Mokhoa o Mong oa ho Sebelisa Bukana ea Molaetsa oa Bibele
Batho ba bangata masimong a liphutheho tsa habo rōna, haholo-holo ba malumeli ao e seng a Bokreste, ha baa tloaelana le Bibele. Ha bahoeletsi ba bang ba ithuta le batho ba mofuta oo ka buka ea Seo Bibele e se Rutang, ba ile ba boela ba sebelisa bukana ea Molaetsa oa Bibele ho thusa liithuti tseo tsa bona tsa Bibele hore li be le leseli la seo Bibele e buang ka sona. Ka mohlala, mor’abo rōna e mong o kenyelletsa karolo ea 1 ea bukana ena ha a tšohla khaolo ea 3 ea buka ea Seo Bibele e se Rutang. Ebe ka mor’a moo, o tšohla karolo e ’ngoe qetellong ea thuto ka ’ngoe. Na u ithuta le motho ea sa tloaelanang le Bibele kapa ea sa e tsebeng ho hang? E le hore u mo thuse ho ithuta ‘lingoliloeng tse halalelang, tse khonang ho mo hlalefisetsa poloko,’ nahana ka ho tlatselletsa boitsebiso bo bukeng ea Seo Bibele e se Rutang ka bo bukaneng ea Molaetsa oa Bibele.—2 Tim. 3:15.