Ho Thusa ba E-s’o Lokele ho Ithuta Buka ea Seo Bibele e se Rutang
1. Na buka ea Seo Bibele e se Rutang e tla ipiletsa ho e mong le e mong leetong la pele? Hlalosa.
1 Hore motho e be morapeli oa Jehova, o lokela ho ithuta seo Bibele e se rutang. Leha ho le joalo, ba bang hase Bakreste kahoo ha ba lumele hore Bibele ke Lentsoe la Molimo. Ba bang ho hang ha ba lumele ho Molimo ’me ha ba hlomphe Bibele. Ke lingoliloeng life tse ileng tsa thusa batho ba neng ba sa rate ho amohela buka ea Seo Bibele e se Rutang? Bahoeletsi ba tsoang linaheng tse 20 ba fane ka litlhahiso tse latelang.
2. Haeba motho a re bolella hore ha a lumele ho Molimo, re lokela ho leka ho fumana eng, hona hobane’ng?
2 Ba sa Lumeleng ho Molimo: Haeba motho a re ha a lumele ho Molimo, ho molemo ho mo botsa lebaka. Na ke hobane o lumela hore lintho li iphetotse? Na o feletsoe ke tumelo ho Molimo ka lebaka la ho hloka toka ho teng lefatšeng kapa boikaketsi ba bolumeli? Na o tsoa naheng e hatellang batho hore ba se ke ba lumela ho Molimo? Mohlomong hase hakaalo hore o latola boteng ba Molimo, empa ha ho mohla a kileng a bona ho hlokahala hore a lumele ho Eena. Bahoeletsi ba bangata ba hlokometse hore batho ba khona ho ntša maikutlo ha ba botsoa potso e reng, “Na haesale u ikutloa ka tsela ee?” Mamela ’me u se ke ua mo kena hanong. Ha re utloisisa hore na ke hobane’ng ha motho a sa lumele ho Molimo, re tla tseba kamoo re ka mo arabang kateng le hore na re ka mo siela sengoliloeng sefe.—Liprov. 18:13.
3. Re ka bontša joang hore re hlompha motho le seo a se lumelang?
3 Ha u araba motho, hlokomela hore u se ke ua etsa hore a ikutloe eka ua mo hlasela. Tlhahiso e latelang e tsoa United States: “Ke habohlokoa haholo hore re hlomphe bolokolohi ba batho ba ho iketsetsa qeto ea hore ba lumela eng. Ho e-na le hore u batle ho hlōla khang, ho molemo hore u botse batho lipotso tse ba thusang ho nahana le ho iketsetsa liqeto.” Molebeli e mong oa potoloho o re ha mong’a ntlo a qeta ho araba, o atisa ho mo botsa potso ena, “Na u kile ua nahana ka see?”
4. Re ka thusa Mabuddha joang?
4 Taba ea hore Molimo o teng ha e utloahale ho Mabuddha. Bahoeletsi ba bang ba Brithani ba rata ho sebelisa bukana ea Lasting Peace and Happiness—How to Find Them ha ba pakela batho ba joalo. Ka mor’a kenyelletso, ba tšohla karolo e reng “[Na Ruri ho na le ’Mōpi ea Phahameng ka ho Fetisisa?] Is There Really a Most High Creator?” ebe ba fetela ho e reng “[Buka e ka Tlisetsang Batho Bohle Litlhohonolofatso] A Guidebook for the Blessing of All Mankind.” Ka mor’a moo, ho ka ’na ha khoneha hore ba bontše mong’a ntlo buka ea Seo Bibele e se Rutang ebe ba re ho eena, “Le haeba u sa lumele ho Molimo, ho ka ba molemo hore u ithute Bibele kaha e fana ke tataiso e molemo.” Pula-maliboho e mong oa United States ea sebetsang tšimo ea Sechaena o ile a re: “Batho ba bangata ba tšimong ea rōna ba rata ho bala. Kahoo, ba atisa ho bala buka kaofela pele re khutla. Empa ba ka ’na ba se ke ba utloisisa taba ea thuto ea Bibele. Kahoo ke rata ho ba fa bukana ea Litaba Tse Molemo leetong la pele hobane e ngotsoe ka tsela e khothalletsang moqoqo.” Molebeli oa potoloho ea sebeletsang potolohong ea Sechaena United States o re ho ka khoneha ho tsamaisa buka ea Seo Bibele e se Rutang leetong la pele. Leha ho le joalo, ho ka ba molemo ho qala thuto khaolong ea 2, e buang ka Bibele, ho e-na le ho qala khaolong ea 1, e buang ka Molimo.
5. Ke hobane’ng ha mamello e le ea bohlokoa?
5 Ho thusa motho hore a lumele ho Molimo ho nka nako, kahoo ho hlokahala mamello. Lipuisano tseo re bang le tsona le eena qalong li ka ’na tsa se ke tsa etsa hore a lumele hore ’Mōpi o teng. Ho ka etsahala hore ka mor’a nako a lumele hore Molimo o teng, kapa a utloisise hore na ke hobane’ng ha batho ba bang ba lumela ho Molimo.
