Ho Ntlafatsa Tsebo ea Rōna Boboleling—Ka ho Koetlisa Bahoeletsi ba Bacha
Ke Hobane’ng ha ho le Bohlokoa: Barutuoa ba bacha ba Jesu ba lokela ho ithuta ho boloka “lintho tsohle” tseo a li laetseng, tse akarelletsang ho ruta batho ba bang ’nete. (Mat. 28:19, 20) Batho ba bangata ba bacha ka phuthehong ba se ba tšoaneleha hore ba ka ngolisa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo ’me ho ka etsahala hore ebe ba se ba paketse beng ka bona kapa metsoalle. Leha ho le joalo, ha ba ntse ba ananela seo ba ithutang sona ’me ba tseba hore Jehova o batla hore batho bohle ba utloe litaba tse molemo, ba ka ’na ba bolela hore ba lakatsa ho kopanela tšebeletsong ea tšimo. (Bar. 10:13, 14) Ka mor’a ho phatlalatsa hore motho e mocha ka phuthehong ke mohoeletsi ea sa kolobetsoang, o tla phutholoha haholo haeba a fumana koetliso e ntle ka mor’a hore a nke bohato bona ba bohlokoa bo mo ntšetsang pele moeeng.—Luka 6:40.
Leka Sena Khoeling Ena:
Sebetsa le motho eo u ithutang le eena ka ntlo le ntlo ’me u ee le eena leetong la ho boela kapa thutong ea Bibele. Haeba u se na motho eo u ithutang le eena, kōpa mohoeletsi ea se nang boiphihlelo hore a sebetse le uena.