Kamoo re ka Qalang Lithuto Tsa Bibele Moo re Siileng Limakasine
1. Pakane ea rōna ke efe ha re fa batho limakasine?
1 Ho tloaelehile hore ha re le tšimong ka Moqebelo re fe batho limakasine tsa Molula-Qhooa le tsa Tsoha! Leha ho le joalo, bona e mpa e le bohato ba pele ba ho finyella pakane ea rōna ea ho ruta batho ba tšepahalang ’nete. Ka tlaase mona ho thathamisitsoe litlhahiso tsa hore na buka ea Seo Bibele e se Rutang e ka tsamaisoa joang leetong la ho boela e le hore ho qaloe thuto ea Bibele. Linehelano tsena li ka fetoloa ho latela tšimo ea lōna, ’me motho ka mong a ka bua ka mantsoe a hae. U ka sebelisa nehelano e ’ngoe haeba u atleha ha u e sebelisa.
2. Re ka qala thuto ea Bibele joang ka maqephe a qalang a buka ea Seo Bibele e se Rutang?
2 Sebelisa Maqephe a Qalang a Buka: Ha u boela u ka ’na ua re: “Limakasine tseo ke u sietseng tsona li bua ka Bibele. Hlokomela hore na ke hobane’ng ha ho bala Bibele e le ntho ea bohlokoa hakana.” Bala Esaia 48:17, 18; Johanne 17:3; kapa lengolo le leng le loketseng. Ka mor’a ho bontša mong’a ntlo buka ea Seo Bibele e se Rutang le ho mo fa e ’ngoe, u ka ’na ua re:
◼ “Bibele e re fa tšepo ea sebele ea bokamoso.” Bontša mong’a ntlo leqephe la 4-5 ebe ua botsa, “Litšepisong tsee, ke efe eo u ka ratang ho e bona e phethahala?” Mo bontše khaolo e buang ka tšepiso ea Mangolo eo a e khethileng, ebe ka bokhutšoanyane u tšohla serapa se le seng kapa tse peli haeba a u lumella.
◼ Kapa u ka ’na ua re, “Bibele e araba lipotso tsa bohlokoa ka ho fetisisa tse amanang le bophelo.” Mo bontše leqephe la 6, ebe u mo botsa hore na o kile a ipotsa tse ling tsa lipotso tse botlaaseng ba leqephe leo. Phetlang khaolo e arabang potso eo, ebe ka bokhutšoanyane u tšohla serapa se le seng kapa tse peli.
◼ Kapa u ka mo bontša lihlooho tse ling leqepheng la tse ka hare ebe u mo botsa hore na o khahloa ke sehlooho sefe. Phetlang khaolo e buang ka sehlooho seo, ebe ka bokhutšoanyane u mo bontša hore na thuto ea Bibele e khannoa joang.
3. Re ka qala thuto ea Bibele joang ka mor’a ho fana ka limakasine tse buang ka (a) maemo a lefatše a ntseng a mpefala? (b) lelapa? (c) ho tšepahala ha Bibele?
3 Mo Siee le Potso Leetong la Pele: Mokhoa o mong ke oa ho rala motheo oa seo le tla buisana ka sona leetong la ho boela. Ka mor’a hore mong’a ntlo a amohele limakasine, botsa potso, ebe u mo tšepisa hore u tla araba potso eo ha u khutla. Leka ho etsa litokisetso tse tiileng tsa ho khutla, ’me u khutle e le kannete. (Mat. 5:37) Ha u boela, hopotsa mong’a ntlo potso eo u ileng ua e botsa, ebe ka bokhutšoanyane u bala karabo bukeng ea Seo Bibele e se Rutang ’me le e tšohle. Mo fe buka e le hore a bone seo u se balang. Mehlala e seng mekae ke ena:
◼ Haeba makasine eo u faneng ka eona e bua ka maemo a lefatše a ntseng a mpefala, u ka ’na ua re, “Nakong e tlang re tla tšohla karabo ea Bibele ea potso ena, Ebe Molimo o tla etsa liphetoho life lefatšeng?” Ha u boela, bontša mong’a ntlo leqephe la 4-5. Kapa u ka ’na ua botsa potso ena, “Na ke thato ea Molimo hore ho be le likoluoa?” Ha u boela, bontša mong’a ntlo serapa sa 7-8 khaolong ea 1.
◼ Haeba makasine eo u faneng ka eona e bua ka lelapa, u ka ’na ua botsa potso ena pele u tsamaea, “Setho ka seng sa lelapa se ka etsa’ng e le hore ho be le thabo ka lapeng?” Ha u boela, tšohla serapa sa 4 khaolong ea 14.
◼ Haeba makasine eo u faneng ka eona e bua ka ho tšepahala ha Bibele, u ka ’na ua botsa potso ena bakeng sa puisano ea lōna ea nakong e tlang, “Na litabeng tsa saense Bibele e bua lintho tse nepahetseng?” Ha u boela, tšohla serapa sa 8 khaolong ea 2.
4. Re lokela ho etsa’ng haeba mong’a ntlo a sa amohele buka ea Seo Bibele e se Rutang?
4 Qetellong ea puisano ka ’ngoe, botsa potso e ’ngoe e tla arajoa ha u khutla. Ha thuto eo e se e khannoa kamehla, balang likhaolo tsa buka ka tatellano. Ho thoe’ng haeba mong’a ntlo a sa amohele buka ea Seo Bibele e se Rutang? U ntse u ka tsoela pele ho mo isetsa limakasine le ho buisana le eena ka Bibele. Ha u ntse u tsosa thahasello ea hae, mohlomong qetellong a ka lumela ho ithuta Bibele.
5. Ke hobane’ng ha re lokela ho leka ho etsa hore re se ke ra siela batho limakasine feela?
5 Mohlomong Molula-Qhooa le Tsoha! li ka khothalletsa motho ho ithuta hore na ha e le hantle ke eng seo Bibele e se rutang. Kahoo, etsa boiteko bo khethehileng ba ho qalisa lithuto tsa Bibele le batho ba amohelang limakasine. Ka tsela ena, re tla mamela litaelo tsa Jesu tsa hore ‘re etse barutuoa, re ba rute.’—Mat. 28:19, 20.