Lebokose la Lipotso
◼ Ke eng e tla re thusa ho etsa qeto ea hore na re siele motho lingoliloeng kapa che?
Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa eo re e shebang ke thahasello ea motho. Haeba a thahasella e le kannete, re ka mo fa limakasine tse peli, bukana, buka, kapa sengoliloeng se seng seo re se tsamaisang. Re tla mo siela tsona le haeba a tšehetsa mosebetsi oa lefatše lohle ka chelete e nyenyane kapa a sa ntše letho. (Jobo 34:19; Tšen. 22:17) Empa re ke ke ra fa batho lingoliloeng tsa rōna tsa bohlokoa ha ba sa li ananele.—Mat. 7:6.
Re ka bona joang hore mong’a ntlo oa thahasella? Ha a rata ho buisana le rōna. Ha a mamela ka hloko ha re bua, a araba lipotso le ha a ntša maikutlo, o bontša hore o amehile ka taba eo ho buisanoang ka eona. Ha a tsamaisana le rōna ha re bala Bibele, o bontša hore o hlompha Lentsoe la Molimo. Hangata, ho molemo ho mo botsa hore na o tla bala sengoliloeng seo re mo tsamaisetsang sona. Bahoeletsi ba lokela ho ba hlokolosi pele ba etsa qeto ea hore na motho oa thahasella kapa che. Ka mohlala, ha re paka seterateng, ha rea lokela ho fa motho e mong le e mong ea fetang ka tsela limakasine, libuka kapa libukana re sa tsotelle. Ha re sa bone hantle hore na motho oa thahasella kapa che, ho ka ba molemo hore re mo fe pampitšana kapa memo.
Ka tsela e tšoanang, palo ea lingoliloeng tseo mohoeletsi a li nkang phuthehong e lokela ho itšetleha ka hore na o tla tsamaisa tse kae boboleling, eseng ka hore na o ntša chelete e kae ea monehelo. Ha re ntše monehelo ka morero oa ho lefella lingoliloeng empa re o ntša hore re tšehetse likarolo tsohle tsa mosebetsi oa lefatše lohle oa boboleli. Ho sa tsotellehe maemo a rōna a lichelete, kananelo e tla re susumelletsa ho fana ka seatla se bulehileng ho tsoa bohloking ba rōna, eseng ho tsoa botlallong ba rōna, e le hore re tšehetse mosebetsi oa ’Muso. (Mar. 12:41-44; 2 Bakor. 9:7) Hape e tla re susumelletsa hore re nke feela lingoliloeng tseo re li hlokang, kahoo re se ke ra senya menehelo e tšehetsang mosebetsi oa lefatše lohle.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 2]
Bahoeletsi ba lokela ho ba hlokolosi pele ba etsa qeto ea hore na motho oa thahasella kapa che