6. Ke hobane’ng ha batho ba bang ba ka ’na ba se ke ba thahasella Bibele?
6 Ba sa Thahaselleng Bibele Kapa ba sa e Tšepeng: Leha ho le joalo, hangata motho ea lumelang hore Molimo o teng ha a thahaselle seo Bibele e se rutang hobane ha a lumele hore ke Lentsoe la Molimo. Mohlomong o lula naheng eo batho ba teng e seng Bakreste ’me ba lumela hore Bibele ke buka ea Bokreste-’mōtoana. Kapa e ka ’na eaba o lula naheng eo ho thoeng ke ea Bokreste empa batho ba teng ba sa thahaselle bolumeli kahoo o nahana hore Bibele e ke ke ea mo tsoela molemo. Re ka thusa motho ea joalo joang hore a thahaselle Bibele ’me qetellong a lumele ho ithuta Bibele ka buka ea Seo Bibele e se Rutang?
7. Ke tsela efe e molemo eo hangata e thusang batho hore ba thahaselle Bibele?
7 Ofisi ea lekala ea Greece e re: “Tsela e molemo ea ho thusa batho ba sa thahaselleng Bibele ke ho e phetla ebe re ba bontša seo e se fupereng. Bahoeletsi ba bangata ba hlokometse hore molaetsa oa Bibele o na le matla a ho ama lipelo tsa batho ho feta eng kapa eng eo ba ka e buang. (Baheb. 4:12) Ho bona lebitso la Molimo ka Bibeleng ho susumelelitse batho ba bangata hore ba e bale.” Ofisi ea lakala ea India eona e ile ea re: “Mahindu a mangata a batla ho tseba seo e leng ’nete ka bophelo le lefu. A boetse a batla ho tseba ka tšepiso ea Bibele ea hore ho tla ba le lefatše le se nang khethollo.” Ho bua ka mathata ao batho ba amehileng ka ’ona hangata ho fa bahoeletsi monyetla oa ho bontša seo Bibele e reng ’Muso oa Molimo o tla se etsa ho lokisa maemo.
8. Re ka re’ng ho ba nang le maikutlo a fosahetseng ka Bibele ka lebaka la Bokreste-’mōtoana?
8 Haeba motho a e-na le maikutlo a fosahetseng ka Bibele ka lebaka la Bokreste-’mōtoana, mo bolelle hore Bokreste-’mōtoana bo etsellelitse Bibele. Ofisi ea lekala ea India e itse: “Ka linako tse ling re lokela ho thusa batho hore ba bone hore Bibele hase buka ea likereke.” E ile ea tlaleha hore hangata Mahindu a khahloa ke karolo ea 4 ea bukana ea Morero oa Bophelo ke Eng—U ka o Fumana Joang?, e hlalosang kamoo likereke li ’nileng tsa leka ho silafatsa Lentsoe la Molimo kateng. Pula-maliboho e mong oa Brazil o ee a re ho batho: “Na u ka thabela ho ithuta ho eketsehileng ka Bibele? Batho ba bangata ba etsa sena ka boikemisetso ba ho ithuta lintho tse ncha, ba sa susumetsoe ke bolumeli leha e le bofe. U ka ’na hlolloa ke seo u ithutang sona.”
9. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho tela haeba motho a sa thahaselle molaetsa oa Bibele qalong?
9 Jehova o hlahloba pelo ea motho e mong le e mong. (1 Sam. 16:7; Liprov. 21:2) O hulela ba lokileng borapeling ba ’nete. (Joh. 6:44) Bongata ba bona ha boa ka ba rutoa ka Molimo ’me ho ne ho se bonolo hore ba fumane Bibele. Ha re ba pakela ba fumana monyetla oa ho ‘pholoha ’me ba fihle tsebong e nepahetseng ea ’nete.’ (1 Tim. 2:4) Kahoo, haeba ba bang ba sa thahaselle molaetsa oa Bibele qalong, u se ke oa nyahama! Sebelisa e ’ngoe ea likhatiso tseo u nang le tsona ka puo ea heno ho tsosa thahasello. Qetellong u ka ’na ua khona ho ithuta Bibele le motho eo ka buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
[Lebokose le leqepheng la 4]
Haeba mong’a ntlo a re ha a lumele ho Molimo, leka ho sebelisa lintlha tse latelang:
• Ho fumana lebaka, mo botse, “Na haesale u sa lumele ho Molimo?”
• Haeba ke Mobuddha, sebelisa bukana ea Lasting Peace and Happiness—How to Find Them leqepheng la 9-12.
• Haeba a lumela khopolo ea ho iphetola ha lintho, litšupiso tse latelang li ka thusa:
Lihlooho tsa Tsoha! tse reng “Na e Entsoe?”
