Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 7/99 leq. 4
  • A re ‘Keneng Tabeng!’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • A re ‘Keneng Tabeng!’
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1999
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Kopanela ka Katleho Tšebeletsong ea Rōna e Bolokang Bophelo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Thusa ba Bang ho Ithuta ka Mor’a Molimo, Jesu Kreste
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Tsela ea ho Lokisetsa Nehelano ea Limakasine
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
  • Bonahatsa Mekhoa e Metle ha u le Tšimong
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1999
km 7/99 leq. 4

A re ‘Keneng Tabeng!’

1 Na ho se ho kile ha etsahala hore ha u bua le mong’a ntlo ka nehelano eo u e lokiselitseng ka hloko, a u kene hanong ka mantsoe aa: “U batla eng? Kena tabeng!” Re ka ithuta eng phihlelong e joalo?

2 Kajeno batho ba bangata ba hloka mamello. Ba batla ho tseba hore na re bo-mang le hore na ke hobane’ng ha re le moo. Ha ba fumana hore morero oa rōna oa ho ba etela ke ho tla buisana le bona ka Bibele, ba ka ’na ba hana ho mamela. Ho bala Bibele le ho qoqa ka lintho tsa moea hase lintho tsa bohlokoa bophelong ba batho ba bangata. Beng ba matlo ba joalo re ka ba kholisa joang hore ba lokela ho ba le metsotso e seng mekae ea ho bua ka taba e tsoang Bibeleng le rōna?

3 Se Sebetsang Hamolemohali: Ntho e ka sehloohong ke ho bontša mong’a ntlo hore Bibele e fana ka tharollo e sebetsang bakeng sa mathata a mo amang le ho etsa joalo ka mantsoe a fokolang ka hohle kamoo ho ka khonehang. Linehelano tse atlehang ka ho fetisisa li hlahisa potso e tobileng e reretsoeng ho etsa hore mong’a ntlo a nahane, ho latele lengolo le arabelang potso eo. U ka ’na ua thabela ho leka tse ling tsa litlhahiso tse latelang. Li reretsoe ho re thusa ho “kena tabeng” ka potlako ha ka nako e tšoanang li tsosa thahasello ea mong’a ntlo.

4 Tšimong eo hangata batho ba reng ha ba thahaselle, botsa potso e ba amang ka ho toba:

◼ “Ha re atamela lilemo tse sekete tse latelang, na u ikutloa u e-na le tšepo kapa u belaela? [Emela karabelo.] Bibele e ile ea bolela esale pele ka liketsahalo tse tšoenyang maikutlo tseo re li bonang kajeno hammoho le phello ea tsona.” Bala 2 Timothea 3:1, 2, 5 le Liproverbia 2:21, 22.

◼ “Naheng ena batho ba bangata ba amehile ka tlhokomelo ea bophelo. Na u ne u tseba hore Molimo o tšepisa hore o tla rarolla mathata ’ohle a bophelo ka ho sa feleng?” Bala Tšenolo 21:3, 4.

◼ “U nahana hore motse oa rōna o ne o tla rua molemo joang haeba e mong le e mong ea phelang moo a ne a sebelisa melao-motheo ea Bibele?” Bala Matheu 22:37-39.

5 Kaha thōmo ea rōna ke ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso, neng le neng ha ho khoneha re lokela ho lebisa tlhokomelo ho seo ’Muso o tlang ho se finyella. U ka ’na ua re:

◼ “Na u ne u tseba hore buka ea khale ka ho fetisisa lefatšeng, Bibele, e ile ea bolela esale pele hore ho tla ba le ’muso o le mong bakeng sa lefatše lohle?” Bala Daniele 2:44.

◼ “U nahana hore maemo a ne a tla be a le joang hoja Jesu Kreste a ne a busa lefatše?” Bala Pesaleme ea 72:7, 8.

6 Tikolohong eo batho e leng balumeli, u ka ’na ua leka e ’ngoe ea likenyelletso tsena:

◼ “Batho ba bangata baa khetholloa ka lebaka la bong ba bona, bolumeli, kapa ’mala oa letlalo la bona. U nahana hore Molimo o ikutloa joang ka leeme le joalo?” Bala Liketso 10:34, 35.

◼ “Rea tseba hore Jesu Kreste o ile a etsa mehlolo e mengata mehleng ea hae. Haeba u ne u ka mo kōpa hore a etse mohlolo o le mong, e ne e tla ba ofe?” Bala Pesaleme ea 72:12-14, 16.

7 Haeba mong’a ntlo a le leqe ho bula monyako, u ka ’na ua qala moqoqo ka ho re:

◼ “Kajeno batho ba bangata ba khathetse ke ho utloa ho buuoa ka mathata. Ba batla ho utloa tharollo. Ha ho pelaelo hore hoo ke ’nete ka uena. Empa re ka fumana tharollo ea sebele hokae mathateng a rōna?” Emela karabelo. Bala 2 Timothea 3:16, 17.

8 Ke Hobane’ng ha U sa e Leke? Hangata potso e bonolo, e tobileng ke sohle se hlokahalang ho tsosa thahasello ea mong’a ntlo. Mosali e mong ea neng a hanyetsa pele o ile a memela baralib’abo rōna ka tlung ha hae ka mor’a hore e mong oa bona a botse potso ena: “Na u ka khona ho tseba ’Muso oo u o rapellang Thapelong ea Morena?” Mosali eo o ile a qakoa ke potso eo, eaba o amohela thuto ea Bibele. Hona joale ke mohlanka ea inehetseng oa Jehova!

9 Ha u bua le mong’a ntlo, mokhoa oo u bonahalang ka oona ho eena e be oa sebele. Bua se tsoang pelong. Batho ba batla ba arabela hamolemo ha ba kholisehile hore e hlile rea ba thahasella.—Lik. 2:46, 47.

10 Mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo ke phephetso kajeno. Beng ba matlo ba bang ba belaella batho bao ba sa ba tsebeng. Ba bang ba phathahane bophelong ’me ba na le nako e nyenyane eo ba ka u fang eona. Leha ho le joalo, re ka kholiseha hore ho ntse ho e-na le ba bangata ba tšoanelehang ba lokelang ho fumanoa. (Mat. 10:11) Boiteko ba rōna ba ho ba batla bo ka atleha haholoanyane haeba kamehla re etsa hore linehelano tsa rōna li be khutšoanyane ’me re “kena tabeng!”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela