Lebokose La Lipotso
◼ Na re lokela ho rapela ha re khanna thuto ea Bibele re eme monyako?
Ho qala thuto ea Bibele ka thapelo le ho e koala ka thapelo ho na le melemo e mengata. Ha re rapela, re kōpa Jehova hore a etse hore moea oa hae o halalelang o be teng thutong eo re e khannang. (Luka 11:13) Thapelo e boetse e hlokomelisa seithuti hore ho ithuta ha sona Bibele ke habohlokoa. (Luka 6:40) Kahoo, ho molemo hore re qale thuto ka thapelo kapele kamoo ho ka khonehang. Leha ho le joalo, kaha maemo ha a tšoane, ho hlokahala hore motho ea khannang thuto a be hlokolosi ha a etsa qeto ea hore na o tla rapela ha a khanna thuto ea Bibele a eme monyako.
Ntlha ea bohlokoa eo re lokelang ho e hlokomela ke hore na thuto e tšoareloa sebakeng sefe. Haeba thuto e khanneloa sebakeng se khutsitseng, ka bohlale ho ka etsoa thapelo e khutšoanyane pele thuto e tsitsitseng e qala le ha e fela. Leha ho le joalo, haeba ho etsa joalo ho mema mahlo ho sa hlokahale kapa ho etsa hore seithuti se se ke sa phutholoha, ho ka ba molemo ho leta ho fihlela thuto e ka tšoareloa sebakeng se khutsitseng. Ho sa tsotellehe hore na thuto e tšoareloa hokae, re lokela ho shebisisa maemo e le hore re etse qeto ea hore na re ka rapela neng.—Sheba Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea March 2005 leqepheng la 4.