Ho Ntlafatsa Tsebo ea Rōna Boboleling—Ka ho Bontša Mong’a Ntlo Hore na Thuto ea Bibele e Tšoaroa Joang ka Buka ea Seo Bibele e se Rutang
Ke Hobane’ng ha e le Habohlokoa?: Batho ba bangata ba ka ’na ba se ke ba utloisisa ha re ba bolella hore re ithuta Bibele le batho malapeng a bona mahala. Ba ka ’na ba nahana hore ba lokela ho ithuta e le sehlopha kapa ka ho ingolisa lenaneong le itseng la thuto ka ngollano. Ho e-na le hore feela u kōpe ho ithuta le motho, e ka ba hantle hore u mo bontše hore na thuto e tšoaroa joang. Ka metsotso e seng mekae, mohlomong u ntse u le monyako, u ka bontša motho hore ho ithuta Bibele ke ntho e bonolo ebile ho ka mo tsoela molemo.
Leka Sena Khoeling Ena:
Rapella hore Jehova a hlohonolofatse boiteko ba hao ba ho qala thuto ea Bibele e ncha.—Bafil. 2:13.
Leka ho bontša hore na thuto ea Bibele e tšoaroa joang ka buka ea Seo Bibele e se Rutang, kapa bonyane ka lekhetlo le le leng ha u le tšimong u bontše mong’a ntlo video ea sehlooho se reng, Ho Etsahala’ng Thutong ea Bibele?