Video ea The Wonders of Creation Reveal God’s Glory
Bukana ea A Satisfying Life—How to Attain It, karolo ea 4; bukana ea Was Life Created?; le ea The Origin of Life—Five Questions Worth Asking
• Haeba a se a sa lumele ho Molimo ka lebaka la ho hloka toka le mahlomola, litšupiso tse latelang li ka thusa:
Buka ea Is There a Creator Who Cares About You? khaolo ea 10
Bukana ea Na Ruri Molimo oa re Tsotella? karolo ea 6 le bukana ea What Is the Purpose of Life? karolo ea 6
• Hang feela ha u lemoha hore o se a lumela ho Molimo, mo fetisetse bukeng ea Seo Bibele e se Rutang. Ho ka ba molemo hore u qale ka khaolo ea 2 kapa ka sehlooho se seng seo a ka se thahasellang.
[Lebokose le leqepheng la 5]
Haeba mong’a ntlo a sa lumele Bibeleng, leka ho sebelisa lintlha tse latelang:
• Hlahloba khaolo ea 17 le ea 18 bukeng ea Life—How Did It Get Here? By Evolution or by Creation?
• Bakeng sa Mahindu sebelisa bukana ea Why Should We Worship God in Love and Truth?
• Bakeng sa Majuda sebelisa leqephe la 3-11, bukaneng ea Will There Ever Be a World Without War?
• Buisana le eena ka melemo ea ho sebelisa melao-motheo ea Bibele. U ka sebelisa likhatiso tse latelang ho bontša motho melemo ea ho sebelisa Bibele:
Lihlooho tsa Tsoha! tse reng “Se ka Thusang Lelapa”
Video ea The Bible—Its Power in Your Life
Bukana ea Litaba Tse Molemo Tse Tsoang ho Molimo! thuto ea 9 le ea 11; Buka ea Batho Bohle, leqephe la 22-26; le bukana ea A Satisfying Life—How to Attain It, karolo ea 2
Bakeng sa Mabuddha, sebelisa bukana ea The Pathway to Peace and Happiness, leqephe la 3-7.
Bakeng sa Mamosleme, sebelisa bukana ea Real Faith—Your Key to a Happy Life, karolo ea 3.
Haeba u paka sebakeng seo batho ba sa rateng Bibele, ho ka ba molemo hore u se ke ua bolela mohloli oa seo u se rutang ho fihlela u entse maeto a ’maloa a ho boela.
• Hlalosa kamoo boprofeta ba Bibele bo phethahetseng kateng. U ka sebelisa likhatiso tse latelang:
Video ea The Bible—Accurate History, Reliable Prophecy
Bukana ea Buka ea Batho Bohle, leqephe la 27-29
• Fetela bukeng ea Seo Bibele e se Rutang hang ha a botsa hore na Bibele e reng ka lintlha tse itseng.
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
Haeba mong’a ntlo a re: “Ha ke lumele ho Molimo,” u ka ’na ua re:
• “Ke kōpa ho u bolella hore na ke eng e entseng hore ke lumele hore ’Mōpi o teng.” Ebe u tšohla lintlha tse hlahang bukeng ea Ho Bea Mabaka, leqepheng la 84-86, kapa u lokisetse ho mo tlisetsa sengoliloeng seo u thabetseng ho se bala.
• “Empa haeba Molimo o teng, u ne u ka rata hore a be joang?” Batho ba bangata ba araba ka hore ba ka rata Molimo ea lerato, ea nang le toka, ea mohau le ea se nang leeme. Mo bontše ka Bibele hore Molimo o na le litšobotsi tseo. (Mohlomong u ka khona le ho sebelisa khaolo ea 1 ea buka ea Seo Bibele e se Rutang, ho tloha serapeng sa 6.)
Haeba mong’a ntlo a re: “Ha ke lumele Bibele,” u ka ’na ua re:
• “Batho ba bangata ba ikutloa joalo. Ba bang ba na le maikutlo a hore Bibele ha e lumellane le saense kapa melao ea eona e thata. Ak’u mpolelle, na u kile ua bala Bibele? [Emela karabo. Ebe u mo bontša kenyelletso e leqepheng la 3 bukaneng ea Buka ea Batho Bohle, ’me u mo fe bukana eo haeba e teng setokong sa phutheho, kapa u printe boitsebiso boo ho Watchtower Library.] Batho ba bangata ba eisa Bibele hobane litho tsa bolumeli ha li phele ho latela lithuto tsa eona. Nakong e tlang nka rata ho buisana le uena ka mohlala o hlahang leqepheng la 4 le la 5.”
• “Batho ba bangata ba ikutloa joaloka uena. Ke kōpa ho u bontša se nkhahlileng ka Bibele. [Bala Jobo 26:7 kapa Esaia 40:22, e leng mangolo a bontšang hore Bibele e nepile ha e bua ka litaba tsa saense.] Bibele e boetse e thusa malapa. Nka rata ho u bontša mohlala nakong e tlang.”
• “Ke thabela ho utloa maikutlo a hao. Haeba Molimo o ile a ngolla batho buka, u nahana hore e ne e tla bua ka’ng?” Ebe u mo bontša temana e lumellanang le seo a se buileng.