Tsela ea ho Koetlisa ba sa Tsoa Qala ho Bolela
1. Ho ne ho le joang ha u qala ho ea tšebeletsong?
1 Na u sa hopola mohla u qalang ho ea tšebeletsong ea ntlo le ntlo? Ho ka etsahala hore u ne u tšohile haholo. Haeba u ne u sebetsa tšimo le motho ea u rutang Bibele kapa mohoeletsi e mong, ha ho pelaelo hore u ile ua ananela thuso ea hae. Joale u se u le mosebeletsi eo e leng khale a li bona, ’me u ka koetlisa ba bacha ho bolela litaba tse molemo.
2. Bahoeletsi ba sa tsoa qala ho ea tšimong ba lokela ho ithuta lintho life?
2 Bahoeletsi ba sa tsoa qala ho ea tšimong ba lokela ho ithuta ho buisana le beng ba matlo, ho bala Bibele monyako, ho etsa maeto a ho boela le ho qala lithuto tsa Bibele le ho li khanna. Ba boetse ba lokela ho ithuta ho bolela litaba tse molemo ka litsela tse sa tšoaneng, tse kang ho paka seterateng le libakeng tsa khoebo. U ka ba thusa hore ba ntlafatse lintlheng tsena ka ho ba behela mohlala le ka ho ba eletsa.
3. Mohlala oa rōna o ka thusa ba bang joang?
3 Ba Rute ka Mohlala: Jesu o ile a bontša barutuoa ba hae hore na ba bolele litaba tse molemo joang. (Luka 8:1; 1 Pet. 2:21) Ha u tseba hore u tla sebetsa le mohoeletsi ea sa tsoa qala ho ea tšimong, lokisetsa ho bua ka tsela e bonolo e le hore a ka khona ho u etsisa, mohlomong u sebelisa e ’ngoe ea litlhahiso tse ka har’a lingoliloeng tsa rōna. Ebe u ithaopela ho bua ntlong ea pele kapa le eona ea bobeli e le hore a utloe hore na u li beha joang. Ha le fetela ntlong e latelang, u ka ’na ua mo botsa hore na o bone eka tsela eo u buang ka eona ea atleha. Seo se tla mo thusa hore a bone hore ke habohlokoa ho sebetsa le batho ba bang tšebeletsong ’me se mo nolofaletse ho amohela likeletso leha e le life tseo u mo fang tsona ha a qeta ho bua le beng ba matlo.
4. Re ka thusa mohoeletsi ea sa tsoa qala ho ea tšimong joang ha a qeta ho bua le mong’a ntlo?
4 Mo fe Likeletso: Jesu o ile a boela a fa balateli ba hae litaelo tsa hore na ba bolele litaba tse molemo joang. (Mat. 10:5-14) U ka etsa se tšoanang ha u thusa mohoeletsi ea sa tsoa qala ho ea tšimong. Ha e le nako ea hore a bue, mamela ka hloko. ’Me ha le tsoa ntlong eo, u hle u mo babatse lintlheng tse itseng tse tobileng ebile e le ho tloha pelong, esita le haeba u hlokometse hore o lokela ho ntlafatsa mona le mane. Pele u mo fa keletso, u ka ’na ua emela ho bona hore na o tla ntlafatsa ntlong e latelang. Mohlomong o ne a mpa a tšohile. Hape, hopola hore bahoeletsi ba na le makhabane a sa tšoaneng, ebile hangata ntho e le ’ngoe e ka etsoa ka mekhoa e mengata e nepahetseng.—1 Bakor. 12:4-7.
5. Re ka re’ng ha re ithaopela ho fana ka likeletso?
5 Ka linako tse ling mohoeletsi ea sa tsoa qala ho ea tšimong o tla kōpa hore u mo fe malebela. Empa haeba a sa a kōpe, ithaopele ho mo thusa. U ka etsa see joang ka tsela e ke keng ea mo khopisa? Bahoeletsi ba bang bao e leng khale ba li bona ba ee ba re, “Ke kōpa ho u fa keletso” kapa ba re, “U utloa eka ho tsamaile joang?” Kapa u ka re, “Ha ke qala ho ea tšimong, ke ne ke sitoa ho . . . , empa ka thusoa ke sena. . . . ” Ka linako tse ling ho ka ba molemo hore le hlahlobe buka ea Ho Bea Mabaka. E le hore u se ke ua mo imetsa, mo eletse ntlheng e le ’ngoe feela e amanang le tsela eo a neng a bua ka eona.
6. ‘Tšepe e leotsoa ka tšepe’ joang tšebeletsong?
6 Tšepe e Leotsoa ka Tšepe: Le hoja Timothea e ne e le moevangeli eo e leng khale a li bona, Pauluse o ile a mo khothalletsa hore a ’ne a ikitlaetse ho ruteng ’me a tsoele pele. (1 Tim. 4:13, 15) Le hoja e ka ’na eaba ho se ho fetile lilemo tse ngata ho tloha ha u qala ho ea tšebeletsong ea tšimo, le ka mohla u se ke ua khaotsa ho leka ho ntlafatsa tsebo ea hao. Ithute ho bahoeletsi bao u sebetsang tšimo le bona esita le bao e seng khale hakaalo ba etsa tšebeletso ena, ’me u itokisetse ho thusa ba bang ka mosa, haholo-holo ba sa tsoa qala ho ea tšebeletsong ea tšimo, hore e be basebeletsi ba litaba tse molemo ba nang le tsebo.—Liprov. 27:17.