Sebelisa Lingoliloeng Tsa Rōna Tse Thehiloeng Bibeleng ka Bohlale
1, 2. Batho ba bangata ba ikutloa joang ka lingoliloeng tsa rōna, hona see se hlahisa potso efe?
1 Monna e mong o ile a ngolla ntlo-khōlō ea Lipaki Tsa Jehova a re: “Ke balile lingoliloeng tsa lōna ho tloha ka 1965. Ke sheba mangolo Bibeleng ha ke li bala, ’me ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ka har’a lingoliloeng tsa lōna e lumellana le Bibele. Kamehla ke ’nile ka batla ho tseba seo e hlileng e leng ’nete ka Molimo le Jesu, ’me ka sebele nka re ke fumana likarabo tsa ’nete boitsebisong ba lōna le Bibeleng.” Lengolong lona leo, o ile a kōpa thuto ea Bibele.
2 Joaloka monna eo ea nang le kananelo, batho ba limilione lefatšeng lohle ba ananela libuka tse thusang batho ho ithuta Bibele tse hatisoang ke “lekhoba le tšepahalang le le masene.” (Mat. 24:45) Selemo le selemo, ho hatisoa lingoliloeng tse ngata haholo bakeng sa ho thusa batho ba tšepahalang hore “ba fihle tsebong e nepahetseng ea ’nete.” (1 Tim. 2:4) Re ka sebelisa lingoliloeng tsa rōna tse thehiloeng Bibeleng ka bohlale joang?
3. Re ka qoba tšenyo ea lingoliloeng joang?
3 Qoba Tšenyo: Ha nako e ntse e ea, re ka ba le lingoliloeng tse ngata tseo re ke keng ra li sebelisa. Re ka etsa’ng hore re qobe tšenyo ea lingoliloeng tsa rōna tsa bohlokoa? Ho hlokahala temoho ha re nka lingoliloeng tseo re li sebelisang tšebeletsong. Ho e-na le ho nka lingoliloeng tse ngata tse tsamaisoang, re ka nka kopi e le ’ngoe kapa tse peli ’me ha re se re li tsamaisitse re nke tse ling. Sena se tla etsa hore lingoliloeng li se ke tsa phaellana malapeng a rōna. Ka ho tšoanang, haeba re e-na le limakasine tse ngata tse sa tsamaisoang, ho ka ba molemo hore re fokotse odara ea rōna.
4. Ho ka etsoa’ng haeba phutheho e na le lingoliloeng tse ngata haholo setokong?
4 Lingoliloeng Tse Ngata Haholo Setokong: Haeba lingoliloeng tse itseng tsa phutheho li le ngata haholo, mohokahanyi oa lingoliloeng a ka ’na a rata ho botsa liphutheho tse ling tse haufi hore na li ka sebelisa lingoliloeng tseo tse eketsehileng. Bahoeletsi ba ka fana ka lingoliloeng tsa khale ho litho tsa malapa a bona tse sa lumelang, batho bao li ba khannelang thuto ea Bibele le ba bang. Ba sa tsoa kopanela le phutheho ba ka thabela ho fumana lingoliloeng tsena tsa khale bakeng sa lilaebrari tsa bona.
5. Re ka bontša joang hore re ananela lingoliloeng tsa rōna?
5 Re batla hore lingoliloeng tsa rōna li finyelle morero oa tsona, e leng ho thusa batho ba tšepahalang hore ba ithute ho eketsehileng ka merero ea Jehova e babatsehang. Hantle feela joalokaha Jesu a sa ka a senya lijo tse setseng ka mor’a ho fepa letšoele ka mohlolo, pakane ea rōna e lokela ho ba ho sebelisa lingoliloeng tsa rōna tse thehiloeng Bibeleng hamolemohali. (Joh. 6:11-13) Molaetsa o pholosang bophelo o ka har’a lingoliloeng tsa rōna o ke ke oa susumetsa lipelo tsa batho ba sekametseng ho lokeng haeba li lutse lishelefong tsa rōna kapa mekotlaneng ea rōna. Ka lebaka leo, re lokela ho lekanyetsa lintho hantle ha re nka lingoliloeng bakeng sa tšebeletso ’me re li sebelise hamolemo hore li ruise ba bang molemo.—Bafil. 4:5.