Ho Nehelana ka Litaba Tse Molemo—Ka ho Sebelisa Likhatiso ka Bohlale
1 Lenaneo la letsatsi le khethehileng la kopano la selemo sa tšebeletso sa 1991 le buile ka “Tšebeletso ea Rōna—Hase e Tloaelehileng, Empa ke e Halalelang.” Le hatelletse hore mosebetsi oa rōna oa halalela ’me ha oa lokela ho nkoa habobebe. Kaha ho sebelisa lingoliloeng tse hatisitsoeng ke karolo ea bohlokoa ea tšebeletso ea rōna, le tsona li lokela ho tšoaroa ka tlhompho. E mong le e mong ho rōna a ka bontša tlhompho e tebileng eo re nang le eona ka ho sebelisa likhatiso tsa rōna ka bohlale.
2 Selemong sa tšebeletso sa 1990, Mokhatlo o hlahisitse limakasine tse limillione tse 678 le Libibele tse fetang limillione tse 51 le libuka tse sekoahelo se thata hore li ka sebelisoa tšimong ea lefatše ka bophara. Sena se bolela tšebeliso e khōlō ea matlotlo a nehetsoeng ho kopanyelletsa nako, matla le chelete. Boiteko bo kopaneng ba baithaopi ba bangata bo entse hore ho hlahisoe libuka tsa boleng bo phahameng bakeng sa ho itšebelisetsa tsona le ho li aba tšebeletsong ea tšimo. Ke ka litsela life re ka bontšang kananelo e tebileng ka lingoliloeng tsa rōna ha re ntse re phatlalatsa molaetsa oa ’Muso ho batho ba lipelo li tšepahalang?
3 Thuto ea Botho le ea Lelapa: Ho Ba-Roma 2:21, (BPN) moapostola Pauluse o re: “Uena ea rutang ba bang, na ua ithuta?” Ha re ipha nako ea ho bala, ho ithuta le ho thuisa ka thapelo ka lingoliloeng tsa rōna tse thehiloeng Bibeleng, re bontša kamoo re ananelang litokisetso tsa Jehova tsa lijo tsa moea tse leng nakong tseo a fanang ka tsona ka sehlopha sa mohlanka oa hae. (Luka 12:42) Ebang ke ka thuto ea botho kapa ea lelapa, ho boloka mohato le linnete tse senotsoeng ho re nolofalletsa ho hlaolela tlhompho e tebileng ka sohle seo Jehova a se behileng tlhokomelong ea rōna. Bana le bona ba lokela ho rutoa ho ananela lingoliloeng tsa bona le ho li hlokomela ka nepo, hore ba se li ngole ka ho sa hlokahaleng kapa ho li tabola. Ho phaella moo, lingoliloeng tsa rōna li lokela ho behoa sebakeng se loketseng hore li lule li hloekile hape li le makhethe hore li ka sebelisoa tšimong.
4 Qoba T?enyo: Hore lingoliloeng tsa rōna li be le molemo oa sebele li lokela ho fihla matsohong a batho ba batlang ’nete, ke hore, batho bao ka sebele ba thahasellang molaetsa oa rōna le mosebetsi. (Matt. 10:11) Kahoo re lokela ho qoba ho fana ka lingoliloeng ka ho se sebelise temoho ho ba sa bontšeng kananelo ea sebele molaetseng oa Bibele. Tšenyo e ka boela ea e-ba teng haeba re lumella limakasine, libuka, kapa lingoliloeng tse ling ho phaellana lapeng.
5 Kaha limakasine li behetsoe nako, re na le nako e lekanyelitsoeng ea ho fana ka tsona e le litokollo tse leng nakong. Kahoo ho hlokahala boiteko bo matla ho rōna ho tsoela tšebeletsong le ho etsa hore limakasine tsena li fumanehe ho batho ba thahasellang. Ha re fumana hore limakasine tsa rōna li sa ntse li phaellana, mohlomong ho ka ba molemo ho fetola kemiso ea rōna e le hore re sebetse nako e eketsehileng mosebetsing oa limakasine. Haeba ka ho utloahalang sena se ke ke sa etsoa, re lokela ho fetola odoro ea rōna. Ka ho latela litlhahiso tsena, re iponahatsa re le bahlanka ba tšepahalang ba mosa o sa tšoanelang oa Molimo.—1 Ba-Kor. 4:2; 1 Pet. 4:10, 11; bapisa le Luka 16:1, 10.
6 Jehova o “behile tlhokomelong” ea batho ba hae ba inehetseng boikarabelo bo boima haholo le mosebetsi o akarelletsang “lintho tseo a nang le tsona” tseo “mohlokomeli” oa hae ea tšepahalang a nang le matla ho tsona. (2 Tim. 1:12, NW; Luka 12:42-44, 48b, NW; 1 Tim. 6:20) E se eka ka baka la kananelo e tebileng bakeng sa litokelo tsa rōna tsa tšebeletso ea Molimo, re ka tsoela pele ho sebelisa likhatiso tsa rōna ka bohlale ha re ntse re nehelana ka litaba tse molemo ho ba bang.