Ananela Matlotlo a Puso ea Molimo
1 Ha Morena Josiase a ne a etsa litokisetso tsa ho lokisa tempele, o ile a babatsa ba neng ba abetsoe ho etsa mosebetsi, a re: “Ho se ke ha baloa chelete e ho bona e behoang matsohong a bona, etsoe ba sebetsa ka botšepehi.” (2 Mar. 22:3-7) Tsela eo banna bao ba ileng ba sebelisa matlotlo a tlhokomelong ea bona e ile ea bontša ka ho hlaka hore ba ananela lintho tse halalelang. Kajeno, ha re ntse re etsa mosebetsi o halalelang oa ho bolela litaba tse molemo tsa Molimo, ka ho tšoanang ho hlokahala hore re tšepahale ha re sebelisa matlotlo ao re a fuoeng.
2 Tšebeletsong ea Tšimo: Ho ananela ha rōna bohlokoa ba molaetsa o ka har’a lingoliloeng tsa rōna le ho hlokomela litšenyehelo tse amehang khatisong ea tsona ho etsa hore re li nke e le tsa bohlokoa haholo. Ha rea lokela ho fana ka lingoliloeng tsa rōna re sa natse ho batho ba sa ananeleng molaetsa oa Bibele hakaalo. Haeba motho a sa thahaselle litaba tse molemo hakaalo, re ka ’na ra mo fa pampitšana ho e-na le ho mo fa lingoliloeng tse ling.
3 Aba lingoliloeng ka tsela e bontšang hore u li nka e le tsa bohlokoa. Qoba ho li siea libakeng tsa sechaba moo li tla hasana feela. E le ho qoba tšenyo, tseba hore u na le libuka tse kae lapeng pele u nka tse eketsehileng. Haeba ka linako tsohle u salloa ke limakasine tse eketsehileng tsa tokollo ka ’ngoe, fokotsa odara ea hao.
4 Lingoliloeng Tsa Botho: Re lokela ho odara lingoliloeng tseo re li hlokang feela. Ka ho khetheha re lokela hore re qobe ho senya ha re odara Libibele tsa deluxe, li-Reference Bible le lingoliloeng tse ling tse khōlō tse kang Concordance, Index, meqolo ea Insight le buka ea Baboleli, tseo kaofela ha tsona li hatisoang ka litšenyehelo tse phahameng.
5 Na u etsa bonnete ba hore u ngola lebitso la hao le aterese ka har’a lingoliloeng tsa hao? Sena se etsa hore u se lule u odara lingoliloeng tse ling bakeng sa tse lahlehileng. Ha u lahlehetsoe ke buka ea lipina, Bibele kapa sengoliloeng se ithutoang, mohlomong u tla li fumana linthong tse lahlehileng tse bolokiloeng Holong ea ’Muso kapa kopanong.—Luka 15:8, 9.
6 A re loaneleng ho sebelisa lingoliloeng tsa rōna ka bohlale. Ena ke tsela ea ho bontša hore rea tšepahala ha re sebelisa matlotlo a ’Muso ao Jehova a a behileng tlhokomelong ea rōna.—Luka 16:10.