Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 11/92 leq. 1
  • Matla a Lentsoe la Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Matla a Lentsoe la Molimo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Qalisa Lithuto tsa Bibele ka Buka Motho e Moholo ka ho Fetisisa
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Thusa ba Bang ho Ithuta ka Mor’a Molimo, Jesu Kreste
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Khutlela ho ea Thusa Batho ho Ithuta Kamoo ba ka Phelang ka ho sa Feleng
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Ho Thusa ba E-s’o Lokele ho Ithuta Buka ea Seo Bibele e se Rutang
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2013
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
km 11/92 leq. 1

Matla a Lentsoe la Molimo

1 Lentsoe la Molimo le na le matla. (Ba-Heb. 4:12) Kajeno, bopaki ba sena bo ka bonoa ho batho ba limillione ba ileng ba fetola bophelo ba bona hore bo be molemonyana ka ho sebelisa lintho tseo ba ithutang tsona Bibeleng. Ho bile joalo le lekholong la pele la lilemo ha barutuoa ba Jesu ba abelana tsebo ea Lentsoe la Molimo le ba bang.—Ba-Roma 12:2.

2 E le hore batho ba rue molemo lithutong tsa Bibele, ho hlokahala hore ba nke Bibele e le Lentsoe la Molimo. (1 Ba-Thess. 2:13) Ka November re tla be re fa batho monyetla oa ho ithuta ho eketsehileng ka bohlokoa ba Bibele ha re nehelana ka buka Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho?

3 Ke hobane’ng ha le sa ikhopotse tse ling tsa lintlha tse thahasellisang tsa buka Lentsoe la Molimo? Lethathamo la lihlooho tse ka hare le tla u isa likhaolong tse buang ka mehlolo, lintho tseo ho nahanoang hore ke ho itoantša, ho lumellana ha saense, boprofeta, le lihlooho tse ling. Ho na le lifoto tse ngata le litšoantšo. Litšupiso tsa litsebi li thathamisitsoe qetellong ea buka. Lintlha tsena li tla re nolofaletsa ho nehelana ka buka ka cheseho e tiileng, re kholisehile ka tieo hore ho hlokahala hore batho ba tšimong ea rōna ba utloe litaba tse molemo tseo e li tšoereng.

4 Re ka sebelisa buka ee joang ha re teana le mong’a ntlo ea seng a ntse a lumela hore Bibele ke Lentsoe la Molimo? Re ka hlaolela thahasello ka ho totobatsa khaolo 2, e buang ka tlaleho ea histori ea ha Bibele e loanela ho ba teng, kapa khaolo 14, e khothaletsang ’mali hore a amohele thuso e le hore a ka ba le kutloisiso e molemonyana ea se boleloang ke Bibele ho rōna kajeno. Ho bala mangolo a boletsoeng ho khaolo 14 ho tla tiisetsa mong’a ntlo hore moqoqo oa hao o thehiloe Bibeleng.

5 Batho ba bangata ha ba nke Bibele e le lentsoe la Molimo ka baka la boitšoaro bo teng ho Bokreste-’mōtoana. Khaolo 3, “Motsoalle oa Bohata oa Bibele,” e ka sebelisoa ka ho atlehang boemong bona.

6 Ha re bala ho tsoa Bibeleng ea rōna, re ka ’na ra fumana hore mong’a ntlo o bontša thahasello molaetseng oa rōna empa a se na Bibele. Haeba ba utloisisa Senyesemane re ka ithaopela ho ba tlisetsa kopi ea New World Translation of the Holy Scriptures. Kapa u ka batla kopi ea Bibele ka puo ea bona ho Mokhatlo, kaha o ba le Libibele ka lipuo tse ngata tsa sebaka seo re leng ho sona.

7 Ka Bibele, Jehova o tsebahalitse litšebelisano tsa hae le batho ’me ka hona o re tloaelitse botho ba hae bo hlollang. E se eka re ka sebelisa buka Lentsoe la Molimo ka katleho ha re thusa ba bang hore ba ithute ka Jehova le ka matla a Lentsoe la hae!—2 Ba-Kor. 10:4.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela