Litaba tsa Puso ea Molimo
Afrika Boroa: Ka March 13 batho ba Jehova Lydenburg ba ile ba thabela ho neheloa ha Holo ea bona e ncha ea ’Muso. Likomiti tse peli tsa Kaho tsa Lebatooa ka mosa li ile tsa lokisetsa hore baithaopi ba tsoang mabatooeng a bona ba thuse likarolong tse khōlō tsa morero ona. Sena se ile sa tlatsetsa moeeng o motle o neng o le teng ha ho hahoa.
Gabon: Ka November ho bile le tlhōrō e ncha ea bahoeletsi ba 1 255. Bahoeletsi ba phutheho ba entse kakaretso ea lihora tse 17 tšebeletsong ea tšimo.
Jamaica: Holo ea pele ea Kopano Jamaica e ile ea neheloa ka November 7, 1992, ’me ha ba teng ba 4 469.
Rwanda: Ho ba 182 ba ileng ba kolobetsoa Kopanong ea Setereke ea 1992 ea “Bajari ba Leseli” ka January Kigali, ba 149 ba ile ba ngolisa e le bo-pula-maliboho ba thusang. Kakaretso ea ba bileng teng e bile 4 498.