Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 11/92 leq. 1
  • Na U Nka Lingoliloeng Tsa Rōna e le Tsa Bohlokoa?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U Nka Lingoliloeng Tsa Rōna e le Tsa Bohlokoa?
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Sebelisa Lingoliloeng Tsa Rōna Tse Thehiloeng Bibeleng ka Bohlale
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
  • Ho Tsamaisa Lingoliloeng Tšimong ea Lipuo Tse Ngata
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
  • Ho Ananela Lingoliloeng
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
  • Lebokose la Lipotso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2011
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
km 11/92 leq. 1

Na U Nka Lingoliloeng Tsa Rōna e le Tsa Bohlokoa?

1 Taemane le mahakoe a mang ke majoe a bohlokoa eseng feela ka baka la botle ba ’ona empa le ka baka la hore a fumaneha le ho epuoa ka thata. Ho tseba Jehova le Jesu Kreste ho bohlokoa bo fetang bona, ’me likhatiso tsa rōna ke tsona feela lefatšeng tse hlalosang maruo ana a moea ka botebo le ka bohlale ba bomolimo. (Ba-Roma 11:33; Ba-Fil. 3:8) Re ka bontša kananelo ea ’nete joang bakeng sa lingoliloeng tsa rōna?

2 Tsela e ’ngoe ea ho bontša kananelo ke ka ho nehelana ka lingoliloeng tsa rōna ka bolokolohi ho batho bao re teanang le bona tšebeletsong ea tšimo. Batho ba bangata ba ka thaba haholo haeba e mong a ka ba fa taemane kapa lehakoe. Ke ’nete hore, qalong ba ka ’na ba se talime lingoliloeng tsa rōna joaloka taemane, empa ka mor’a nako e khutšoaane ba amehileng ka tlhoko ea bona ea moea ba tla hlokomela bohlokoa ba tsona ba sebele. Ha re khanna lithuto ka lingoliloeng tsa rōna, batho ba thusoa hore ba ithute se rutoang ke Bibele ’me ba fumana monyetla oa hore ba be le kamano le Jehova. Molemo oa ’nete o ka fumanoang lingoliloeng tsa rōna o itšetlehile ka hore na li sebelisoa joang.

3 Re boetse re lokela ho falimehela menyetla e mengata eo re ka bang le eona ea ho nehelana ka lingoliloeng bopaking bo sa reroang. Nahana ka litsela tsa ho pakela baeti, beng ka uena, batho bao u sebetsang le bona, bana bao u kenang sekolo le bona, batho bao re teanang le bona ha re ile mabenkeleng, le bao re teanang le bona pakeng tsa matlo ha re le tšebeletsong ea tšimo. Lokisetsa esale pele, u be le lingoliloeng tseo u tla nehelana ka tsona maemong a joalo. Hangata ha ho thata ho nka sengoliloeng se le seng kapa tse eketsehileng ho tse nyenyane. Ho ka finyelloa molemo o eketsehileng ka bopaki bo sa reroang.—1 Pet. 3:15.

4 Esita leha re amehile haholo ka mpho ea khoeli, ka linako tse ling re ka etsa qeto ea ho sebelisa khatiso e fapaneng. Ha re ntšetsa pele tšebeletso ea rōna, re batla ho thusa ba kang linku hore ba be tseleng e isang bophelong. Lingoliloeng li ka re thusa ho etsa hoo. Ha re buisana ka Mangolo le motho ea thahasellang, re ka ’na ra fumana hore taba e itseng ea ipiletsa ho eena. Haeba re tloaelane hantle le boitsebiso ba bohlokoa bo leng likhatisong tse fapa-fapaneng, re tla khona ho fetola nehelano ea rōna ’me re nehelane ka khatiso e amang ka ho toba lithahasello tsa motho eo re buang le eena. Sena se ka hloka hore re etse leeto la ho boela re nkile khatiso e loketseng.

5 Lingoliloeng tse salang rakeng ea libuka Holong ea ’Muso kapa malapeng a rōna ha li phethe morero oa tsona, ’me bohlokoa ba tsona ha bo hlokomelehe. Esita le litokollo tsa khale tsa limakasine, libukana tse lekanang le makasine, libuka, le lipampitšana li lokela ho sebelisoa hamolemo. Re qeteletse neng ho hlahloba lingoliloeng tseo re nang le tsona? Re ka ’na ra makatsoa ke ho bona hore na li se li bokellane li le ngata hakae. Na lingoliloeng tseo re nang le tsona li ntse li le boemong bo botle—hase tsa khale hoo li seng li le tšehla, li tabohile, kapa li le litšila? Haeba ho joalo, re lokela ho iteka ka matla ho li tsamaisa tšebeletsong ea tšimo. Lingoliloeng tse senyehileng li ka bolokoa bakeng sa tšebeliso ea botho kapa tsa lahloa ka mokhoa o loketseng.

6 Ka mehla le ’ne le nahane ka lingoliloeng tseo le tla li hloka tšimong. Ka linako tse ling re ka ’na ra hlokomoloha taba ea ho fumana mpho ea khoeli deskeng ea libuka ka nako e loketseng. Ho hlokahala ho lokisetsa hantle le ho rera hantle haeba re batla ho tiisa hore re na le lenane le lekaneng la mpho ea khoeli le lingoliloeng tse ling tse hlokahalang tšimong ea rōna. Ho joalo ka ho khethehileng haeba u sebeletsa u le pula-maliboho ea thusang kapa pula-maliboho ea ka mehla ka phuthehong.

7 Lingoliloeng tsa rōna e ba tsa bohlokoa ka ho fetisisa ha li fuoa batho ba ananelang Lentsoe la Molimo la ’nete. Ka hona, e se eka bohle re ka bontša hore re nka lingoliloeng tsa rōna e le tsa bohlokoa ka ho fetisisa.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela