Lebokose la Lipotso
◼ Na ho loketse ho ikhatisetsa hape likhatiso tsa Mokhatlo bakeng sa ho li fa ba bang?
Ka lilemo tse ngata, Mokhatlo o ’nile oa hatisa likhatiso tsa mefuta-futa tse buang ka hoo e ka bang tšobotsi e ’ngoe le e ’ngoe ea tsebo ea Bibele. Batho ba ithutileng ’nete lilemong tsa morao tjena ba ka ’na ba ikutloa eka ba lahlehetsoe ke boitsebiso bo hatisitsoeng nakong e fetileng le hore ha bo sa fumaneha Mokhatlong. Ba bang ba entse boikhathatso ba ho fumana likopi tsa khale, ’me ba bang ba ikhethetse ho hatisa hape likhatiso tsa Mokhatlo le ho etsa hore li fumanehe ka litsela tse sa tšoaneng. Sena se akareletsa ho li hatisa hape haesita le ho li hatisa ka computer. Maemong a mang, sena se ile sa etsoa bakeng sa ho fumana phaello.
“Mohlanka” ea khabane o hlokomela litlhoko tsa rōna tsa moea ’me o fana ka tsona “nakong ea teng.” (Matt. 24:45) Ha ho hlokahala hore ho ntšoe hape boitsebiso bo ileng ba hatisoa nakong e fetileng, Mokhatlo o ’nile oa etsa litokisetso tsa seo. Ka mohlala, meqolo ea The Watchtower ho tloha ka 1960 ho ea ho 1985 e ile ea hatisoa hape ’me ea fumaneha bakeng sa bohle. Leha ho le joalo, ha batho ba ikhethela ho hatisa hape le ho aba boitsebiso bo joalo, ho hlaha mathata a sa hlokahaleng.
Ho ba le mathata a tebileng ha boitsebiso bona bo hatisoa hape ’me bo abuoa ka sepheo sa ho fumana chelete. Lebokose la Lipotso ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea July 1977 le itse: “Ha ho molemo ho sebelisa ho kopana ha rōna ha puso ea leholimo ka ho buella kapa ho tsebahatsa ka ho fumaneha ha thepa leha e le efe kapa litšebeletso tsa thekiso Holong ea ’Muso, lithutong tsa buka ea phutheho le likopanong tsa batho ba Jehova. Ho etsa hona ho tla re thusa ho bea litlhokahalo tsa moea sebakeng se ka pele ’me ebe mosebetsi oa thekiso o ba sebakeng se loketseng.” Ka lebaka leo, ho bohlokoa hore re qobe ho ba le mohopolo o sekametseng tabeng ea ho etsa phaello ha re tla tabeng ea ho hoeba ka Lentsoe la Molimo kapa ka litaba tse amanang le lona.