Na Leetong la Pele U Kile Ua Bontša Tsela ea ho Khanna Thuto?
Ha re kōpa ho ithuta Bibele le beng ba matlo, ba bang baa hana kapa ba re ba ithuta Bibele kerekeng. Kaha ba nahana hore thuto ea rōna ea Bibele e tšoana le eo ba e fumanang likerekeng tsa bona, ha ba tsebe kamoo e ka ba fahlollang kateng le kamoo e leng monate kateng. Kahoo, ho e-na le hore feela u kōpe ho ithuta le bona, ho ka ba joang ha u ka sebelisa metsotso e seng mekae leetong la pele ho ba bontša hore na thuto ea Bibele e khannoa joang? Ka mantsoe a mang, u se ke ua ba bolella feela hore u tseba ho pheha, ebe u ba tšepisa hore u tla ba tlisetsa lijo; ba ngoathele hang-hang hore ba li latsoe! U ka etsa seo ka metsotso e seng mekae ka ho theha taba ea hao tlhahisong ena e Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso ea March 2006 leqepheng la 5:
“Na u bona eka ho na le mohla mantsoe aa a tla phethahala? [Bala Esaia 33:24, ebe u emela karabo.] E-re ke u bontše ntho e thahasellisang tabeng ena.” Neha mong’a ntlo buka ea Seo Bibele e se Rutang, ’me u mo bontše serapa sa 22 leqepheng la 36. Bala potso e botlaaseng ba leqephe, ebe u mo kōpa hore a batle karabo ha u ntse u bala serapa. Botsa potso hape ’me u mo mamele ha a araba. Balang mangolo a mang. Botsa potso e tla arabeloa nakong e tlang, ’me u etse litokisetso tse tobileng tsa ho khutla. U se u qalile thuto ea Bibele!