Ho Ananela Lingoliloeng
1 “Ho etsoa ha libuka tse ngata ha ho na bofelo.” (Moek. 12:12) Libuka tse ngata hase tsa bohlokoa bo lekanang le ba pampiri eo li hatisitsoeng ho eona. Leha ho le joalo, lingoliloeng tse hatisoang ke Lipaki tsa Jehova ha li joalo. Ke tsa bohlokoa hobane li na le lijo tsa moea tse pholosang bophelo. Li thusa batho ba thahasellang ho tseba Jehova, ’me li matlafatsa tumelo ea bao e seng e ntse e le bahlanka ba Jehova ba inehetseng.
2 Re batla ho abela ba bang lingoliloeng tsa rōna kaha rea tseba hore ba ka rua molemo ho tsona. Le hoja li ajoa ntle ho tefo, ho ba le litšenyehelo tse itseng ha li hatisoa le ha li ajoa. Ka lebaka leo, ha re batle ho fana ka lingoliloeng tsena re sa khethe. Haeba re sa tiisehe hore na mong’a ntlo oa thahasella, ka tloaelo re tla mo siela makasine ea Molula-Qhooa le Tsoha! kapa mohlomong pampitšana feela. Re lokela ho khutlela ho e mong le e mong ea amohelang lingoliloeng tsa rōna, ’me haeba a bontša thahasello ka nako eo, re ka ’na ra mo siela sengoliloeng se seng.
3 Ba bang ba leqe ho bolella mong’a ntlo hore mosebetsi ona o ntšetsoa pele ka menehelo ea boithatelo, empa maemong a mangata ho molemo ho etsa joalo. Sena se etsa hore ho hlake ho mong’a ntlo hore mosebetsi oa rōna hase oa khoebo. Se totobatsa hore pakane ea rōna ke ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso le ho etsa barutuoa. Se re thusa ho lemoha ba thahasellang e le kannete. Hangata batho ba na le chelete ea ho reka lintho tse kang koae le lingoliloeng tsa lefatše. Haeba ba thahasella e le kannete seo u ba bolellang sona, ba tla bona hore hoa utloahala hore Bokreste ba ’nete bo tšehetsoe ka menehelo. Ka ho hlalosa hore na mosebetsi o tšehetsoa joang, re bontša hore re ananela lingoliloeng tsena. Re bontša hore rea elelloa hore ho ba le litšenyehelo tse itseng ha li hatisoa.
4 Ha taba ea menehelo e behoa ka tsela e loketseng, beng ba matlo ba bangata ba thabela ho tšehetsa mosebetsi oa rōna o bohlokoahali. Ho ka ’na ha e-ba le linako tseo ka tsona u ikutloang hore ha ua lokela ho bua ka tokisetso ea monehelo, empa ka kakaretso ho molemo ho bua ka eona leetong la pele ha mong’a ntlo a thahasella ho bala lingoliloeng tseo re li abang.