano ea rōna hore e lokele litlhoko tsa hae. Sena ha sea lokela ho ba thata ha re nehelana ka Molula-Qhooa le Tsoha! kapa e ’ngoe ea libukana tsa rōna tse lekanang le makasine.
2 Ka mor’a ho itsebisa hore na u mang, u ka qala ka ho bua tjena ka mantsoe ao e leng a hao:
◼“Batho ba bangata ba nyahamisoa ke ho hlōleha ho bonahalang ho le teng mebusong ea lefatše ho faneng ka tharollo e sebetsang ea mathata a mehla ea rōna. Ba bang ebile ba beha mebuso molato bakeng sa mathata a bona. Na u nahana hore ho ka ba le ’muso o ka khonang ho hlokomela litlhoko tsohle tsa rōna ka ho lekaneng? [Emela karabo.] Na ua tseba hore re na le tšepiso e tšepahalang ea ’muso o tla felisa ka ho sa feleng mathata ao re tobanang le ’ona?” Mamela karabo ea mong’a ntlo ka hloko. Ho itšetlehile ka seo a se bolelang, itokisetse ho fetohela ho e ’ngoe ea linehelano tse sa tšoaneng tse ’maloa.
3 Haeba litlhalosong tsa mong’a ntlo ho na le sesupo sa hore o ipolela hore ke Mokreste, joale re ka ’motsa haeba a rapela “Ntat’a Rōna,” kapa Thapelo ea Morena. Haeba a re oa e rapela, re ka pheta thapelo eo ea mohlala ho fihlela moo e reng, “Ho tle ’muso oa hao; thato ea hao e etsoe lefatšeng, joale ka ha e etsoa leholimong.” (Matt. 6:9, 10) Sena se paka hore ka letsatsi le leng thato ea Jehova e tla etsoa mona lefatšeng. Joale u ka bua ka sehlooho se loketseng ho Molula-Qhooa kapa Tsoha! kapa bukaneng e lekanang le makasine se ntšetsang pele khopolo ena, joaloka leqepheng la 3 la ’Muso o tla Tlisa Paradeise.
4 Haeba mong’a ntlo a sa bontše hore o lumela ho Molimo, u ka bua ka Ba-Heberu 3:4 ebe u phetla leqepheng la 4 la bukana Na Ruri Molimo oa re Tsotella? Bala lirapa 1 le 2 ebe u botsa lipotso tse leng botlaaseng ba leqephe. Kapa u ka hokahanya boitsebiso bo loketseng ho tsoa makasineng oa morao-rao.
5 Haeba ho bonahala mong’a ntlo a khotsofalitsoe ke seo a nang le sona bophelong, u ka phahamisa potso:
◼ “Ke hobane’ng ha ka tieo re lokela ho nahana ka se boleloang ke Bibele ka bokamoso ba ’muso?” Joale re ka sebelisa boitsebiso bo leng bukeng ea Ho Bea Mabaka maqepheng a 378 le 379, u bolele hakhutšoaane lebaka le le leng kapa a eketsehileng ho a robeli a fanoeng. Haeba mong’a ntlo a bontša thahasello, sebelisa pampitšana Na Lefatše Lee le Tla Pholoha?, u qale ka serapa sa pele leqepheng la 2, ho ntšetsa moqoqo pele.
6 Ketelo ea hao ea pele e ke ke ea atleha ka ho feletseng haeba u sa leotse takatso ea mong’a ntlo bakeng sa leeto le leng. Ka lebaka leo, tiisa hore u botsa potso e thahasellisang ’me u tšepise ho e araba ha u khutla.
7 Ho boitsebiso bo ka holimo, khetha boo u tlang ho bo sebelisa ka bolokolohi. Lokisa litlhahiso tsena hore li lokele tšimo ea heno. Tloaelana le libukana tse lekanang le makasine, lipampitšana, le lihlooho tsa limakasine tseo u tla li sebelisa e le hore ka potlako u ka lokisa puisano ea hao hore e lokele litlhoko tsa mong’a ntlo. E se eka bohle re ka lokisa linehelano tsa rōna ka cheseho “ka lebaka la litaba tse molemo” ’me ka hona re kopanele ka katleho tšebeletsong e bolokang bophelo.—1 Ba-Kor. 9:23, NW.