Ho Ntlafatsa Tsebo ea Rōna Boboleling—Ha re Tsamaisa Buka ea Seo Bibele e se Rutang
Ke Hobane’ng ha e le Habohlokoa: Buka ea Seo Bibele e se Rutang ke e ka sehloohong eo re e sebelisang ho ruta batho Bibele. Leha ho le joalo, pele re ithuta buka ena le motho, re lokela ho mo tsamaisetsa eona. Ka lebaka leo, kaofela ha rōna re lokela ho ithuta ho tsamaisa buka ea Seo Bibele e se Rutang tšebeletsong ea tšimo. (Liprov. 22:29) Re ka etsa seo ka litsela tse ngata ’me bahoeletsi ba lokela ho sebelisa mokhoa oo ba bonang o atleha.
Leka Sena Khoeling Ena:
Etsang pontšo ea ho tsamaisa buka ena nakong ea borapeli ba lelapa.
Ha u le tšebeletsong ea tšimo, bolella bahoeletsi ba bang hore u lokiselitse ho tsamaisa buka ena joang. (Liprov. 27:17) Fetola kenyelletso ea hao haeba e sa atlehe.